Bophelo ka Mor’a Lefu—Lipotso Tse E-s’o Arabeloe
“HAEBA motho ea phelang hantle ’meleng a e-shoa na a ka phela hape?” (Jobo 14:14, NW) Potso ena, e ileng ea botsoa ke mopatriareka Jobo lilemong tse makholo tse fetileng, ke potso eo sechabeng se seng le se seng batho ba ’nileng ba nahanisisa ka eona ho theosa le lilemo, ’me ho ’nile ha hlahisoa likarabo tse ngata haholo.
Bagerike ba boholo-holo ba ne ba bolela hore liphefumolohi tsa bafu li tsoela pele ho phela. Liphefumolohi tsena li ne li tšelisoa nōka ea Styx ho leba sebakeng se seholo se ka tlas’a lefatše se bitsoang lefatše la bafu. Moo baahloli ba ne ba ahlolela liphefumolohi tsena ho hlokofatsoa teronkong e nang le marako a phahameng kapa ho ea nyakallong mabaleng a Elysium. Batho ba bang ba boholo-holo ba ne ba nahana hore liphefumolohi li fetoha linaleli kapa mechochonono. Ba bang hape ba ne ba lumela hore liphefumolohi tseo li ne li hlahisa khanya ’me li ne li nkeloa khoeling; khoeli e ’ngoe le e ’ngoe ha khoeli e tōlōka, li ne li fetisetsoa letsatsing.
Kajeno, likhopolo tse amanang le bophelo ka mor’a lefu li tsoela pele ho eketseha. Mahindu le Mabuddha a lumela thuto ea ho tsoaloa hangata. Mamosleme a ruta hore sephefumolohi se tsoela pele ho phela ka mor’a lefu la ’mele ’me kahlolong ea ho qetela se tla ea paradeiseng kapa liheleng. Maprostanta a mangata a rutoa hore liphefumolohi li tsoela pele ho phela ka mor’a lefu le ho thabela bophelo ba nyakallo leholimong kapa ho hlokofatsoa malakabeng a mollo oa lihele. K’hatholike e phaella tlaleho ena ka Limbo le pelekatori.
Linaheng tse ling, litumelo tse amanang le seo ho nahanoang hore ke liphefumolohi tsa bafu ke motsoako o makatsang oa moetlo oa sebaka le ho bitsoang Bokreste. Ka mohlala, ho tloaelehile har’a Mak’hatholike le Maprostanta a mangata a Afrika Bophirimela ho koahela liipone ha e mong a e-shoa e le hore ho se be le ea ka li talimang ’me a bona moea oa motho ea shoeleng. Matsatsi a mashome a mane ka mor’a lefu la moratuoa, lelapa le metsoalle ba etsa mokete oa ho ketekela ho nyolohela ha sephefumolohi leholimong. Ka mor’a moo, hangata ka Keresemese kapa ka Letsatsi la Selemo se Secha, beng ka mofu ba etela setša sa mabitla ’me ba tšela seno se tahang holim’a lebitla. Ba ka ba ba bua le mofu, ba kōpa lithuso le ho pheta litaba tsa lelapa.
Ka ho totobetseng, ho na le tumellano e fokolang har’a malumeli a lefatše mabapi le hore na ha e le hantle ho etsahala’ng ka mor’a lefu. Empa, ho na le hoo e batlang e le ho lumellana ho akaretsang holim’a khang e le ’ngoe ea motheo: hore sephefumolohi sa motho ha se shoe. Lithuto tse ngata tse amanang le bophelo ka mor’a lefu e mpa e le ho fapa-fapana ha taba ena ea motheo feela.
Leha ho le joalo, lipotso tse ’maloa tse tšoenyang lia itlhahisa: Ha e le hantle khopolo ea hore sephefumolohi ha se shoe e tsoa kae? Na e-ea rutoa ka Mangolong? Haeba ho joalo, ke hobane’ng haesita le litumelo tseo e seng tsa Bokreste li e ruta? Tsena ke lipotso tse sa lokelang ho hlokomolohuoa. Ho sa tsotellehe bolumeli ba hao, lefu ke ’nete eo ho lokelang ho talimanoa le eona. Kahoo likhang tsena li u ama ka tsela e tebileng ka bouena. Ka baka leo re u memela ho hlahloba litaba tsena ka kelello e bulehileng.