Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • wp17 no. 5 maq. 7-8
  • Na Mangeloi a ka U Thusa?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Mangeloi a ka U Thusa?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2017
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • MANGELOI A ILE A THUSA BAKRESTE BA PHETSENG MEHLENG EA JESU
  • NA MANGELOI A KA U THUSA?
  • Kamoo Mangeloi a ka U Thusang Kateng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Mangeloi—Kamoo a Amang Bophelo ba Rōna Kateng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Mangeloi—Na a Ama Bophelo ba Hao?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Mangeloi ke “Meea Bakeng sa Tšebeletso ea Sechaba”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2017
wp17 no. 5 maq. 7-8

SEHLOOHO SE KANTLE | NA MANGELOI A HLILE A TENG?

Na Mangeloi a ka U Thusa?

Mangeloi a Jehova a rata ho thusa batho a bile a thabela ho etsa thato ea hae. Ha Molimo a qeta ho bopa lefatše, mangeloi a ile a “hoeletsa ka thabo hammoho, bara bohle ba Molimo ba qala ho hlaba litlatse.” (Jobo 38:4, 7) Haesale mangeloi a rata ho “nyarela” boprofeta bo buang ka hore na lefatše le tla ba joang nakong e tlang.—1 Petrose 1:11, 12.

Bibele e paka hore ka linako tse ling mangeloi a thusa batho e le hore thato ea Molimo e etsoe. (Pesaleme ea 34:7) Nahana ka mehlala e latelang:

  • Mangeloi a ile a thusa Lota le lelapa la hae ho tsoa Sodoma le Gomora ha Jehova a ne tl’o timetsa metse eo.—Genese 19:1, 15-26.

  • Mehleng ea khale bahlanka ba Molimo ba bararo ba ile ba ahloleloa lefu ba le Babylona ba ba ba lahleloa ka seboping sa mollo eaba Molimo o ‘romela lengeloi la hae ’me a ba pholosa.’—Daniele 3:19-28.

  • Daniele o ile a lahleloa ka sekoting sa litau, ha a tsoa kamoo o ile a re: “Molimo oa ka o rometse lengeloi la hae ’me la koala melomo ea litau.”—Daniele 6:16, 22.

Mangeloi a pholosa Daniele

Haesale mangeloi a thusa batho ba tšepahalang

MANGELOI A ILE A THUSA BAKRESTE BA PHETSENG MEHLENG EA JESU

Ka linako tse ling mangeloi a ne a thusa Bakreste ba phetseng mehleng ea Jesu e le hore thato ea Molimo e ka etsoa. Nahana ka mehlala ena:

  • Lengeloi le ile la lokolla baapostola teronkong e le hore ba tsoela pele ba bolella ba bang molaetsa oa Molimo ka tempeleng.—Liketso 5:17-21.

  • Ka lekhetlo le leng lengeloi le ile la laela moevangeli Filipi ho ea tseleng e tlohang Jerusalema e eang Gaza. Ha a le moo o ne a lokela ho bua ka Lentsoe la Molimo le monna oa Moethiopia ea neng a tsoa Jerusalema.—Liketso 8:26-33.

  • Nakong eo Molimo a neng a batla hore batho bao eseng Bajuda e be Bakreste, o ile a romela lengeloi ho Korneliase hore a bitsetse Petrose ha hae ho tla mo ruta ka Molimo.—Liketso 10:3-5.

  • Lengeloi le ile la lokolla moapostola Petrose teronkong.—Liketso 12:1-11.

NA MANGELOI A KA U THUSA?

Le hoja ho se na bopaki ba hore Molimo o sebelisa mangeloi joalokaha a ne a a sebelisa nakong e fetileng, Jesu o ile a bua ka se tla etsahala mehleng ena ea rona a re: “Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle; joale e ntan’o ba hona bofelo bo tla tla.” (Matheu 24:14) Hona joale mangeloi a thusa Bakreste ho etsa mosebetsi ona oo Jesu a buileng ka oona.

Batho ba feta moo Lipaki Tsa Jehova li ntseng li bolella batho ka ’muso oa Molimo

Mangeloi a thusa batho ho bolella ba bang ka ’Muso oa Molimo

Lengolo la Tšenolo le bua ka hore mangeloi a ne a tla sebetsa ka thata ho thusa batho hore ba ithute ka Jehova Molimo le hore na ke hobane’ng ha a bopile batho. Moapostola Johanne o ile a ngola mantsoe a reng: “Ka bona lengeloi le leng le fofa sebakeng, ’me le ne le e-na le litaba tse molemo tse sa feleng hore le li bolele e le litaba tse nyakallisang ho ba lulang lefatšeng, le ho sechaba se seng le se seng le moloko o mong le o mong le leleme le leng le le leng le batho ba bang le ba bang, le re ka lentsoe le phahameng: ‘Tšabang Molimo ’me le mo tlotlise, hobane hora ea ho ahlola ha hae e fihlile, kahoo le rapele Ea entseng leholimo le lefatše le leoatle le liliba tsa metsi.’” (Tšenolo 14:6, 7) Lintho tse ngata tse etsahalang mehleng ena ea rona li bontša hore mangeloi a thusa batho ho bolella ba bang ka ’Muso oa Molimo. Hape “thabo ea hlaha har’a mangeloi a Molimo ka lebaka la moetsalibe a le mong ea bakang.”—Luka 15:10.

Ha mosebetsi oa ho bolella ba bang ka ’Muso oa Molimo o se o felile, “mabotho a . . . leholimong” a mangeloi a tla thusa Jesu Kreste ho loana “ntoeng ea letsatsi le leholo la Molimo ea Matla ’Ohle” ea Armagedone. (Tšenolo 16:14-16; 19:14-16) Ke ’ona a tla phethisa kahlolo ea Jesu ho ‘ba sa mameleng litaba tse molemo tse mabapi le Morena oa rona Jesu.’—2 Bathesalonika 1:7, 8.

Taba ena e lokela ho u kholisa hore mangeloi aa u rata. A rata batho ba batlang ho sebeletsa Jehova hape Jehova o a sebelisa ho sireletsa bahlanka ba hae.—Baheberu 1:14.

Ka lebaka lena e ka ba hantle hore re ipotse hore na re batla ho mamela molaetsa o buang ka ’Muso oa Molimo o boleloang lefatšeng lohle kapa che. Haeba u batla ho tseba haholoanyane ka taba ena, kopa Lipaki Tsa Jehova tse haufi le uena hore li u thuse.

Haeba u batla ho tseba hore na Bibele e reng ha e bua ka mangeloi, bala khaolo ea 10 ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela