Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 11/90 leq. 3
  • Karolo ea Lipotso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Karolo ea Lipotso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1990
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lebokose La Lipotso
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
  • Karolo ea Lipotso
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1991
  • Na U na le Tšimo ea Botho?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
  • Phutheho ea Lipaki Tsa Jehova e Hlophisitsoe Joang?
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1990
km 11/90 leq. 3

Karolo ea Lipotso

● Na hoa lumelleha hore motho a phele sebakeng sa phutheho e itseng empa a ee libokeng sebakeng se seng?

Mokhatlo o amohetse mangolo a ’maloa mabapi le potso e ka holimo. Ka hona re entse qeto ea ho pheta boitsebiso bo bong bo ileng ba hatisoa ho Tšebeletso ea Rona ea ’Muso ea April 1976.

Ka bokhutšoanyane, re khothalletsa bahoeletsi ho ba teng libokeng tsa phutheho e ikarabellang sebakeng seo ba phelang ho sona. Maemong a mangata sena se ipaka se le molemohali ho lelapa, kaha hangata se etsa hore ho be bonolo ho ba teng libokeng, ho kopanela tšebeletsong ea tšimo sebakeng se haufinyane, le ho nka monyetla ka thuso e fanoang ke baholo.

Ho ka ’na ha ba le mabaka a matle ao ka ’ona mohoeletsi kapa lelapa le ka ’nang la se ke la khona ho iphaphatha le tataiso e ka holimo. Hlooho ea lelapa ka ’ngoe e jara boikarabelo bakeng sa lelapa la eona. Ho tla ba hotle hore e tšohle litaba le baholo ho fumana molemo oa keletso ea bona pele e etsa qeto. Ka mor’a ho hlahloba lintho tsohle tse amehang, e tla lokela ho etsa qeto ea hore na se molemo ke sefe. Ha ho na lebaka la hore qeto ea eona e nyatsuoe ha e entsoe.

Libakeng tsa litoropo, hangata ho na le palo e khōlō ea liphutheho tse sebakeng se khobokellaneng. Ho ka ’na ha e-ba le mabaka a ’maloa ao ka ’ona baholo ba ka ’nang ba etsa qeto ea hore ho ka ntšetsoa pele lithahasello tsa mosebetsi ka hore ho fallisetsoe bahoeletsi sebakeng se seng. Ka mohlala, ho ka ’na ha hlokahala hore ho matlafatsoe phutheho e nang le bahoeletsi ba fokolang. Baholo ba phutheho ka ’ngoe ba ka rera hore na seo ho bonahalang se loketse ke sefe ’me ba kōpe hore lelapa ka leng le amehang le nahane ka sona. Ho joalo le ka baholo, bahlanka ba sebeletsang, kapa bo-pula-maliboho ba botsoang hore na ba ka fallela sebakeng se itseng ho thusa phutheho e hlokang thuso. Ka linako tse ling molebeli oa potoloho a ka ’na a hlokomela hore phutheho e ’ngoe e na le baholo ba bangata athe phutheho e haufinyane eona e na le baholo ba fokolang feela ka hona e hloka thuso. Mohlomong molebeli oa potoloho a ka tsebisa ka tlhoko eo phuthehong e nang le baholo ba bangata. Ka mor’a hore ba hlahlobisise litlhoko tsa bona, mohlomong ba ka etsa qeto ea hore moholo a le mong kapa ba babeli, hammoho le malapa a bona, ba ee moo ho thusa phutheho e joalo. (Bona Tšebeletso ea ’Muso, April 1973.) Ka ho latela tataiso e ka holimo haufi-ufi kamoo ho ka khonehang, re tla etsa hore “lintho tsohle li etsahale ka nepo le ka tlhophiso.”—1 Ba-Kor. 14:40, NW.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela