Karolo ea Lipotso
● Ke hobane’ng ha re lokela ho hlokomela ka ho khethehileng moaparo oa rōna le boitlhopho ha re etela Bethele e Afrika Boroa le meaho eohle ea makala lefatšeng lohle?
Ho lebelletsoe hore Bakreste ba be le chebahalo e loketseng. Ka linako tsohle moaparo oa rōna le boitlhopho li lokela ho bonahatsa bokhabane le seriti tse tšoanelang bahlanka ba Jehova Molimo. Ho lokela ho ba joalo haholo-holo ha ho eteloa meaho ea Bethele le liofisi tsa makala lefatšeng lohle. Ha e hlalosa bohlokoa ba moaparo o loketseng le boitlhopho, buka Ho Hlophisetsoa ho Phetha Tšebeletso ea Rōna e hlalosa bohlokoa ba ho hloeka ’meleng le moaparo o itekanetseng le boitlhopho ha ho kopaneloa tšebeletsong ea tšimo le ha re ea libokeng tsa Bokreste. Joale, ho leqephe 131, serapa 2, e re: “Re apare ka bokhabane joalo leha re etela lehae la Bethele le Brooklyn kapa liofising life kapa life tsa makala tsa Mokhatlo. Hopola, lebitso Bethele le bolela “Ntlo ea Molimo,” kahoo moaparo oa rōna, boitlhopho le boitšoaro li lokela ho tšoana le se ka lebelloang ho rōna ha re ea libokeng tsa borapeli Holong ea ’Muso.”
Moapostola Pauluse o ile a re “re pepesitsoe pel’a lefatše, le pel’a mangeloi, le pel’a batho.” (1 Ba-Kor. 4:9) Ka hona, moaparo oa rōna le boitlhopho li lokela ho ba le tšusumetso e ntle ho ba bang mabapi le kamoo ba talimang borapeli ba ’nete ba Jehova ka teng. Leha ho le joalo, ho hlokometsoe hore baena ba bang le bo-khaitseli, ha ba etela makala a Mokhatlo, ba ba le tšekamelo ea ho ikaparela feela ka mokhoa o fetelletseng. Moaparo o joalo ha oa lokela ha ho eteloa meaho ea lekala. Tabeng ena, joaloka litšobotsing tse ling tsohle tsa bophelo ba rōna ba Bokreste, re lakatsa ho boloka litekanyetso tse phahameng tse tšoanang tse khethollang batho ba Molimo e le ba fapaneng le lefatše ka ho etsa lintho tsohle tlotlisong ea Molimo. (Ba-Roma 12:2; 1 Ba-Kor. 10:31) Hape ho hotle ho bua le liithuti tsa rōna tsa Bibele le ba bang ba ka ’nang ba etela Bethele e Brooklyn kapa leha e le efe ea liofisi tsa lekala tsa Mokhatlo ka lekhetlo la pele ho ba hopotsa bohlokoa ba ho hlokomela moaparo le boitlhopho ba bona.
Kahoo ha u etela meaho ea Mokhatlo, ipotse: ‘Na moaparo oa ka le boitlhopho li itekanetse? (Mik. 6:8) Na li bonahatsa hantle Molimo oo ke o rapelang? Na ba bang ba ka sitisoa kapa ho khopeha ke ponahalo ea ka? Na ke behela ba bang bao e ka ’nang eaba ba etile ka lekhetlo la pele mohlala o motle?’ Ka moaparo oa rōna le boitlhopho, e se eka ka mehla re ka “khabisa thuto ea Molimo, ’Moloki oa rōna, linthong tsohle.”—Tite 2:10, NW.