Karolo ea Lipotso
● Ke joang re ka bontšang mekhoa e metle ea Bokreste ha re ea Thutong ea Buka ea Phutheho?
Hangata baahisani ba rōna ba re shebile, ’me ka linako tse ling ba tla bua ka boitšoaro ba rōna mohlomong ba be ba itšoare ka tsela e itseng ka baka la bona. (Bapisa le 1 Ba-Korinthe 4:9.) Joaloka bahlanka ba Jehova, re batla hore lipuo tsa bona le tsela eo ba itšoarang ka eona ka baka la boitšoaro ba rōna e be tse molemo. (1 Pet. 2:12) Ho joalo mabapi le tsela eo re etsang lintho ka eona Thutong ea Buka ea Phutheho. Kaha lithuto tsa buka tse ngata li tšoareloa malapeng a baena, re tlameha ho falimeha ka ho khethehileng e le hore mekhoa ea rōna e tle e hlahe hantle linthong tsohle tseo re li etsang. Moo ho nang le sebaka se senyenyane sa ho paka makoloi, ke hobane’ng ha re sa lokisetse hore re tsamaee le sehlopha se itseng ka koloi e le ’ngoe e le hore re ka thibela hore ba ahileng tikolohong ea sehlopha sa thuto ea buka ba tenehe ho sa hlokahale? Lerato la boahisani le tla re etsa hore re qobe ho se nahanele ka ho paka makoloi a rōna ka tsela e ka sitisang baahisani ba rōna le ho ba tšoenya.
Neng kapa neng ha re kopana rea thaba, ’me hangata sena se fella ka hore ho be le moqoqo o lerata pele le ka mor’a liboka. (Mik. 2:12, NW) Mekhoa e metle le ho nahanela ba bang ho tla re susumelletsa ho boloka molumo oa meqoqo ea rōna o le boemong bo itekanetseng. (Matt. 7:12; Ba-Gal. 6:10) Lerato la Bokreste le lona le tla re susumelletsa ho thibela bana ba rōna ho matha ka ntle le ho senya thepa ea batho ba bang. (Liprov. 29:15; 1 Ba-Kor. 13:4, 5) Sena se akarelletsa ho ba le boitšoaro bo hlomphang lelapeng leo ho khanneloang thuto ea buka ho lona. Ha ho hlokomeleha boitšoaro leha e le bofe bo fosahetseng, baholo ba lokela ho fana ka keletso e lerato le e tiileng ntle ho tieho e le hore ho se ke ha hlaha mathata a ka ’nang a fella ka hore baahisani ba tletlebe, le ho baka mathata bakeng sa mong’a ntlo ea bontšitseng moea oa ho amohela baeti ka ho lumela hore ntlo ea hae e sebelisoe bakeng sa thuto ea buka, kapa ho sitisa ba bang teng sehlopheng sa thuto ea buka sebakeng se itseng.