Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 12/90 leq. 1
  • Na U Tla ba Mororisi oa Jehova ka December?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U Tla ba Mororisi oa Jehova ka December?
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1990
  • Lihloohoana
  • HO NEHELANA KA BUKA EA LIPALE TSA BIBELE
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1990
km 12/90 leq. 1

Na U Tla ba Mororisi oa Jehova ka December?

1 Khale koana, Morena Davida o ile a ngola mantsoe a latelang a thoriso a neng a ea ho Morena oa hae oa leholimo, Jehova Molimo: “Ke tla u holisa, Molimo oa ka, Morena oa ka! ke tla boka lebitso la hao ka mehla le ka ho sa eeng kae. Ke tla u boka ka matsatsi ’ohle, ke rorise lebitso la hao ka mehla le mehla, le ka ho sa feleng.” (Pes. 145:1, 2) Davida o ne a e-na le kamano e haufi ka ho tsotehang le Jehova ’me sena se ile sa mo etsa hore a bue mantsoe a bontšang kananelo ka Jehova. Na le rōna ha re na mabaka a mangata a matle a ho hooa ka thabo, re rorisa Jehova ka sohle seo a re etselitseng sona feela joaloka Davida oa boholo-holo?

2 Khoeli ea December e tla re hlahisetsa menyetla e mengata ea ho rorisa Jehova. Re ka etsa sena ka ho kopanela mosebetsing oa ho bolela, ha re tlile Likopanong tsa rōna tsa Setereke tsa “Puo e Hloekileng,” hape leha re le phomolong. Le hoja lefatše le etsa lintho ka ho fetelletseng, rōna re le batho ba Jehova ha ho mohla re batlang ho lebala hore re nehetse bophelo ba rōna ho Jehova. Re batla ho tsoela pele ho rorisa Jehova. (Pes. 145:7, 10, 21) E le hore re ka ba barorisi ba tšepahalang ba Jehova ka December, re lokela ho hopola lintlha tse seng kae.

3 Itokisetseng ho kopanela ka botlalo tšebeletsong ea tšimo le le lelapa ka December. Haeba u lokisetsa ho ea phomolong, ka kōpo fana ka tlaleho ea hao ea tšebeletso ea tšimo pele u tsamaea, haholo-holo haeba u ke ke ua khutla pele ho January 3, 1991. Le hoja December e lokela ho ba khoeli e molemohali ho rōna tšebeletsong ea tšimo, kaha ba bangata ba tla be ba le phomolong, ha ho atise ho ba joalo, hobane baena ba rōna ba bangata ba mpa ba lebala ho tlaleha. Na re ka etsa boiteko bo kopanetsoeng selemong see ba ho thusa mohoeletsi e mong le e mong ho kopanela ka botlalo ho roriseng Jehova tšimong le ho tlaleha ka nako? Re batla ho khothalletsa bakhanni ba lithuto tsa buka ho thusa bohle ba leng lihlopheng tsa bona hore ba fane ka tlaleho ea December ho sa tsotellehe hore na ba ea phomolong kapa che.

HO NEHELANA KA BUKA EA LIPALE TSA BIBELE

4 Khoeling ea December re tla be re nehelana ka Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele ka monehelo oa R7,50. Haholo-holo re batla ho khothalletsa bahoeletsi ba kenang sekolo ho etsa boiteko bo khethehileng ba ho kopanela ho abeng buka ena. Ho etsa joalo ho tla hloka sebete, empa Jehova o tla le fa matla a hlokahalang. Batlang menyetla ea ho tloaetsa bacha le batho ba baholo Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele.

5 U ka qalisa puisano joang u sebelisa buka ee? Mohlomong u ka re: “Na u nahana hore lefatše e tla ke e be sebaka se thabisang le se nang le khotso seo ho ka pheloang ho sona?” Phetla pale ea 71 ’me u phete lintlha tsa sehlooho tse tsoang ho Esaia 11:6-9 kapa tse tsoang ho Tšenolo 21:3, 4. Kapa, mohlomong u ka phahamisa potso ena: “Na u fumana ho le thata ho hlalosetsa bana ba hao Bibele? Haeba ho joalo, buka ena e ka u thusa. Ere ke u bontše hore na e ka u thusa joang ho hlalosa se boleloang ke Thapelo ea Morena.” Hlahlobang lintlha tsa sehlooho tse paleng ea 91.

6 U ka ’na ua thulana le ba bang ba seng ba ntse ba e-na le buka ea Lipale tsa Bibele. Ke hobane’ng ha u sa ithaopele ho ithuta eona le bona e le lelapa? Mohlomong u ka ba ua ithaopela ho ba fa lithuso tse ling tse loketseng tsa ho ithuta Bibele. Na u se u nahanne ka ho fana ka buka ea Lipale tsa Bibele ho batho seterateng? Ba bangata ba entse joalo, ’me ba bang ba bile le liphello tse ntle. Haeba u ea phomolong, ke hobane’ng ha u sa nke likopi tse seng kae ’me u fane ka tsona ha u ntse u le tseleng, libakeng tseo ho tšeloang peterole ho tsona, joalo-joalo? Hopola ho nka likopi tseo ka lipuo tse buuoang ke batho ba sebakeng sa lōna.

7 Na u tla ba har’a ba bangata ba baloang ka likete ba tlang ho rorisa Jehova ka botšepehi ka December? Lokisetsang hore le etse joalo le le lelapa hona joale le tle le kholisehe hore le lōna le tla “nehelana ka sehlabelo sa thoriso ho Molimo, ke hore, tholoana ea melomo e etsang polelo ea phatlalatsa lebitsong la oona.”—Ba-Heb. 13:15, NW.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela