Ho Nehelana ka Taba Tse Molemo-Ka Masene
1 Maele a bululetsoeng a re: “Ea lebelang masene o tla fumana molemo.” (Liprov. 19:8, NW) Hangata bohlale ba mantsoe ana bo netefalitsoe mosebetsing oa rōna oa boboleli. Ka mohlala, ka ho sebelisa masene le bohlale, bahoeletsi ba bangata ba ’nile ba fetola lintho tse ka khaoletsang moqoqo ho ba menyetla ea ho fana ka bopaki bo eketsehileng. Kapa bonyane ba ’nile ba rala motheo oa ho fana ka bopaki hamorao. Sena se ka etsoa joang?
HO SEBETSANA LE BA KHAOLETSANG MOQOQO
2 Hangata re teana le batho ba reng, “Ke tšoarehile.” Na ka sebele mong’a ntlo o fela a tšoarehile, kapa o mpa feela a rialo e le hore a se ke a kenella moqoqong o molelele? Masene aa hlokahala. Haeba a sa bonahale a hlile a tšoarehile, re ka leka ho hlōla ho khaoletsa moqoqo hona. Mohlomong re ka re, “Ho lokile, ke tla bua hakhutšoaane.” Ka mor’a moo, re ka akaretsa seo re neng re ikemiselitse ho se bua, re ntse re hopotse tumellano ea ho khutsufatsa moqoqo oa rōna. Ka baka la ho nahanela ha rōna le litlhaloso tse tsosang thahasello, motho enoa a ka ba a bontša takatso ea ho ntšetsa moqoqo pele hona hoo.
3 A re re mohlomong eo u buisanang le eena ruri o tšoarehile. Le hoja re sa batle ho lelekoa habonolo, haeba re le leqoophe kapa re hatella, re ka ’na ra siea boikutlo bo sa thabiseng. Haeba mong’a ntlo a e-tla monyako a nkile pitsa ’me re utloa ho nkha lijo tse ntseng li phehoa, ho hlakile hore ka sebele o tšoarehile. Kahoo masene le kahlolo e molemo lia hlokahala. Ho qophella hore re qoqe le eena ka nako eo e ke ke ea e-ba ho nahanela. Ho ka ba molemo haholo ho fa mong’a ntlo pampitšana le ho etsa tlhahiso ea ho khutlela hamorao. Sena se tla siea boikutlo bo molemonyana, ’me ho ka fanoa ka bopaki bo botle lekhetlong le tlang ha Paki e etile.
HO IPAPISA LE TŠEKAMELO EA MOTHO
4 Ka makhetlo a mang re teana le batho ba bohale ha re ba etela tšebeletsong ea ntlo le ntlo. Re lokela ho etsa eng boemong bo joalo? Liproverbia 17:27, (NW) ea eletsa: “Motho ea masene o na le moea o khutsitseng.” Ke keletso e ntle hakaakang! Hangata lentsoe le bonolo le bontšang kameho le ka kokobetsa motho ea joalo. Ho feta moo, haeba ka bohlale re ka mo etsa hore a itlhalose tabeng e mo amang, a ka ’na a se be le khanyetso e khōlō. Esita le haeba a khaola moqoqo ka lehare, mohlomong karabelo ea rōna e bonolo e tla mo siea a le boemong bo molemo ba kelello mabapi le mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova. E tla ba re finyelletse ntho e ntle. Ha e le hantle, haeba mong’a ntlo a khopeha ’me a halefa, ho ka ba molemo ho tsamaea re khutsitse ’me mohlomong re leke ho mo pakela ka nako e ’ngoe.
5 Joale ho na le batho bao, le hoja ba rata ho pheha khang, e ka ’nang eaba baa tšepahala. Maemong ana, ho tsoela pele re qoqa le bona ho ka beha mamello ea rōna tekong. Empa haeba re le masene, ha ho hlokahale hore re etse qeto ea hore mong’a ntlo ha a thahaselle hobane feela a hatella ka matla pono e fapaneng. Ka bohlale re ka ’motsa lipotso ka boiteko ba ho fumana lebaka leo a lumelang ka tsela e itseng ka lona ’me re ’montše seo Bibele e se bolelang tabeng eo. (Liprov. 20:5) Re ka etsa qeto ea hore na ebe ho ka ba molemo ho ntšetsa moqoqo pele kapa che, re itšetlehile ka tsela eo a arabelang ka eona.
6 Mohoeletsi ea masene o hlokomela hore hangata nako le maemo li fetola boikutlo ba mong’a ntlo mabapi le molaetsa oa ’Muso. Lekhetlong le latelang ha re mo etela re ka ’na ra fumana a e-na le boikutlo bo fapaneng haholo. Re tlameha ho ba seli hore re se lekanye hore re tla fumana karabelo e sa thabiseng ka lebaka la tsela eo mong’a ntlo a ileng a arabela ka eona lekhetlong le fetileng ha re ne re le lapeng la hae.
7 Ha ho bobebe ho etsa qeto ea hore na ebe re lokela ho ntšetsa moqoqo pele kapa che. Leha ho le joalo, ka ho hlaolela tsebo ea ho ruta, re tla atleha haholoanyane ha re nehelana ka litaba tse molemo ka masene, re ntse re talimile ho Jehova hore a hlohonolofatse boiteko ba rōna.—1 Ba-Kor. 3:6; Tite 1:9.