Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 5/91 leq. 2
  • Liboka Tsa Tšebeletso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Liboka Tsa Tšebeletso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1991
  • Lihloohoana
  • BEKE E QALANG KA MAY 6
  • BEKE E QALANG KA MAY 13
  • BEKE E QALANG KA MAY 20
  • BEKE E QALANG KA MAY 27
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1991
km 5/91 leq. 2

Liboka Tsa Tšebeletso

BEKE E QALANG KA MAY 6

Pina 63

10 mets: Litsebiso tsa phutheho le Litsebiso tse loketseng tse tsoang ho Tšebeletso ea Rona ea ’Muso. Bolela litokisetso tsa tšebeletso ea tšimo. Bolela litokisetso leha e le life tse khethehileng tse entsoeng bakeng sa ho paka ka matsatsi a lefatše a phomolo, May 9 le 31. Fana ka phihlelo e le ’ngoe kapa tse peli mabapi le lipeeletso tse fumanoeng ho tla fihlela hona joale.

25 mets: “Tlosang Batho Lefifing le ba Lebise Leseling.” Puisano ka lipotso le likarabo. Serapeng sa 6, kōpa bonyane liphihlelo tse peli tse tsoang ho bamameli ka bomong mabapi le kamoo Molula-Qhooa o ’nileng oa ruisa bona kapa malapa a bona molemo. Serapeng sa 7, fana ka litlhahiso tse ho Tšebeletso ea Rona ea ’Muso ea April 1991, leqephe 7, mabapi le batho bao re ka ba etsetsang lipeeletso.

10 mets: Karolo ea Lipotso. Puo ka moholo. Ka bohlale etsa hore keletso e tšoanele phutheho ea lōna ka ho toba mabapi le boemo bo teng phuthehong ea lōna ha ho hlokahala. Mohlomong u ka buisana le bamameli.

Pina 192 le thapelo e koalang.

BEKE E QALANG KA MAY 13

Pina 221

8 mets: Litsebiso tsa phutheho le tlaleho ea lichelete. Akarelletsa le liteboho tsa menehelo. Ka mofuthu babatsa phutheho ka ho tšehetsa ha eona lithahasello tsa ’Muso phuthehong ea lōna le lefatšeng ka bophara.

17 mets: “Ho Nehelana ka Taba tse Molemo—Lihoreng tsa Mantsiboea.” Se akaretsoe ka lipotso le likarabo. Bolela litokisetso tsa phutheho tse entsoeng bakeng sa bopaki ba mantsiboea. Mohlomong u ka sebelisa phihlelo e khutšoanyane ea sebakeng sa lōna ho totobatsa molemo oa ho paka lihoreng tsa mantsiboea.

20 mets: Kopanela Thabong ea Lefatše ka Bophara ka ho re: “Tloo!” Puo, (li)puisano, le (li)phihlelo tse theiloeng lihloohong tse khōlō ho Molula-Qhooa oa January 1, 1991. Nehelano e bontšang cheseho le e khothatsang ea boitsebiso bo ho Molula-Qhooa hammoho le litlhaloso le liphihlelo tse tsoang ho baena ba chesehang phuthehong ea lōna, tse bontšang thabo e joalo.

Pina 65 le thapelo e koalang.

BEKE E QALANG KA MAY 20

Pina 181

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Totobatsa ntlha e le ’ngoe kapa tse peli tse thahasellisang tse tsoang limakasineng tsa morao-rao. Hopotsa phutheho ka litokisetso tsa ho paka ka May 31.

20 mets: “Ho Thusa ba Bang Tšebeletsong ea Tšimo.” Puo, ’me bamameli ba kopanele mona le mane. Buisana le mohoeletsi ea behang mohlala o motle ea hlalosang melemo ea botho e tlisoang ke ho sebetsa le ba bang tšebeletsong ea tšimo.

15 mets: Litlhoko tsa phutheho kapa puo e theiloeng sehloohong se reng “Na U Hloile ho Tšoauoa Liphoso?” ho Tsoha! ea February 8, 1991. Sebui se lokela ho bolela ka ho hlakileng litsela tse tšeletseng tseo ka tsona ho tšoaea ba bang liphoso ho ka etsoang hore ho amohelehe.

Pina 115 le thapelo e koalang.

BEKE E QALANG KA MAY 27

Pina 170

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litaba tsa Puso ea Molimo. Hlahloba mpho ea buka ea June le kamoo e ka hokahanngoang ka teng le Sehlooho sa Puisano se secha, se reng “Joale ke Nako ea ho Batla Molimo.” Mangolo a bontšitsoeng ke Esaia 55:6, 7 (Molimo oa ’nete o ka fumanoa) le Liketso 17:26, 27 (motho o tlameha ho batla Molimo hona joale).

20 mets: “Sebelisa Bibele Tšebeletsong ea Tšimo.” Puisano ka lipotso le likarabo. Mabapi le serapa sa 6, e-ba le pontšo e khutšoanyane ka nehelano ea mpho ea buka ea June. Sebelisa lengolo le le leng feela mangolong a Sehlooho sa Puisano sencha

15 mets: “Kamoo Index e ka Ruisang Lelapa Molemo.” Boitsebiso bo akaretsoe ka lipotso le likarabo. Ha le buisana ka serapa 2, e re banyalani ba bang ba etse pontšo ba sebelisa Index, ba bontše lihloohoana tse sa tšoaneng tse thahasellisang tlas’a sehlooho se seholo se reng “Marriage.” Haeba Index e le sieo, bontša lintlha tsena ka ho sebelisa tlhahlamano ea lihlooho ea selemo le selemo litokollong tsa December 15 le 8 tsa Molula-Qhooa le Tsoha!

Pina 151 le thapelo e koalang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela