Ho Sebeletsa Moo Tlhokahalo e Leng Khōloanyane
1 Kopanong ea rōna ea Setereke ea “Puo e Hloekileng” re ile ra khothalletsoa ho etsa sohle seo re ka se khonang ho thusa batho ba eketsehileng hore ba kopanele ka mafolo-folo le mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo. Na re ka etsisa Pauluse ka ho ikitlaetsa hore re finyelle tšimo e e-s’o ka e sebetsoa? Ho thoe’ng ka ho sebetsa libakeng tseo ho tsona ho nang le tlhokahalo e khōloanyane ea bahoeletsi ba ’Muso? Kaofela ha rōna re lokela ho phatlalatsa litaba tse molemo masimong a hōle.—Ba-Roma 15:20, 21.
2 Re thabela ho le neha lethathamo la libaka tseo ho nang le tlhokahalo e khōloanyane ho tsona. Re u mema hore u hlahlobe boemo ba hao ka thapelo ’me u bone hore na u ka itlhahisa hore u sebeletse ho se seng sa libaka tsena tse latelang:
BOPHUTHATSWANA:
MADIKWE: Ka bophirimela ho Swartruggens, e na le tšimo e khōlō le bahoeletsi ba qhalakaneng. Ho hlokahala baholo, bahlanka ba sebeletsang le bo-pula-maliboho.
MOGWASE: Ke motse o ntseng o hōla ka leboea ho Rustenburg o nang le bahoeletsi ba 13 ba mafolo-folo. Ho na le tlhokahalo e khōlō, haholo-holo bakeng sa baena ba ka etellang pele.
TSING: Ho hlokahala banyalani bao e leng bo-pula-maliboho.
BAPONG: Ka bophirimela ho Brits. Ke tšimo e khōlō e nang le bahoeletsi ba 30 ba mafolo-folo le bo-khaitseli ba tšeletseng bao e leng bo-pula-maliboho empa ha ho na moholo kapa mohlanka ea sebeletsang ea etellang pele.
BAKERVILLE: Ka bophirimela ho Lichtenburg. Ke sebaka seo ho sona ho buuoang Setswana se nang le tšimo e khōlō haholo le bahoeletsi ba 16 feela ba mafolo-folo. Ho hlokahala baholo, bahlanka ba sebeletsang le bo-pula-maliboho.
ORANGE FREE STATE:
BOTSHABELO, Thaba N’chu: Tšimo ena ke e ’ngoe ea masimo a maholo ka ho fetisisa Orange Free State, ’me e sa ntse e hōla. Hona joale ho na le liphutheho tse peli feela. Haeba baholo, bahlanka ba sebeletsang, le bo-pula-maliboho ba eketsehileng ba ka fallela tšimong ena e khōlō, ho ka theoa liphutheho tse ngata.
CLOCOLAN: E na le sehlopha sa bahoeletsi ba tšeletseng, hammoho le khaitseli a le mong eo e leng pula-maliboho ea ka mehla. Ho hlokahala moholo kapa mohlanka ea sebeletsang ea tla etella pele.
TWEELING: Ke sehlopha se senyenyane sa bahoeletsi ba bararo se hlokang thuso ea bo-pula-maliboho.
HENNENMAN: Ke khaitseli a le mong feela ea sebetsang tšimong ena e khōlō. Ho hlokahala malapa a matla.
TRANSVAAL:
TŠIMO EA SEPEDI GRASKOP: E na le bahoeletsi ba babeli le batho ba seng bakae ba thahasellang. Ho na le tšimo e lekaneng bakeng sa banyalani bao e leng bo-pula-maliboho.
MANKOPANE: E haufi le Jane Furse. Ho na le bahoeletsi ba 16. Ho hlokahala moholo kapa mohlanka ea sebeletsang ka potlako.
LEUBANENG: E ka bophirimela ho Potgietersrus moo ho nang le bo-khaitseli ba 11 ba etsang mosebetsi oa ho bolela ’me ha ho na moena ea etellang pele.
LIBAKA TSE LING:
LEFISO, MARAPYANE, GA-RAMANTSANE (SEABE) LE SENOTLELO: Ho hlokahala bo-pula-maliboho ba eketsehileng tšimong ena e khōlō haholo e nang le baahi bao ho lekanngoang hore ba feta 80 000. Ho ile ha fumanoa thahasello e khōlō nakong ea phutuho ea tšimo e sa abuoang.
3 Haeba u le boemong bo botle ba ho fallela ho se seng sa libaka tse boletsoeng ka holimo, re u mema hore u buisane le baholo ba heno. Ka mor’a moo u ka ngolla Mokhatlo, u kōpe hore komiti ea tšebeletso e saene lengolo la hao. (Ka kōpo bona buka ea Tšebeletso ea Rōna, maqephe 112 le 113.) Re tšepa hore ba bangata ba eketsehileng ba tla khona ho arabela pitso ea ho sebeletsa moo tlhokahalo e leng khōloanyane teng.—Lik. 16:9, 10.