Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 2/91 leq. 9
  • Ho Tloaelana le Litokollo Tse Ncha Tsa Kopano

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Tloaelana le Litokollo Tse Ncha Tsa Kopano
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1991
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • BUKA E NCHA
  • Kamoo re ka Sebelisang Bukana ea Litaba Tse Molemo Tse Tsoang ho Molimo!
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2013
  • Bukana e Ncha e Tla Tsamaisoa Tšimong!
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2010
  • Sebelisa Libukana Tse Lekanang le Makasine Tse sa Tšoaneng Tšebeletsong ea Hao
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
  • Etsisa Jehova ka ho Tsotella ba Bang e le Kannete
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1991
km 2/91 leq. 9

Ho Tloaelana le Litokollo Tse Ncha Tsa Kopano

1 Litokollo tse peli tse ncha, buka le bukana e boholo ba makasine li phaelletse phepong ea rōna ea lijo tsa moea tse enneng. Litokollo tsena tse ncha tse lokollotsoeng Likopanong tsa Setereke tsa “Puo e Hloekileng,” ka sebele li tla ba le phello e matla boboleling ba rōna ho phaella ho re thuseng bohle ho bua puo e hloekileng ka ho hlakileng haholoanyane.—Sof. 3:9.

2 Ha ho ne ho lokolloa bukana e ncha e boholo ba makasine, sebui kopanong se ile sa re: “Tšebeletsong ea tšimo—ka ntlo le ntlo, maetong a ho boela le nakong ea lithuto tsa Bibele—hangata re botsoa lebaka leo re sa tšeloeng mali ka lona. Ho u thusa ho arabela potso eo, ke thabo ho ’na ho lokolla khatiso ena e ncha. Ke bukana e boholo ba makasine, Mali a ka Boloka Bophelo ba Hao Joang?” Na u entse hore boitsebiso ba bohlokoa bo bukaneng ena e be ba hao ka ho e bala ka hloko? Ho bohlokoa hore u etse joalo bakeng sa ho matlafatsa tumelo ea hao le ho itokisetsa ho thusa ba bang ho utloisisa pono ea Bokreste ka mali.—Lik. 15:28, 29.

3 Boitsebiso bo pakiloeng hantle bo leng bukaneng ena bo tla boela bo u hlomella ho hlalosa boemo ba hao le takatso ea hao ho ngaka leha e le efe. Leha ho le joalo, bukana ena ha ea etsetsoa haholo-holo lingaka le babuelli ba molao. E entsoe le ho ngoloa ka ho khethehileng bakeng sa batho bohle. U ka bona kamoo morero oa eona o habeli o e etsang kofuto ea bohlokoa haholo hore re e sebelise nakong ena. Ho etsoa tlhahiso ea hore u be le kopi e le ’ngoe kapa tse peli ha u le tšimong. Sebelisa boitsebiso bona ba bohlokoa molemong oa hao oa botho le bakeng sa ho thusa batho ba bang ho bontša tlhompho e loketseng ka mali.

BUKA E NCHA

4 Ak’u nahane ka bohlokoa ba buka ena e ncha ea Moloko oa Batho o Batla Molimo bakeng sa ho re thusa boboleling ba rōna. Ho ithuta eona ho tla re neha kutloisiso e hlakileng haholoanyane ka malumeli a mang le semelo sa oona sa histori. E tla re thusa ho ba ba hlomelletsoeng hamolemo bakeng sa ho bolella batho ba Bokreste-’mōtoana esita le ba khomaretseng malumeli a mang. Ka baka la ho falla ha batho ka bongata lekholong lena la bo-20 la lilemo, re ka fumana batho ba lipuo tse ngata tse fapaneng le malumeli boboleling ba ntlo le ntlo. Sena se fana ka phephetso ea sebele ha re sa tloaelana le litumelo le meetlo ea batho bana. Ka thuso ea buka ena e ncha, ha rea lokela ho ikutloa re lahlehile ha re kopana le batho ba semelo se fapaneng sa bolumeli tšimong ea rōna.

5 Boitsebiso bo leng bukeng ena bo ile ba batlisisoa le ho hlahlobjoa ke batho ba tloaelaneng haholo le taba eo ho buisanoeng ka eona. Ka baka leo, re ka bua ka sebete ha re sebelisa lipolelo tse leng bukeng ena. Ka sebele, ho hlomelloa ka boitsebiso bo joalo nakong ena ke bopaki bo bong ba lerato le leholo la Jehova bakeng sa batho ba lichaba tsohle. Ha re etseng boiteko bo boholo ho tloaelana le buka ena le ho e sebelisa hamolemo ho thusa batho ba tšepahalang ba merabe e meng le semelo sa bolumeli. E, ho sebelisa buka ena e ncha hamolemo ho tla re neha khotsofalo ea ho tseba hore re bolela litaba tse molemo ho batho ba mefuta eohle ha re ntse re ba fumana tšimong eo re e abetsoeng.—Matt. 28:19, 20; Tite 2:11.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela