Pina ea 6
Bolelang Litaba tse Molemo tsa Ka Mehla le Mehla
1. Ho fofa lengeloi kajeno sebakeng,
Le isa taba tse molemo lichabeng.
Le laela batho bohle hore ba tsebe
Ho tšaba Jah Molimo, ba o rapele.
Ke nako ea kahlolo joale, ee, ruri.
Bakhopo ba tla timeletsoa haufi.
Ka hoo le khumamele ea entseng hohle,
Le bue ka sebete lichabeng tsohle.
2. ’Me lengeloi le leng la hooa haholo:
“O oele, Babylona, mots’o moholo.”
Jehova haufi o tla o felisa nya!
Ho o ripitla ho tla mo halaletsa.
Re laetsoe ke Jah ho ruta kae le kae.
Phetetso le hloekiso ea bitso la hae.
E khōlohali tšimo ea ho bolela;
’Me lengeloi le eta pele ho thusa.
3. Mikaele Mora, a e-na le makhotla,
O qala joale ho ahlola lichaba.
Hloeang bokhopo, le rate tse molemo,
Tšabang Molimo, “linku” tse nang le tlhompho.
Re tlangoa ke Molimo, ’Musi ka seqo,
Ho bua ka litaba tsee tse molemo.
E, re khothatse, re re ka khothahalo:
“Tlo! Khumamela Jah Molimo ka thabo.”