Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 2/91 leq. 9
  • Litsebiso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litsebiso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1991
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1991
km 2/91 leq. 9

Litsebiso

● Mpho ea buka ka February: Ho Pholohela Lefatšeng le Lecha ka monehelo oa R2,50. (Liphutheho li ka odora mpho e khethehileng ea buka ho Mokhatlo.) March: Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi! ka monehelo oa R7,50. Buka ea Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang e ka ’na ea sebelisoa joaloka mpho e ’ngoe ea buka, ka monehelo oa R3,75. April le May: Peeletso ea Molula-Qhooa ka monehelo oa R16,00.

● Mongoli le molebeli oa tšebeletso ba lokela ho hlahloba mosebetsi oa bo-pula-maliboho bohle ba ka mehla. Haeba leha e le bafe ba e-na le bothata ba ho finyella lihora tse hlokahalang, baholo ba lokela ho lokisetsa thuso e ka fanoang. Bakeng sa litlhahiso, phetang mangolo a Mokhatlo (S-201) la October 1, 1989 le October 1, 1990. Hape, shebang lirapa 12-20 tsa kenyelletso ea Tšebeletso ea Rona ea ’Muso ea August 1986.

● Ho fanoa ka likhopotso tse latelang mabapi le tšebeletso ea bopula-maliboho:

○ Ha pula-maliboho oa ka mehla a khaotsa tšebeletso ea bopula-maliboho Komiti ea Tšebeletso ea Phutheho e lokela ho tlatsa foromo ea Tsebiso ea ho Tlohela Tšebeletso ea Bopula-maliboho ba Kamehla (S-206). Ka kōpo khutlisetsang karete ea Boiponahatso ba Tšebeletso ea Bopula-maliboho (S-202) hammoho le foromo ea S-206 ho Mokhatlo. Haeba le se na liforomo tsena le ka odora tse seng kae ho Mokhatlo.

○ Ho lokela ho etsoa tsebiso phuthehong ha pula-maliboho oa kamehla a khaotsa tšebeletso ea bopula-maliboho. Tsebiso e khutšoaane feela e ka ’na ea re: “Re tsebisa phutheho hore [lebitso la pula-maliboho] ha a sa sebeletsa e le pula-maliboho oa kamehla.”

○ Lihora tse hlokahalang bakeng sa bo-pula-maliboho ka selemo e sa ntse e le 1000.

○ Selemo se tletseng se lokela ho feta ka mor’a khalemelo ea komiti ea boahloli kapa motho a khutliselitsoe pele a ka buelloa bakeng sa tšebeletso ea bopula-maliboho bo thusang kapa ba ka mehla.—Bona kenyelletso ea Tšebeletso ea Rona ea ’Muso ea August 1986 lirapa 21 le 23.

● Nakong ea ketelo ea molebeli oa potoloho, ho tla tšoaroa Sekolo se le seng sa Puso ea Molimo. E mong le e mong o lokela ho ba ka holong e khōlō bakeng sa lenaneo mantsiboeeng ao.

● Mokete oa Sehopotso o tla ba ka Moqebelo, March 30, 1991. Le hoja puo e ka ’na ea qalisa pejana, ka kōpo hopolang hore ho tsamaisoa ha bohobe le veine tsa Sehopotso ha hoa lokela ho qala pele ho shoalane. Hlahlobang mehloling ea sebaka sa lōna ho tseba hore na shoalane e tla tšoara neng tulong ea lōna. Ha ho liboka tse lokelang ho tšoaroa letsatsing leo. Liphutheho tse tšoarang liboka ka Moqebelo li lokela ho etsa tokisetso ea hore liboka tseo li tšoaroe letsatsing le leng haeba ho ka etsahala. Ho ke ke ha e-ba le liphetoho kemisong ea liboka tsa Sontaha.

● Sehlooho sa puo e khethehileng ka la 7 April, 1991 e tla ba: “Ho ba Teng ha Messia le ho Busa ha Hae.”

● Bahoeletsi ba ratang ho ba bo-pula-maliboho ba thusang ka March le April ba lokela ho lokisetsa hona joale le ho khutlisa liforomo tsa bona tsa kōpo nako e sa le teng. Sena se tla thusa baholo ho etsa litokisetso tsa tšebeletso ea tšimo le hore libuka tse lekaneng li fumanehe.

● Liphutheho li kōptjoa ho romella liodoro tsa likopi tse eketsehileng tsa Molula-Qhooa le Tsoha! tse tla sebelisoa ka April ho kopanyelletsa le letsatsi le khethehileng la limakasine la 6 April. Liodoro tsena li lokela ho romelloa ka la 15 February kapa kapele-pele ka mor’a moo.

● Liphutheho li ka qalisa ho odora 1991 Yearbook of Jehovah’s Witnesses. Bahoeletsi le bo-pula-maliboho, ka kōpo odorang li-Yearbook ka phutheho ea lōna. Liphutheho li lokela ho romela liodoro tsa tsona ho Mokhatlo li sebelisa foromo ea kamehla ea “Literature Order” (S-14). Li-Yearbook li tla fumaneha ka Senyesemane, Sejeremane, Segerike, Setaliana, le Sepotoketsi. Ho fihlela ha li-Yearbook tsena li fumaneha ’me li rometsoe, li-invoice tsa phutheho li tla ngoloa “Li tla romeloa.” Li-Yearbook ke lintho tsa setoko se laoloang ’me li tla lefisoa molatong oa libuka ka R2,60 e le ’ngoe e leng theko ea bahoeletsi le batho bohle. (Bona Litaelo tsa Lenaneo la Litheko, lirapa 19-21.) Bo-pula-maliboho ba ka mehla le ba khethehileng ba bileng lenaneng nakong e fetang likhoeli tse tšeletseng ba ka iphumanela kopi ea mahala eo phutheho e ka kōpang phokoletso ea eona foromong ea Tefello le Kōpo ea Phokoletso (S-AB-20). Bo-pula-maliboho ba ka iphumanela likopi tse eketsehileng ka R1,30 e le ’ngoe.

● Likhatiso tse Ncha tse Fumanehang:

Moloko oa Batho o Batla Molimo (phutheho le batho bohle: R3,75; bo-pula-maliboho: R2:00)—Seafrikaanse, Sechaena, Sedutche, Senyesemane, Sefora, Sejeremane, Segerike, Setaliana, Sepotoketsi, Sepedi, Sesotho, Setsonga, Setswana, Sexhosa, Sezulu

Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho?—Searabia

Mali a ka Boloka Bophelo ba Hao Joang? (phutheho le batho bohle: R0,75; bo-pula-maliboho: R0,40)—Seafrikaanse, Sechaena, Sedutche, Senyesemane, Sefora, Sejeremane, Segerike, Setaliana, Sepotoketsi, Sepedi, Sesotho, Setsonga, Setswana, Sevenda, Sexhosa, Sezulu

How to Find the Road to Paradise (pampitšana e maqephe a mane e boholo ba makasine bakeng sa Mamosleme; phutheho, batho bohle, le bo-pula-maliboho: R0,02)—Senyesemane

Tract No. 15—Serussia

● Li’khasete tse Ncha tse Fumanehang:

Preserving Life in Time of Famine—Drama (k’hasete e le ’ngoe; phutheho le batho bohle: R6,50; bo-pula-maliboho R5,75—Senyesemane

● Tse Fumanehang Hape Afrika Boroa:

“Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo,” Khatiso ea 1990 (phutheho le batho bohle: R8,00; bo-pula-maliboho: R5,20)—Senyesemane

● Mokhatlo o entse bukana e maqephe a 32 ka Senyesemane ka morero o khethehileng oa ho thusa batho ba semelo sa Bohindu ho utloisisa ’nete. Lebitso la bukana ena ke Our Problems—Who Will Help Us Solve Them? Liphutheho tse nang le batho ba buang Senyesemane ba semelo sa Bohindu tšimong ea bona ba ka ’na ba rata ho kōpa lenane le LENYENYANE la bukana ena. Ho tla etsoa tsebiso ha bukana ena e fumaneha ka lipuo tse ling.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela