Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 2/91 leq. 9
  • Karolo ea Lipotso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Karolo ea Lipotso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1991
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Balebeli ba Etellang Pele—Mongoli
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
  • Lebokose la Lipotso
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
  • Na Ua Falla?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1999
  • Karolo 3: Kenya Letsoho Khatelo-peleng ea ba Bang
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1991
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1991
km 2/91 leq. 9

Karolo ea Lipotso

● Ha mohoeletsi a fallela sebakeng se seng, ke eng se lokelang ho etsoa ho mo thusa ho fetela phuthehong e ncha?

Hang ha mohoeletsi ea tsoang phuthehong e ’ngoe a fihla, mongoli oa phutheho o lokela ho mo botsa lebitso la phutheho eo a tlohang ho eona le lebitso le aterese tsa mongoli oa phutheho eo. Joale o lokela hore a ngolle mongoli oa phutheho eo mohoeletsi a tlohang ho eona, a kōpa karete ea Tlaleho ea Mohoeletsi ea Phutheho le lengolo la boitsebiso. Mongoli eo kōpo ena e lebisitsoeng ho eena o lokela ho araba kapele.—Bona Ho Hlophisetsoa ho Phetha Tšebeletso ea Rōna, maqephe 104-5.

Mohoeletsi ea rerang ho falla a ka thusa ka ho tiiseha hore o fana ka lebitso le nepahetseng la phutheho eo a tlohang ho eona le lebitso le aterese tsa mongoli. Ha a fihla phuthehong e ncha, boitsebiso bona bo ka fuoa mongoli oa eona e le hore a ka khona ho bo sebelisa hang-hang. Lipeho tsa tšebeletso ea tšimo tse tlisoang phuthehong e ncha li ka bolokoa ho fihlela karete ea peho e amohetsoe. Ka mor’a moo mosebetsi oa mohoeletsi o ka kenngoa kareteng ’me oa kenyelletsoa tlalehong ea khoeli le khoeli ea phutheho khoeling e latelang.

Maemong a mang mohlomong mohoeletsi o tseba lebitso le aterese tsa mongoli oa phutheho eo a eang ho eona. Haeba ho joalo, ha ho hlokahale hore baholo ba emele kōpo. Tlaleho ea mosebetsi oa mohoeletsi le lengolo la boitsebiso li ka romeloa hang-hang ka poso ho mongoli oa phutheho eo mohoeletsi a tla kopanela le eona.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela