Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 7/91 leq. 8
  • Kamoo ho ka Sebetsanoang le Likōpo Tsa Setlankane

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kamoo ho ka Sebetsanoang le Likōpo Tsa Setlankane
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1991
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1991
km 7/91 leq. 8

Kamoo ho ka Sebetsanoang le Likōpo Tsa Setlankane

E se e le likhoeli tse ’maloa joale Mokhatlo o ntse o sa bontše monehelo oa likhatiso tse phatlalalitsoeng litlankaneng tse leqepheng le ka morao limakasineng tsa rōna. Lebaka la sehlooho la sena ke hore linaha tse ’maloa lefatšeng li sebelisa tokisetso ea monehelo oa boithatelo ha li fana ka lingoliloeng. Ho latela tokisetso ea monehelo oa boithatelo ha ho behoe sekepele sa chelete e le monehelo ha ho buuoa le beng ba matlo. Molemong oa hore likhatiso tsa rōna li tšoane, lichelete tsa monehelo ha li sa ngoloa.

Karolong ena ea tšimo ha re tlas’a tokisetso ena ea monehelo oa boithatelo. Ka baka leo, ha litlankane li romeloa ho Mokhatlo, li khutlisetsoa ho phutheho eo motho ea itseng a lulang tšimong ea eona. Phutheho e kōptjoa ho lokisetsa motho e mong ho isa khatiso e itseng ho motho eo ea rometseng setlankane ho Mokhatlo, le ho ’molella theko ea eona joalokaha re ne re tla etsa ha re le tšebeletsong ea tšimo, re ’molelle monehelo oa khatiso e itseng kapa makasine.

Ka seoelo mathata a ’nile a hlaha ha ho etsoa maeto a joalo ha batho ba bolela hore theko e ne e sa bontšoa setlankaneng. Haeba sena se ka etsahala, ka bohlale re ka bolela hore setlankane ha sea ka sa bolela hore khatiso eo e tla fanoa “ntle ho tefo.” Batho ba lipelo li ntle ba utloisisa hore litšenyehelo lia ameha ho hlahisa likhatiso tse joalo ’me ba thabela ho li ntšetsa monehelo. Maemong a ikhethang, haeba ho bonahala hore ka sebele motho ea itseng oa thahasella ’me a ke ke a khona ho lefella khatiso eo, ntle ho pelaelo re ka thabela ho koahela litšenyehelo tse joalo ka borōna ’me re fe motho eo khatiso e itseng kapa makasine o itseng ntle ho tefo. Ka tsela ena re tla be re phetha karolo ea rōna ho neheng bohle monyetla oa ‘ho tla le ho nka metsi a bophelo ntle ho tefo.’—Tšen. 22:17.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela