Balebeli ba Etellang Pele—Mongoli
1 Mongoli oa phutheho o phetha karolo ea bohlokoa ho tiiseng hore ‘lintho tsohle li etsahala ka mokhoa o hlomphehang le ka tlhophiso.’ (1 Bakor. 14:40) E le setho sa Komiti ea Tšebeletso ea Phutheho, o hlokomela mangolo a phutheho le litlaleho tse ling tsa bohlokoa. Le hoja mosebetsi oa hae o ka ’na oa se ke oa totobala ho e mong le e mong joaloka oa baholo ba bang, mosebetsi oa hae ke oa bohlokoa ’me o ananeloa haholo.
2 Ha ho amoheloa mangolo a tsoang Mokhatlong kapa libakeng tse ling, mongoli ke eena ea a hlokomelang le ea bonang hore a hlokang karabo aa arajoa. O etsa bonnete ba hore mangolo a amohetsoeng a potoloha ho baholo ba bang a ntoo a faela bakeng sa litšupiso. O hlahloba liforomo tsa ho odara limakasine le libuka ’me o li romela Mokhatlong. O hlokomela ka ho toba ba sebetsanang le lichelete le lipeeletso esita le litaba tsohle tse amanang le kopano.
3 Kaha mongoli o tlameha ho romela tlaleho ea phutheho ea tšebeletso ea tšimo khoeli le khoeli Mokhatlong ka la botšelela khoeling, ke habohlokoa hore kaofela ha rōna re tlalehe mosebetsi oa rōna oa tšimo hang-hang ha khoeli ka ’ngoe e fela. O boetse o kenya litlaleho tseo tsa tšebeletso likareteng tsa Tlaleho ea Mohoeletsi ea Phutheho. Mohoeletsi leha e le ofe a ka ’na a kōpa ho bona tlaleho ea hae ea mosebetsi.
4 Ha mohoeletsi a fallela phuthehong e itseng kapa a tloha ho eona, mongoli o kōpa hore baholo ba phutheho eo e ’ngoe ba romele lengolo la boitsebahatso hammoho le likarete tsa hae tsa Tlaleho ea Mohoeletsi ea Phutheho kapa eena o ba romella tsona.—Tšebeletso ea Rōna, maq. 104-5.
5 Mongoli o hlahloba mosebetsi oa bo-pula-maliboho, o tsebisa baholo, ’me ka ho khetheha molebeli oa tšebeletso, ka mathata leha e le afe ao mohlomong bo-pula-maliboho ba thulanang le ’ona. O hlokomelisa batsamaisi ba Thuto ea Buka ea Phutheho ka bahoeletsi ba sa tsoeng kamehla ho ea tšebeletsong ea tšimo. Mongoli hammoho le molebeli oa tšebeletso ba etella pele ho hokahanyeng boiteko ba ho hlokomela ba sa kopaneleng tšebeletsong kamehla.—Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso, November 1987, leq. 1.
6 Re e-na le kutloisiso e molemonyana ka mosebetsi oa mongoli, e se eka re ka etsa sohle se matleng a rōna ho thusa ho mo nolofalletsa ho phetha botsamaisi ba hae.—1 Bakor. 4:2.