Lebokose la Lipotso
◼ Litaba li lokela ho sebetsoa joang ha mong’a ntlo a tsitlallela hore Lipaki tsa Jehova li se hlole li etela lelapa leo?
Ha re fumana letšoao monyakong le hanelang ka ho tiileng ho eteloa ka mabaka a bolumeli ’me ka ho toba le bolela Lipaki tsa Jehova, ho ka ba molemo ho hlompha thato ea mong’a ntlo ’me re se kokote.
Ka linako tse ling re kopana le letšoao le hanelang barekisi kapa batho ba kōpang menehelo ea ho thusa ba hlokang. Kaha re etsa mosebetsi oa bolumeli o etsoang ka lebaka la ho rata batho, hoo ha ho hlile ha ho re ame. E ka ba ho loketseng ho tsoela pele ’me re kokote menyakong e joalo. Haeba mong’a ntlo a hana, ka masene re ka hlalosa hore na ke hobane’ng ha re nka hore matšoao a joalo ha a re ame. Haeba joale mong’a ntlo a hlakisa hore thibelo e akarelletsa le Lipaki tsa Jehova, re tla hlompha litakatso tsa hae.
Ha re sebetsa tšimo, mong’a ntlo a ka ’na a bonahala a khopehile ’me ka matla a tsitlallela hore re se hlole re mo etela. Haeba a hana ho behelana mabaka le rōna tabeng ena, re lokela ho sebetsa tumellanong le kōpo ea hae. Lengolo le ngotsoeng letsatsi le lokela ho kenngoa ka har’a enfelopo ea tšimo e le hore bahoeletsi ba sebetsang tšimo eo nakong e tlang ba qobe ho ea atereseng eo.
Matlo a joalo ha aa lokeloa ho qojoa ka ho sa feleng. Ba ntseng ba lula moo ba ka ’na ba falla. Re ka ’na ra fumana setho se seng sa lelapa se tla arabela ka tsela e ntle. Ho ka boetse ha etsahala hore mong’a ntlo eo re ileng ra bua le eena o tla fetola pelo ea hae ’me a lumellane le hore ebe re mo etetse. Kahoo ka mor’a nako e itseng ho ka botsoa batho ba lulang moo ka masene ho fumana hantle maikutlo ao joale ba seng ba e-na le ’ona.
Faele ea tšimo e lokela ho hlahlojoa hang ka selemo, ho etsoe lenane la matlo ao ho kōpuoeng hore re se a etele. Tlas’a tataiso ea molebeli oa tšebeletso, bahoeletsi ba bang ba nang le masene, ba nang le phihlelo ba ka abeloa ho etela malapa ao. Ho ka hlalosoa hore re tlile ho tla botsa hore na ebe mong’a moo e sa ntsane e le eena eane oa pele. Mohoeletsi o lokela ho tloaelana le boitsebiso bo bukeng ea Ho Bea Mabaka, maqepheng a 15-24, tlas’a sehlooho “Kamoo U ka Arabelang ba ka ’Nang ba Khaoletsa Moqoqo.” Haeba ho arabeloa ka tsela e ntle, maeto a latelang a ka etsoa ka tsela e tloaelehileng. Haeba mong’a ntlo a tsoela pele ho hanyetsa, re lokela ho se mo etele hape ho fihlela selemong se tlang. Sehlopha sa baholo ba sebakeng seo se ka etsa qeto haeba maemo a amehang tabeng e itseng a etsa hore ho be molemo ho sebetsa lintho ka tsela e fapaneng.