Mangeloi—Na a Ama Bophelo ba Hao?
NA MANGELOI ruri a teng? Kapa na ke ntho feela e inahaneloang? Haeba a le teng, na a ka ama bophelo ba hao?
Ho na le mohloli o le mong feela o ka tšepuoang oa likarabo tsa lipotso tseo. Mohloli oo ke Tlaleho e bululetsoeng eo Molimo o e fileng batho—Lentsoe la ’ona, Bibele e Halalelang. Ka eona moapostola Pauluse o ngotse: “Lengolo lohle le bulutsoeng ke Moea oa Molimo, le na le molemo . . . oa ho kholisa.”—2 Timothea 3:16.
Ka hona, re ka ba le tšepo ea hore Bibele e tla re fa likarabo tse kholisang ka boteng ba mangeloi le hore na ebe a re ama. Ka sebele ’Mōpi oa bokahohle a ka re bolella haeba mangeloi a bile teng har’a libōpuoa tsa hae kapa che.
Na Mangeloi ke a Sebele
Bibele ka ho hlaka e re: “[Molimo] O etsa mangeloi a oona meea.” (Ba-Heberu 1:7) Kahoo ’Mōpi o na le libōpuoa tsa moea sebakeng sa leholimo. Tsena ha li bonahale ho rōna, ’me li matla.—Pesaleme ea 104:4; 2 Petrose 2:11.
Na Molimo o ne o rerile hore mangeloi ebe libōpuoa feela tse se nang botho, tse sa tsebisahaleng? Haeba ho ne ho le joalo, ke hobane’ng ha Bibele e hlalosa mangeloi a na le maikutlo? Ka mohlala, e re bolella hore ha lefatše le theoa, mangeloi a ile a ‘ntša mehoo ea thabo, le bara bohle ba Molimo [mangeloi] ba bina ka thabo.’—Jobo 38:4-7.
Hoa bonahala hore joaloka libōpuoa tsa Molimo tse bohlale tsa lefatšeng, libōpuoa tsa moea tse bohlale, mangeloi, li na le botho ba tsona. Le hoja Bibele e bolela mabitso a mangeloi a mabeli feela (Mikaele le Gabriele), ’nete ea hore mangeloi a na le mabitso e tlatsetsa tabeng ea hore ha a tšoane. (Luka 1:11, 19, 26; Juda 9) Bibele e nyatsa ka matla tšebeletso ea borapeli ho mangeloi, ’me hoo ho kopanyeletsa ho a rapela. Ho e-na le ho re re rapele mangeloi, moapostola Pauluse oa re eletsa: “Nthong tsohle seo le se batlang, le ke le se tsebise Molimo ka thapelo le ka kōpo e nang le teboho.”—Ba-Filippi 4:6; Tšenolo 19:10; 22:8, 9.
Na mangeloi a entsoe hore a hloke matla a ho ikhethela pakeng tsa botle le bobe, joaloka liroboto tse sa nahaneng? Che, mangeloi a na le matla a ho ikhethela ntho e ’ngoe le e ’ngoe, feela joaloka batho. Ka mohlala, mehleng ea Noe ha mangeloi a mang a ne a tlōla molao oa Molimo, Molimo oa a leleka ’me a ile a lelekoa makhotleng a leholimo a Molimo. Boitšoaro ba ’ona ba ho hloka kutlo e bile pontšo e totobetseng ea hore mangeloi a na le botho bo sa tšoaneng.—Genese 6:1, 2; 2 Petrose 2:4; Mattheu 25:41.
Kahoo, Bibele e fana ka boitsebiso bo thusang ka tšimoloho, boteng, le botho ba mangeloi. Ho fetela ka nģane ho seo Bibele e se bolelang ka ’ona ho ka lahla motho hore a thuise ka ho sa hlokahaleng ka lipotso tseo Bibele e sa li arabeleng. Ho ka ba ha isa le ho lebiseng tlhokomelo e sa hlokahaleng ho mangeloi kapa ho a rapela. (Ba-Kolosse 2:18) Bibele e re hopotsa “ho lemoha litaba tse fetisang ka molemo” ’me re se ke ra ea ‘ka nģane ho se boletsoeng e le Evangeli.’—Ba-Filipi 1:10; Ba-Galata 1:8.
Mangeloi Morerong oa Molimo
Le hoja bongata boka ’na ba lumela tšimoloho le litšobotsi tsa mangeloi, ke ba ’maloa ba hlileng ba elang hloko lebaka la boteng ba ’ona le kamoo mangeloi a amang bophelo ba rōna kajeno.
Ka Bibeleng, mantsoe a mabeli a sebelisitsoeng bakeng sa “lengeloi” ke mal·’akhʹ (Seheberu) le agʹge·los (Segerike). Ka bobeli a bolela “moromuoa.” A re bolella ho hong ka mesebetsi e meng ea mangeloi. Mangeloi a sebeletsa e le baromuoa, kapa batsamaisi ba molaetsa, pakeng tsa Molimo le motho.
Ka mohlala, lengeloi le ile la rongoa ho isa molaetsa ho Abrahama mabapi le mora oa hae Isaaka le tlhohonolofatso e neng e tla tla ka eena, le eo re ka e amohelang. (Genese 22:11-17) Lengeloi le ile la rongoa ho ea buisana le Moshe. (Liketso 7:37, 38) Hape Molimo o ile oa roma lengeloi ho isa litaelo ho moprofeta Elia. (2 Marena 1:3) ’Me lengeloi le ile la itlhahisa ho Josefa, ntate oa Jesu oa moholisi, ka litaelo tse khethehileng mabapi le lesea.—Mattheu 2:13.
Hape mangeloi a ’nile a rongoa ho sireletsa batho a Molimo: “Lengeloi la Jehova le lara pel’a ba mo tšabang, lea ba boloka.” (Pesaleme ea 34:7) Ka mohlala, lengeloi le lokolotse moapostola Petrose chankaneng. (Liketso 12:6-11) Mangeloi a mabeli a thusitse Lota le barali ba hae ho pholoha timetso ea Sodoma le Gomorrha ka ho ba felehetsa ho tsoa sebakeng seo. Leha ho le joalo, mosali oa Lota ha a ka a phetha kahohle taelo ea mangeloi, kahoo a timela le batho ba metse eo.—Genese 19:1-26.
Bibele e bolela makhetlo a mang a mangata a thuso ea mangeloi, ho tiisa seo Ba-Heberu 1:7 le 14 e se bolelang: “Ha e le ka mangeloi o itse: O etsa mangeloi a oona meea e fokang, le bahlanka ba oona malakabe a mollo. Na kaofela ha ’ona hase meea e sebeletsang, e rongoang ho sebeletsa ba tlang ho rua lefa la poloko na?”
Lengeloi le ile la tlisa matšeliso a maholo ho Jesu. Bosiu ba pele ho lefu la hae, Jesu o tsebile se neng se tla mo etsahalla—hore o ne a tla ekoa, a shapuoe, le ho bolaoa ka sehlōhō. O ne a hloka ho matlafatsoa hore a mamelle teko ena ea botšepehi ba hae. Nakong eo e bohloko, lengeloi la itlhahisa ho eena ‘ho mo matlafatsa.’ Matšeliso a lengeloi a tlameha ebe a matlafalitse Jesu hakaakang! Ka baka leo, le hoja a ile a utloa bohloko bo joalo hoo “mofufutso oa phatla oa hae o ileng oa e-ba joaloka marotholi a mali a rothelang fatše,” o tsebile ho mamella ka botšepehi ho isa lefung.—Luka 22:43, 44.
Hape Molimo o ile oa sebelisa mangeloi ho timetsa lira tsa batho ba oona. Ha ’Muso oa Lefatše a Assyria o sokela barapeli ba boholo-holo ba Molimo, ho etsahetse se latelang: “Ka bona bosiu boo, ha tsoa lengeloi la Jehova, la bolaea batho ba likete tse lekholo le nang le mashome a robileng meno e ’meli a metso e mehlano liahelong tsa ba-Assyria. Eitse ha ba tsoha hosasa, ba bona e le litopo feela.” (2 Marena 19:35) U ka bona matla a fetisisang a mangeloi—lengeloi le le leng le ile la bolaea bahanyetsi ba Molimo le batho ba oona ba 185 000!
Le Heroda oa monyefoli a tobana le matla a lengeloi. Ha Heroda a qala ho inahana e le ea joaloka molimo, “lengeloi la Morena la phakisa la mo otla, kahobane ha a ka a busetsa letlōtlo ho Molimo: a jeoa ke libōkō, a ba a shoa.”—Liketso 12:21-23.
Re bolelloa hore haufinyane, ha Molimo o felisa tsamaiso ena eohle ea lintho e khopo, mangeloi a tla sebelisoa e le babolai. “Mor’a motho o tla roma mangeloi a hae; a tla khetha ’musong oa hae likhopiso tsohle le ba etsang bokhopo, ’me a ba lahlele seboping sa mollo.”—Mattheu 13:41, 42.
Ka hona, mangeloi a hōle le ho ba seo batho ba bangata ba se nahanang ka ’ona. Mongoli oa bolumeli oa Mojeremane Ngaka Manfred Barthel o boletse: “Haeba re batla ho nahana mangeloi a Morena joaloka ha bangoli ba Testamente ea Khale ba ne ba a talima, pele re tla tlameha ho lebala likerobime tse likoti marameng . . . tse khabisang likarete tsa rōna tsa litumeliso.”—What the Bible Really Says.
Mangeloi a U Ama Joang?
Leha ho le joalo, potso ea sala: Mangeloi a etsa eng kajeno? Na a re ama hona joale? E, ka sebele a re ama!
Hopola hore boprofeteng ba Jesu bo mabapi le “bofelo ba lefatše” o itse: “Mohla Mor’a motho a tlang a teetsoe hare ke khanya ea hae [ka matla a ’Muso], mangeloi a e-na le eena kaofela, ke moo a tla lula teroneng ea hae. Lichaba tsohle li tla bokelloa pel’a hae; ’me o tla khetha ba bang ho ba bang.”—Mattheu 24:3; 25:31, 32.
Khetho ena ea batho e tla etsoa joang? Jesu o itse: “’Me litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle le ahiloeng e be bopaki ho lichaba tsohle; ’me e tla ba hona bofelo bo hlahang.” (Mattheu 24:14, NW) E, Molimo o sebelisa batho ba hae ho phetha mosebetsi ona oa ho bolela lefatšeng lohle.
’Muso oa Molimo ke puso e tla tlisa tharollo e le ’ngoe feela mathateng a batho. Kajeno, molaetsa o mabapi le ’ona o boleloa lefatšeng lohle ke Lipaki tsa Jehova tse fetang limillione tse tharo, li tšehelitsoe ke mangeloi. “Ho tla ba joalo qetellong ea tsamaiso ea lintho: mangeloi a tla tsoa ’me a khethe ba khopo ho ba lokileng.”—Mattheu 13:49, NW.
Kajeno mosebetsi ona oa ho bolela o laoloang ke mangeloi o amoheloa ka litsela tse sa tšoaneng ke batho. Ba bang ba re ba tšoarehile hore ba ka mamela kapa habonolo feela ba hana ho mamela. Ba bang ba tsila-tsila ho mamela. Leha ho le joalo, ba bangata ba pelo li tšepahalang, ba amehileng ka bokamoso ba bona, ba arabetse ka boithaopo. Joang?
Linaheng tse 208, Lipaki tsa Jehova li tsamaisa lithuto tsa mahae tsa Bibele le batho ba limillione “ba elang seli tlhoko ea bona ea moea” le ‘ba lapetseng ho loka.’ (Mattheu 5:3, 6, NW) Liphihlelo tse ngata li bontša hore mangeloi hangata a tataisa bahlanka ba Molimo hore ba ee ho batho ba joalo ba pelo li tšepahalang ka molaetsa oa poloko. Tšenolo 14:6 ka tšoantšetso e hlalosa “lengeloi le leng le fofang mahareng a leholimo” le tšoere “evangeli ea ka mehla le mehla ho e bolella ba ahileng lefatšeng.” Ka sebele hona hoa etsahala hona joale! Sena se tla ama bokamoso ba hao joang?
Mangeloi Bokamosong ba Hao
Bibele e khetholla ka ho totobetseng mehla ea rōna e le “matsatsi a ho qetela” a tsamaiso ena. (2 Timothea 3:1-5, NW) Hape Bibele e re tsebisa hore mangeloi “a eme likhutlong tse ’ne tsa lefatše, hore ho se ke ha e-ba moea o fokelang lefatšeng.” (Tšenolo 7:1) Tšoantšetso eo e bolela eng?
Hore mangeloi a “likhutlong” tsa lefatše, mangeloi a boemong ba ho lesa “meea” e timetsang e tsoang ka makhalo ’ohle. Ha ho sebaka sa lefatše se tla siuoa, ho tla bolela “tšenyo,” kapa timetso, bakeng sa tsamaiso ena e khopo hammoho le batšehetsi bohle ba eona. Ka hona mangeloi a Molimo a hlalosoa e le malala-a-laotsoe ha tsebiso e fanoa!—Tšenolo 7:3; 19:11-21.
Leha ho le joalo, “tšenyo” e timetsang e tla ba feela holim’a ba sa arabeleng molaetseng o tšehelitsoeng ke mangeloi o boleloang lefatšeng lohle. E ke ke ea senya ba batlang Molimo le ba utloang molaetsa oa ’Muso. Ba tla bolokoa, joaloka ha Lentsoe la Molimo le re: “Batlang Jehova, baikokobetsi bohle ba lefatše. . . . Batlang ho loka, le batle boikokobetso; ekaba le ka tšoha le patoa tsatsing la bohale ba Jehova.”—Sofonia 2:3.
Joale kabelo ea “baikokobetsi” ba joalo e tla ba efe? Pesaleme ea 37:11 e re: “Ba bonolo ba tla rua lefatše, ba iketle khotsong e khōlō.” Ka nako e kae? “Ba lokileng ba tla ja lefa la lefatše, ’me ba tla hlola ho lona ka ho sa feleng.” (Pesaleme ea 37:29) Hoo ho bolela hore bophelo bo sa feleng bo tla ba teng lefatšeng le fetotsoeng paradeise, joaloka ha Jesu a bontšitse.—Luka 23:43.
Ka baka leo, potso eo u lokelang ho e botsa ke ena: ‘Bokamoso ba ka ke bofe?’ Karabo e itšetlehile ka tsela eo u itšoarang ka eona tataisong ea mangeloi. Na u tla mamela le ho arabela ha u tlisetsoa molaetsa oo a o tšehelitseng? Haeba u tla ho etsa, u tla ba har’a ba ka talimang bokamoso ka tšepo, u tla kholiseha ka se boletsoeng ke Molimo: “Lefatše lea feta, le eona takatso ea lona; empa ea etsang thato ea Molimo, o hlola ka ho sa feleng.”—1 Johanne 2:17.
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Hona joale mangeloi a etsa ‘hore ho se ke ha e-ba le moea o fokelang lefatšeng.’ Lebaka?