Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w01 7/15 leq. 3
  • Na ho na le Bophelo ka Mor’a Lefu?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na ho na le Bophelo ka Mor’a Lefu?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na ho na le Bophelo ka Mor’a Lefu?
    Ho Etsahala’ng ka Rōna ha re E-shoa?
  • Bophelo ka Mor’a Lefu—Lipotso Tse E-s’o Arabeloe
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Bophelo ka Mor’a Lefu—Batho ba Lumela Eng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Na U na le Moea o sa Shoeng?
    Na U na le Moea o sa Shoeng?
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
w01 7/15 leq. 3

Na ho na le Bophelo ka Mor’a Lefu?

LILEMONG tse ka bang 3 500 tse fetileng mopatriareka Jobo o ile a botsa: “Haeba monna ea shahlileng a shoa na a ka phela hape?” (Jobo 14:14) Potso ena e tsielitse batho ka lilemo tse likete. Ho theosa le lilemo, batho lichabeng tsohle ba ’nile ba nahanisisa ka taba ena ’me ba qapa likhopolo-taba tse sa tšoaneng.

Batho ba bangata ba ipolelang hore ke Bakreste ba lumela hore ho na le leholimo le lihele. Ka lehlakoreng le leng, Mahindu a lumela thuto ea ho tsoaloa hangata. Ha a bua ka pono ea Mamosleme, Emir Muawiyah, eo e leng motlatsi setsing sa bolumeli ba Boislamo, o re: “Rea lumela hore ho tla ba le letsatsi la kahlolo ka mor’a lefu, ha u hlaha ka pel’a Molimo, Allah, e leng ho tla tšoana feela le ho kena ka lekhotleng.” Ho latela tumelo ea Boislamo, ka mor’a moo Allah o tla sekaseka tsela ea motho ka mong ea bophelo ebe o mo fetisetsa paradeiseng kapa mollong oa lihele.

Sri Lanka, Mabuddha le Mak’hatholike a siea mamati le lifensetere li butsoe ha ho hlaha lefu malapeng a ’ona. Ho bonesoa lebone la parafine, ’me lekese le behoa ka tsela eo maoto a mofu a tla sheba monyako. Ba lumela hore mehato ena e nolofalletsa moea oa mofu hore o tsoe ka tlung.

Ho latela Ronald M. Berndt oa Univesithi ea Australia Bophirimela, Maaborigine a Australia a lumela hore “batho ba na le meea e ke keng ea timela.” Merabe e meng ea Afrika e lumela hore ka mor’a lefu batho ba tloaelehileng ba fetoha lithotsela, empa batho ba phahameng ba fetoha meea ea balimo e tlang ho hlomphuoa le ho kōptjoa lintho e le baeta-pele ba sa bonahaleng ba motse.

Linaheng tse ling, litumelo tse mabapi le boemo ba bafu ke motsoako oa meetlo ea sebaka ka seng le seo ho thoeng ke Bokreste. Ka mohlala, har’a Mak’hatholike a mangata le Maprostanta Afrika Bophirimela, ho tloaelehile hore ho koaheloe liipone ha motho a e-shoa e le hore ho se ke ha e-ba le ea li shebang eaba o bona moea oa mofu.

Ka sebele likarabo tseo batho ba fanang ka tsona potsong e reng, ‘Ho etsahala’ng ka rōna ha re e-shoa?’ ha li tšoane. Leha ho le joalo, likarabo tsena tse sa tšoaneng li na le khopolo e le ’ngoe ea hore: Ntho e ’ngoe e ka hare ho motho ha e shoe ’me e tsoela pele ho phela ka mor’a lefu. Batho ba bang ba lumela hore “ntho” eo ke moea. Ka mohlala, likarolong tsa Afrika le Asia le ho pholletsa le libaka tsa Pacific tsa Polynesia, Melanesia le Micronesia, ba bangata ba lumela hore moea (spirit)—eseng moea (soul)—ha o shoe. Ha e le hantle, lipuo tse ling ebile ha li na lentsoe “moea [soul].”

Na motho ea phelang o na le moea? Na ka sebele moea oo o tloha ’meleng ha motho a e-shoa? Haeba ho joalo, ho etsahala’ng ka oona? Hona ho na le tšepo efe ka bafu? Ha rea lokela ho iphapanyetsa lipotso tsena. Ho sa tsotellehe meetlo ea heno kapa bolumeli ba hao, lefu ke taba eo re ke keng ra iphapanyetsa eona. Kahoo, litaba tsena li u ama ka botebo. Re u khothalletsa hore u hlahlobe taba ena.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela