Tšusumetso ea Livideo Tse Fanang ka Bopaki
1 “Mora oa rōna o ’nile a shebella video ena le pele a khona ho tsamaea. O e shebella ka makhetlo-khetlo. Ho thabisa hakaakang ho ba le lithulusi tse susumelletsang bana ba rōna ho rata Jehova!” Motsoali eo oa Mokreste o ne a bua ka video efe? E nang le sehlooho se reng Noah—He Walked With God. Motsoali e mong eo e seng Paki eo mora oa hae a neng a shebeletse video ea Noah lelapeng la motho e mong o ile a romella ofisi ea lekala monehelo oa R670 ’me a botsa hore na re na le livideo tse ling tsa bana. Livideo tse hatisoang ke mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova li ba le tšusumetso e matla ho ba banyenyane le ba baholo ka ho tšoanang.
2 Ka Lapeng: Ka mor’a hore lelapa le leng la Lipaki le shebelle video ea Jehovah’s Witnesses Stand Firm Against Nazi Assault, mosali o ile a re: “Ke ile ka nahanisisa letsatsi lohle kamoo Jehova a ileng a nolofalletsa batho ba tloaelehileng hore ba mamelle lintho tse sa tloaelehang! Ho nahana ka seo ho ile ha etsa hore ke bone kamoo mathata a ka a leng manyenyane kateng ha a bapisoa le a ba bang. Ho shebella video ena le bana ba rōna ho ba thusitse ho bona ka ho hlaka hore ho hlokahala ba tšepe Jehova. Ka ho buisana le bona ka eona hamorao, re thusitse barali ba rōna ho itlhomella hamolemo bakeng sa khatello leha e le efe kapa mahloriso a ka ba hlahelang.”
3 Sekolong: Mocha e mong oa Paki o ile a khona ho bontša tlelase karolo e itseng ea video ea Stand Firm ha a etsa tlaleho sekolong. Pejana, tichere e ne e boletse hore ha e rate Lipaki. Ka mor’a ho shebella video eo, e ile ea re: “E entse hore ke fetole ka ho feletseng tsela eo ke talimang Lipaki Tsa Jehova ka eona. Ke tšepisa hore nakong e tlang ha li tla ha ka, ke tla li mamela ’me ke qale ho ithuta Bibele le tsona!” Ke eng e ileng ea fetola maikutlo a hae ka rōna? O itse ke “lerato la sebele le botšepehi” ba rōna.
4 Tšebeletsong: Morali e mong oabo rōna o ile a kopana le mosali e mong ea neng a tsilatsila ho amohela lingoliloeng, le hoja a ne a botsa lipotso ka rōna le seo re se lumelang. Morali’abo rōna o ile a khutla a tšoere video ea Jehovah’s Witnesses—The Organization Behind the Name ’me a e bontša mosali eo le monna oa hae. E ile ea ba khahla haholo ’me ba lumela ho ithuta Bibele. Ka lebaka la bopaki bo botle boo ba ileng ba bo fumana, ba ile ba qala ho phela tumellanong le thato ea Molimo.
5 Re ka sebelisa livideo tsa rōna ka botlalo joang? Kaha ho hatisa livideo tsena ho hloka chelete e ngata, liphutheho tse ling li boloka tse seng kae Laebraring ea Holo ea ’Muso ’me li lumella bahoeletsi ho li alima. Bahoeletsi ha ba khothalletsoe ho alima livideo tsena haeba ba se na mechine e li bapalang kapa haeba ba ke ke ba li sebelisa hakaalo.