Litsebiso
● Mpho ea buka ka March: Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi! ka monehelo oa R7,50. Buka ea Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang e ka ’na ea sebelisoa joaloka mpho e ’ngoe ea buka, ka monehelo oa R3,75. April le May: Peeletso ea Molula-Qhooa ka monehelo oa R16,00 bakeng sa likhatiso tse tsoang habeli ka khoeli. Lipeeletso tsa selemo se le seng bakeng sa likhatiso tse tsoang hanngoe ka khoeli le lipeeletso tsa likhoeli tse tšeletseng tsa likhatiso tse tsoang habeli ka khoeli ke R8,00. June: Moloko oa Batho o Batla Molimo ka monehelo oa R3,75.
● Molebeli ea okamelang kapa e mong ea khethiloeng ke eena o lokela ho hlahloba lichelete tsa phutheho ka March 1 kapa kapele kamoo ho ka khonehang ka mor’a moo. Etsa tsebiso phuthehong ha sena se se se entsoe.
● Liphutheho tse binang li sa sebelise litheipi tsa ’mino li khothalletsoa ho odora lik’hasete kapa lirekoto ho Mokhatlo. Sing Praises to Jehovah e fumaneha ka albamong ea lik’hasete tse robeli ka R54,00 kapa e le lirekoto ka R48,00. Liphutheho li ka ’na tsa khona sete ea lialbamo tse hlano ka R250,00 bakeng sa lik’hasete tse 113.
● LIKOPANO TSA SETEREKE TSA 1991: Ho ntse ho etsoa litokisetso tse sa tiisoang bakeng sa likopano tsa setereke tsa matsatsi a mararo ka mokhoa o latelang:
November 15-17: St. Helena
December 6-8: Windhoek
December 13-15: Bloemfontein, Durban, Gaborone, Manzini, Nkowankowa, Ongwediva
December 20-22: Cape Town, Empangeni, Johannesburg, Lebowa-Kgomo, Mafikeng, Maputo, Mdantsane
December 27-29: KaNyamazane, Maseru, Newcastle, Port Elizabeth, Pretoria
January 3-5, 1992: Umtata
● Likhatiso tse Ncha tse Fumanehang:
“All Scripture Is Inspired of God and Beneficial,” Khatiso ea 1990 (phutheho le batho bohle: R8,00; bo-pula-maliboho: R5,20)—Seafrikaanse
● Tse Sieo ka ho Felletseng Setokong:
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—1991—Setswana