Ho Thusa ba Bang Tšebeletsong ea Tšimo
1 Ho tloha ha phutheho ea Bokreste e simoloha, e ’nile ea e-ba mokhatlo o hlophisitsoeng oa baboleli ba evangeli. Jesu ka boeena o ile a koetlisa barutuoa ba hae tšebeletsong ea ho bolela ’me “a qala ho ba roma ka bobeli.” (Mar. 6:7; Luka 8:1) Moapostola Pauluse o ile a bua ka “basebetsi-’moho” le eena ka phuthehong ea Filippi ba ileng ba ‘loanela litaba tse molemo ka mahlakoreng ’ohle ba e-na le eena.’ (Ba-Fil. 4:3, NW) Le hoja ho sa hlokahale ka mehla hore re sebetse hammoho le e mong tšebeletsong, bongata ba rōna re ananela ho tsamaea le ba bang. (Moek. 4:9) Ka hona, ke joang re ka khothatsanang le ho thusana ha re ntse re bolela?
2 O mong oa merero ea liboka tsa rōna tsa tšebeletso ea tšimo ke ho fana ka thuso ho bahoeletsi ba bacha ’neteng le ba nang le phihlelo e fokolang. (omSU maq. 77, 97) Esita le bo-pula-maliboho ba sa tsoa khethoa ba ka ’na ba batla ho sebetsa le bahoeletsi ba nang le phihlelo e eketsehileng kapa le moholo kapa mohlanka ea sebeletsang. Oo ke monyetla o motle hakaakang oa ‘ho khothatsana’!—Ba-Roma 1:12.
3 Ka mabaka a tšireletseho, ho ka ba molemo hore bahoeletsi ba sebetse hammoho libakeng tse ling. Kapa ka linako tse ling ho ka ’na ha hlokahala hore ba fetole litokisetso tse entsoeng pele tsa ho sebetsa le motho ea itseng e le hore ba ka sebetsa le bahoeletsi ba nang le phihlelo e fokolang ba leng sebokeng sa tšebeletso. Haeba re kōptjoa ho etsa joalo, ka sebele e ka ba ho bontša lerato hore re etse litokiso tse hlokahalang e le hore re ka “thusa ba fokolang,” le hoja mohlomong re tloaetse ho sebetsa le motho ea itseng.—Lik. 20:35, NW.
SEBETSANG KA KUTLOANO
4 Neng le neng ha re tsamaea le ba bang tšebeletsong ea tšimo, re batla ho sebetsa ka kutloano re le sehlopha. (Bapisa le 1 Ba-Korinthe 3:6, 9.) Batho ba babeli ba ka fapanyetsana ho fana ka bopaki, mohlomong ba ka fapanyetsana ho qalisa lipuisano malapeng. Mekhoa e metle e tla re susumelletsa ho mamela ka mosa le ka hloko ha eo re tsamaeang le eena a bua.
5 Le hoja ka linako tse ling e ka ba ho loketseng ho kenella moqoqong ha eo re tsamaeang le eena a ntse a bua, sena se hloka hore re sebelise kahlolo e molemo. Ha re batle ho sitisa puisano e tsoelang pele hantle pakeng tsa motho eo re tsamaeang le eena le mong’a ntlo. Ho hlakile hore haeba mohoeletsi ea nang le phihlelo e fokolang a thulana le bothata ba ho rarolla taba e itseng, ntle ho pelaelo a ka ananela thuso ea rōna e fanoang ka ho tšoanetseng.—Moek. 4:12.
6 Re ka sebelisa hamolemo nako ea ha re tloha lelapeng le leng re ea ho le leng hore re buisane ka litsela tseo ka tsona re ka ntlafatsang nehelano ea rōna. Mohlomong ho sebelisa e ’ngoe ea likenyelletso tse bukeng ea Ho Bea Mabaka kapa litlhahiso tse bontšitsoeng ho Tšebeletso ea Rona ea ’Muso e ka ba ho atlehang haholo. Hape ho sebetsa hammoho ho re neha menyetla ea ho tsebana hamolemonyana, ho matlafatsa litlamo tsa boena ba rōna ba Bokreste.
7 Ka sebele tšebeletso ea rōna ke letlotlo la bohlokoahali. (2 Ba-Kor. 4:1, 7) Ha re fumana menyetla ea ho sebetsa le ba bang tšebeletsong ea tšimo, re ka thusana ho aha kananelo e tebileng bakeng sa mosebetsi oa rōna. Ka nako e tšoanang, re tla fumana khothatso ’me re ithute e mong ho e mong. Phello e tla ba thabo e eketsehileng, katleho e khōloanyane ha re fana ka bopaki, le boikutlo bo khotsofatsang ba ho ba bonngoeng le baena le bo-khaitseli ba rōna.—Pes. 133:1.