Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • wp17 no. 5 leq. 3
  • Na Mangeloi a Hlile a Teng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Mangeloi a Hlile a Teng?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2017
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Motho e Mong le e Mong o na le Lengeloi la Hae?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2017
  • Mangeloi—Na a Ama Bophelo ba Hao?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Kamoo Mangeloi a ka U Thusang Kateng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Mangeloi ke “Meea Bakeng sa Tšebeletso ea Sechaba”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2017
wp17 no. 5 leq. 3
Lipaki Tsa Jehova li tšelisa ’mè li sebelisa Bibele

SEHLOOHO SE KANTLE | NA MANGELOI A HLILE A TENG?

Na Mangeloi a Hlile a Teng?

Ka Sontaha se seng Kenneth le mosali oa hae Filomena ba lulang Curaçao, ba ile ba ea ha banyalani bao ba tloaetseng ho ithuta Bibele le bona.

Kenneth o re: “Ha re fihla moo, ho ne ho koetsoe ebile koloi ea bona e le sieo kantle, eaba ke letsetsa ’mè oa teng.”

A araba fono a bolella Kenneth hore monna oa hae o mosebetsing. Empa a hlaha ha a utloa hore Kenneth le Filomena ba kantle ’me a re ba kene.

Ha ba kena ba ile ba hlokomela hore o ne a ntse a lla. Kenneth o ile a rapela e le hore ba tsebe ho tsoela pele ka ho ithuta empa ’mè eo o qala ho lla hape, eaba ba mo botsa ba mo hauhetse hore na molato ke eng.

O ile a re Kenneth le Filomena ba mo letselitse nakong eo a ntseng a ngolla monna oa hae lengolo kaha o ne a rerile ho ipolaea. O ne a batla ho ipolaea hobane a e-na le khatello ea maikutlo, kahoo ba mo balla Bibele. Mangolo ao ba ileng ba mo balla ’ona a ile a mo tšelisa haholo.

Kenneth o ile a re: “Re leboha haholo hore ebe Jehova o re file matla a ho thusa ’mè eo. Mohlomong ke eena ea rometseng mangeloi kapa moea o halalelang hore o re tataisetse ho ea mo thusa.”a  

Na ho ka etsahala hore ebe Kenneth le Filomena ba thusitsoe ke mangeloi kapa ke moea o halalelang? Kapa na e ne empa e le ka tšohanyetso feela Kenneth a ileng a letsa ka nako eo?

Ha ho na motho ea nang le bonnete ba hore na ho etsahetse’ng. Empa re kholisehile hore Molimo o sebelisa mangeloi ho thusa batho hore ba mo tsebe. Mohlala o hlahang ka Bibeleng ke oa ha lengeloi le isa Mokreste ea bitsoang Filipi ho monna oa Moethiopia ea neng a batla ho tseba Molimo.—Liketso 8:26-31.

Likerekeng tse ngata batho ba rutoa hore motho e mong le e mong o na le lengeloi le mo thusang ho phetha thato ea Molimo. Empa ho ntse ho e-na le batho ba bangata ba lumelang hore mangeloi ha a eo.

Na ehlile mangeloi a teng? Haeba ho joalo a bopiloe ke mang? Bibele e re’ng ha e bua ka ’ona? Na a ka u thusa kapa a u ntša kotsi? Sehloohong sena re tl’o hlokomela hore na Bibele e re’ng ha e bua ka ’ona.

a Jehova ke lebitso la Molimo joalokaha le hlaha ka Bibeleng.—Pesaleme ea 83:18.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela