Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 3/91 leq. 4
  • Ho Nehelana Ka Taba Tse Molemo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Nehelana Ka Taba Tse Molemo
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1991
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ka Buka ea Tšenolo
  • HO BUELLA BUKA EA TŠENOLO
  • Ho Phatlalatsa ‘Mantsoe a Boprofeta’
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
  • Tšenolo—Liphiri li Koahollotsoe
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
  • Ho Nehelana ka Litaba Tse Molemo ka Boikutlo ba ho Potlaka
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
  • Ba Thuseng ho Utloisisa
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1991
km 3/91 leq. 4

Ho Nehelana Ka Taba Tse Molemo

Ka Buka ea Tšenolo

1 Bara ba Kore ba ile ba ngola tjena ka Jehova: “Hobane Molimo ona ke Molimo oa rōna ho fihlela nakong e ke keng ea lekanngoa, esita le ka ho sa feleng. Oona ka booona o tla re tataisa ho fihlela re e-shoa.” (Pes. 48:14, NW) Banna bao ba tšepahalang ba ile ba beha tšepo ea bona ho Jehova ka kholiseho, ba phetse bophelo bohle ba bona tumellanong le litaelo tsa Molimo. Ba re behetse mehlala e metle hakaakang! Kajeno ba tataisoang ke Jehova ba fumana khatholoho le tsebo. (Esa. 58:11) Ba qoba qetello e tla oela ba latelang “batataisi ba foufetseng” ba tsamaiso ena e khopo, ba etellang pele balateli ba bona ho ea ka “sekoting” sa mahlomola le pherekano.—Matt. 15:14, NW.

2 Kajeno tataiso e tsoang ho Molimo ke ea bohlokoa haholo-holo ha lefatše le re potolohileng le ntse le ferekana le ho ba kotsi ka ho eketsehileng. Batho ba bangata ba tsielehile ’me ba laba-labela ho fumana likarabelo tse khotsofatsang. Ka hona, ke ho loketseng hakaakang hore re ba khothalletse ho bala buka ea Tšenolo! Buka ena e fana ka tataiso e tsoang ho Molimo ka ho hlalosa liketsahalo tsa mehleng ea rōna tse sisinyang lefatše ho latela pono ea boprofeta ba Tšenolo. Boitsebiso bo joalo bo tlisa topollo ebile bo fana ka tataiso e loketseng ea kamoo batho ba kajeno ba ka phelang bophelo bo khahlisang Molimo.

HO BUELLA BUKA EA TŠENOLO

3 Tšobotsi e ikhethang ea buka ea Tšenolo ke litšoantšo tsa eona, tseo e leng lithuso tse khōlō tsa ho ruta. Sebelisa litšoantšo tsena ka katleho ha u nehelana ka buka ena tšebeletsong ea tšimo. Ka mohlala, leqepheng 302 ho na le setšoantšo se hlakileng sa mahlohonolo a ’Muso. Setšoantšo sena ke khopolo ea moetsi oa litšoantšo e bontšang seo ho buuoang ka sona ho 2 Petrose 3:13 le ho Tšenolo 21:4, e leng mangolo a mabeli a leng Sehloohong sa rōna sa Puisano.

4 Ka mor’a ho itlhalosa, re ka qalisa puisano ka tsela ena: “Re u etetse hore re tl’o buisana ka se boleloang ke lintho tse etsahalang kajeno lefatšeng le re potolohileng. Baeta-pele ba bang ba lefatše ba ikutloa hore re lintšing tsa ho kena nakong e ncha ea khotso. Na u ikutloa hore ho joalo? [Lumella mong’a ntlo ho arabela.] Le hoja ho ka bonahala eka mebuso e rarolla liphapang tse itseng tsa lipolotiki, boikutlo ba batho e mong ho e mong le tekanyo eo pefo e etsahalang ka eona hangata ho bonahala li sitisa boiteko ba motho ba ho tlisa khotso. Leha ho le joalo, ho 2 Petrose 3:13 Bibele e re tiisetsa hore ho tla ba le mokhatlo oa batho oa lefatše le lecha o tla ba tlas’a tataiso ea puso ea leholimo. [Bala lengolo ’me u phetle buka leqepheng la 302.] Sena ke setšoantšo sa moetsi oa litšoantšo se bontšang seo lengolo lena le buang ka sona. Ke eng se ipiletsang ho uena setšoantšong see? [Emela karabo.] Ho Tšenolo 21:4 [bala lengolo lena leqepheng la 303, serapa 6] Bibele e boetse e bolela tjena mabapi le maemo a tla ba teng lefatšeng. Esita le lona lefu le ke ke la senya khotso eo Molimo o tla e tlisa.” Mohlomong u ka fumana likenyelletso tse sa tšoaneng tse loketseng tikolohong ea heno maqepheng 9-15 bukeng ea Ho Bea Mabaka.

5 Le hoja re batla ho buella mahlohonolo a ’Muso ka ho nehelana ka litaba tse molemo, hape ho hlokahala hore re thuse batho ba thahasellang hore ba utloisise molaetsa o potlakileng oo Jesu Kreste a o phatlalalitseng bukeng ea Tšenolo. Ka hona, re ka phetha puisano ea rōna ka boipiletso bo potlakileng le ho ithaopela ho thusa batho ba tšepahalang ho utloisisa hore kahlolo e tla oela tsamaiso ena le ba e tšehetsang e tla tla haufi.

6 Boprofeta ba Tšenolo ke mohloli o moholo oa khatholoho le thabo. Jehova o mema bohle ba lipelo li tšepahalang hore ba latele ketello-pele ea hae le hore ba ithuise molemo. A re nehelaneng ka buka ea Tšenolo ka cheseho e le hore batho bohle ba tle ba tataisoe ke tataiso e bohlale ea Jehova.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela