Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 3/91 leq. 2
  • Liboka Tsa Tšebeletso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Liboka Tsa Tšebeletso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1991
  • Lihloohoana
  • BEKE E QALANG KA MARCH 4
  • BEKE E QALANG KA MARCH 11
  • BEKE E QALANG KA MARCH 18
  • BEKE E QALANG KA MARCH 25
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1991
km 3/91 leq. 2

Liboka Tsa Tšebeletso

BEKE E QALANG KA MARCH 4

Pina 4

10 mets: Litsebiso tsa phutheho le Litsebiso tse khethiloeng ho Tšebeletso ea Rona ea ’Muso. Khothalletsa bohle hore ba qale ho lokisetsa hona joale hore ba be teng likopanong tsa setereke ka December. Hlalosa litokisetso tsa tšebeletso ea tšimo bakeng sa mafelo-beke ana.

17 mets: Molebeli oa tšebeletso o tšohla lengolo la Mokhatlo la February 10, 1991, le buang ka letsatsi le khethehileng la limakasine ka April 6. Hlalosa litokisetso tseo phutheho e li entseng hore e tšehetse letsatsi lena ka botlalo. Qalisang mesebetsi ea April hantle. Khothalletsa bohle bao maemo a bona a ba lumellang hore ba ngolise e le bo-pula-maliboho ba thusang. Tsebisa phutheho ka lenane la bo-pula-maliboho ba thusang ba leng teng ho tla fihlela joale. Hlalosa litokisetso tsa tšebeletso ea tšimo bakeng sa April kaofela.

18 mets: “Ho Nehelana ka Taba tse Molemo—Ka Buka ea Tšenolo.” Puisano ka lipotso le likarabo. Ka mor’a ho buisana ka serapa 4, etsa pontšo e lokiselitsoeng hantle e bontšang kamoo mohoeletsi a sebelisang Sehlooho sa Puisano se sebelisoang hona joale ’me ka mor’a moo a neha mong’a ntlo buka. Bolela taba ea hore buka ea Tšenolo e tla ithutoa thutong ea buka ho qala ka beke ea March 18. Khothalletsa bohle ho ba teng ka mehla. Boitsebiso bo lokiselitsoeng bakeng sa beke ka ’ngoe ha bo bongata, bo fana ka nako e eketsehileng ea ho buisana ka botlalo ka boitsebiso bona ba bohlokoa.

Pina 6 le thapelo e koalang.

BEKE E QALANG KA MARCH 11

Pina 87

10 mets: Litsebiso tsa phutheho le tlaleho ea lichelete. Akarelletsa le liteboho tsa menehelo. Hopotsa bohle hore Sehopotso se tla ba ka Moqebelo mantsiboea, March 30. Fana ka nako e tobileng le sebaka. Botsa phutheho hore na e ntse e etsa litokisetso life tsa hore e meme ba bacha ho tla Sehopotsong, ’me u bontše kamoo sena se ka etsoang ka teng. Hopotsa phutheho hore limemo tse hatisitsoeng lia fumaneha.

15 mets: “Ho Rorisa Jehova ka ho Bina.” Puo e khothatsang e theiloeng sehloohong sena. Sebelisa lipina tse lenaneong la mantsiboeeng ana ho bontša lintlha tse hatisoang sehloohong sena. Hlalosa litokisetso tsa phutheho bakeng sa ho ikoetlisetsa lipina.

20 mets: “Letsatsi la Bohlokoa ka ho Fetisisa ka 1991.” Lipotso le likarabo. Nehelano e mofuthu le e bontšang cheseho e khothalletsang phutheho ho chesehela letsatsi lena la bohlokoa ka ho fetisisa selemong. Totobatsa bohlokoa ba ho etsa litokisetso tse ntle tsa ho khutlela ho batho ba bontšitseng thahasello ba bang teng Sehopotsong ka lekhetlo la pele.

Pina 129 le thapelo e koalang.

BEKE E QALANG KA MARCH 18

Pina 135

12 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litaba tsa Puso ea Molimo. Bolela litokisetso tsa tšebeletso, ’me u tšohle lintlha tse khōlō tse limakasineng tsa morao-rao tse ka sebelisoang tšebeletsong ea limakasine. Ho ka ’na ha boleloa liphihlelo tse amanang le ho nehelana ka mpho ea buka e sebelisoang hona joale. Ba khothalletse ho kenela mosebetsi oa bopula-maliboho bo thusang ka April.

18 mets: Lokisetsa Likenyelletso tse Atlehang. Moholo ea atlehang tšebeletsong ea tšimo o thusa bahoeletsi ho lokisetsa likenyelletso tse ka lokelang tšimo e sebakeng sa bona. Thea litlhahiso tsena maqepheng 9-15 bukeng ea Ho Bea Mabaka. Hlalosa likenyelletso tse peli kapa tse tharo tse ka sebelisoang hammoho le Sehlooho sa Puisano se sebelisoang hona joale kapa sehlooho se seng se nakong. Ere bahoeletsi ba nang le phihlelo ba etse pontšo ka linehelano tse peli tsa ntlo le ntlo. Ha nako e lumela, ka bokhutšoaane pheta liphihlelo tsa sebakeng sa lōna tse bontšang bohlokoa ba ho sebelisa likenyelletso tse hapang thahasello ea mong’a ntlo.

15 mets: Puo e theiloeng holim’a bohlokoa ba ho bala mangolo a Sehopotso a thathamisitsoeng ho Almanaka ea 1991 bakeng sa March 25-30. Mohlomong malapa a ka lakatsa ho a bala a le ’moho le ho buisana ka bohlokoa ba ketsahalo ena. E ka ba ho thusang ho bala boitsebiso bo tlas’a “Lord’s Evening Meal” ho Insight, Moqolo 2, maqephe 268-71. Tokisetso e joalo e ka matlafatsa kananelo bakeng sa Sehopotso le ho atametsa malapa haufi haholoanyane tlamong ea borapeli ba ’nete.

Pina 126 le thapelo e koalang.

BEKE E QALANG KA MARCH 25

Pina 168

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hlalosa litokisetso tsa Sehopotso. Hopotsa bamameli hore ba fihle kapele kamoo ho ka khonehang le malapa a bona le batho ba thahasellang Holong ea ’Muso e le hore ba ka lula fatše. Moo liphutheho tse peli kapa ho feta li tšoarang Sehopotso holong e le ’ngoe, baholo ba tla fana ka tataiso mabapi le nako eo phutheho ka ’ngoe e lokelang ho fihla ka eona. Tsebisa baena batho ba bacha le ho ba tloaetsa Holo ea ’Muso haeba e le lekhetlo la pele ba fihla ho eona. Tsebisa ka litokisetso tse entsoeng bakeng sa tšebeletso ea tšimo ka Moqebelo le ka Sontaha, u khothalletse bohle ho thabela mafelo-beke a tletseng lintho tsa moea.

15 mets: “Ho Sebeletsa Moo Tlhokahalo e Leng Khōloanyane.” Puisano e tletseng cheseho ka moholo ea nang le phihlelo. Khothalletsa bao maemo a bona a ba lumellang hore ka thapelo ba hlahlobe hore na ba ka arabela pitso ena.

20 mets: “Ho Hatela Pele Tšebeletsong.” Puisano pakeng tsa moholo ea nang le phihlelo le moena ea nkileng karolo ea motho ea bileng ’neteng ka nako e teletsana empa a e-s’o ka a hatela pele. Ka bokhutšoaane ere ba etse pontšo ka nako ea ho ikoetlisa eo ho buuoeng ka eona serapeng sa 3. Ha le buisana ka serapa 4, ere pula-maliboho kapa mohoeletsi e mong ea atlehang a bontše mohoeletsi ea nang le phihlelo e fokolang kamoo a ka tobanang le ho sebetsana ka katleho le boemo boo ho thulanoang le bona khafetsa tšimong e sebakeng sa lōna. Akarelletsa litlhahiso tse fumanoang ho Molula-Qhooa oa August 1, 1985, maqephe 15-20, tse buang ka ho finyella lipelo puisanong ena. Phetha karolo ena ka ho khothalletsa bohle hore ba etse litokisetso tse tsitsitseng tsa ho ntlafatsa ho buisana ha bona le batho le ho khutlela moo ho bontšitsoeng thahasello.

Pina 123 le thapelo e koalang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela