Video e Ncha! Kamoo e ka Sebelisoang ka Teng
1 Mantsiboeeng a ’Mantaha, October 8, 1990, malapa a Bethele a United States le Canada a ile a e bona, ’me litho tsa ’ona li ile tsa thabisoa ke litebello tsa ho e sebelisa. Banyalani ba bang ba Bethele ba ile ba e bitsa “e ’ngoe ea lintho tse khothatsang le tse thabisang ka ho fetisisa tseo re kileng ra li bona.” Ka mor’a ho shebella video ena e ncha ea metsotso e 55 e nang le sehlooho se reng Jehovah’s Witnesses—The Organization Behind the Name, re nahana hore le lōna le tla thabisoa ke nehelano ena e rutang, e ntle.
2 Video ena e bontša mokhatlo o hlophisitsoeng oa batho ba Jehova ba phethang taelo ea Jesu ea ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso lefatšeng lohle. (Matt. 24:14) Le hoja ho totobatsoa mesebetsi e etsoang Bethele ea Brooklyn le Lipolasing tsa Watchtower, ho boetse ho fanoa ka pono e ntle ea mosebetsi oa lefatše ka bophara oa Lipaki tsa Jehova. Le tla hlokomela hore boitsebiso bona bo sirelelitsoe ka copyright ’me ha boa lokela ho hatisoa hape.
3 Le tla thabela ho tseba hore mona Afrika Boroa video ena ea fumaneha ka Senyesemane feela. Ka hona le ka qalisa ho romela liodoro tsa lōna ka phutheho ea lōna. Theko ea bahoeletsi ke R45 ’me theko ea bo-pula-maliboho ke R40. Bo-pula-maliboho ba ke ke ba iphumanela kopi e sa lefelloeng.
4 Ka mor’a ho shebella lenaneo leo, ntle ho pelaelo le tla qala ho nahana ka ba bang bao le tla thabela ho le arolelana le bona. Empa ke bo-mang ka ho khetheha? E etselitsoe hore ka ho khethehileng e bonoe ke lithuto tsa mahae tsa Bibele tse etsang khatelo-pele e ntle. Re le khothalletsa hore le e shebelle le seithuti, kaha hona ho tla rala motheo bakeng sa lipuisano tsa nako e tlang le sona. Haeba seithuti se lakatsa, se ka alingoa video hore se e bontše ba bang kapa se ka iphumanela kopi ea sona ea botho.
5 Na u na le beng ka uena ba sa lumelang? Ke hobane’ng ha u sa lokisetse hore ba e shebelle? Sena se ka ’na sa ipaka e le sona se hlokahalang ho qalisa puisano ka mokhatlo oa rōna o hlophisitsoeng le litumelo tsa rōna. Ka ho khetheha lenaneo lena le lokela ho tsoela bacha molemo. Ka lebaka la ho bona bacha ba bangata ba inehela ho ntšetseng lithahasello tsa ’Muso pele, ba ka ’na ba khothalletsoa hore le bona ba phehelle tšebeletso ea nako e tletseng.
6 Re kholisehile hore video ena e ncha e tla tsosa kananelo ea batho ba bangata ba eketsehileng bakeng sa mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova le seo o se finyellang lefatšeng ka bophara.