Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 12/15 maq. 12-13
  • Moea

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Moea
  • Tsoha!—2015
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na moea ha o shoe?
  • Na moea le ’mele ke lintho tse peli tse fapaneng?
  • Ho etsahala’ng ka moea ha motho a shoa?
  • Na U na le Moea o sa Shoeng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Moea ho Latela Bibele
    Ho Etsahala’ng ka Rōna ha re E-shoa?
  • Moea ke Eng?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Na Sephefumolohi se Tsoela Pele ho Phela ka Mor’a Lefu?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
Bala Tse Ling
Tsoha!—2015
g 12/15 maq. 12-13

PONO EA BIBELE

Moea

Malumeli a mangata a fana ka likarabo tse hanyetsanang mabapi le hore na ho etsahala’ng ka moea ha re shoa. Leha ho le joalo, Bibele e fana ka tlhaloso e hlakileng.

Na moea ha o shoe?

SEO BATHO BA SE BUANG

Batho ba bangata ba nahana hore moea ha o shoe. Ba bang ba lumela hore ka mor’a hore motho a shoe, moea oa hae o hlaha e se e le motho e mong sebakeng se itseng. Ha ba bang bona ba lumela hore moea o ea liheleng kapa leholimong.

SEO BIBELE E SE BUANG

Bibele e re moea oa shoa. Moprofeta Ezekiele eo Molimo a ileng a mo sebelisa hore a ngole karolo e itseng ea Bibele, o ile a re moea o ka ahloleloa lefu. Maemong a mang, Bibele e sebelisa lentsoe ‘moea o shoeleng’ ha e bua ka setopo. (Levitike 21:11) Ha e le hantle Bibele e re moea oa shoa.

“Moea o etsang sebe—ke oona o tla shoa.”—Ezekiele 18:20.

Na moea le ’mele ke lintho tse peli tse fapaneng?

SEO BATHO BA SE BUANG

Ha motho a ntse a phela, moea ke oona o phelisang ’mele, empa ha a shoa lia arohana.

SEO BIBELE E SE BUANG

Bibele e bua ka ’mè ea belehang “meea,” e leng batho. (Genese 46:18) Ha e le hantle, lentsoe la Seheberu le sebelisitsoeng ka Bibeleng bakeng sa “moea” le ka fetoleloa e le “ntho e phefumolohang.” Ka linako tse ling lentsoe lena le sebelisoa bakeng sa ho khetholla liphoofolo. Hape, Bibele e re moea o hloka lijo. (Deuteronoma 12:20) Haeba moea o arohane le ’mele, na moea o ne o tla khona ho hema kapa ho ja? Ka Bibeleng, hangata lentsoe “moea” le amahanngoa le motho ea phelang, e leng se akarelletsang ’mele, maikutlo le botho.

‘A tsoala meea e leshome le metso e tšeletseng.’—Genese 46:18.

Ho etsahala’ng ka moea ha motho a shoa?

SEO BIBELE E SE BUANG

Bibele e re ha ’mele ea rōna e shoa, “ha ho mosebetsi kapa morero kapa tsebo kapa bohlale Sheole.” (Moeklesia 9:10) Bibele e re ha motho a shoa, “o khutlela lerōleng la hae. Ka letsatsi leo menahano ea hae ea timela.” (Pesaleme ea 146:4) Kaha ha moea o shoa ha o sa etsa letho, Mangolo a re bafu ba robetse.—Matheu 9:24.

’Mè le ntate ba eme pel’a lekase ba hlomohile

KE HOBANE’NG HA U LOKELA HO TSEBA SEE?

Ha motho eo u mo ratang a e-shoa, u batla ho fumana likarabo tsa lipotso tse kang: Bafu ba hokae? Ho etsahala’ng ka bona? Na ba utloa bohloko? Kaha Bibele ea re tiisetsa hore bafu ha ba utloe letho, hoa tšelisa ho tseba hore baratuoa ba rōna ba shoeleng ha ba utloe bohloko. Re boetse rea tšeliseha ha re ithuta hore Jehova o tšepisa hore o tla ba tsosa nakong e tlang.—Esaia 26:19.

“Ba shoeleng, ho hang ha ba tsebe letho.”—Moeklesia 9:5.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela