Ho Ntlafatsa Tsebo ea Rōna Boboleling—Ha re Buisana le Batho ba ka ’Nang ba Khaoletsa Moqoqo
Ke Hobane’ng ha e le Habohlokoa?: Ak’u nahane u tseba hore ho tla ba le koluoa ea tlhaho ’me haeba batho ba sa balehele moo ho sireletsehileng, ba tla shoa. Ha u ea ha moahelani oa hao ho ea mo tsebisa, o u kena hanong o re o phathahane. Ka sebele u ke ke ua mo ngala eaba ua tsamaea. Batho ba bangata baa re leleka ha re le tšimong, kaha ha ba hlokomele hore molaetsa oa rōna ke oa bohlokoa ’me o pholosa bophelo. Mohlomong baa be ba phathahane ha re fihla malapeng a bona. (Mat. 24:37-39) Kapa ha ba re rate ka lebaka la lintho tse mpe tseo batho ba li buang ka rōna. (Mat. 11:18, 19) Ba ka ’na ba nka hore bolumeli ba rōna bo tšoana le a mang ao litho tsa ’ona li etsang lintho tse mpe. (2 Pet. 2:1, 2) Haeba qalong mong’a ntlo a sa thabele molaetsa oa rōna, re se ke ra tela kapele.
Leka ho Etsa Tjena Har’a Khoeli:
Ka mor’a hore u buisane le motho ea khaolelitseng moqoqo, botsa mohoeletsi eo u tsamaeang le eena hore na u ka be u buile joang.