Thusa Mong’a Ntlo Hore a Nahane
1. Ke mokhoa ofe o molemo ka ho fetisisa oa ho qala lipuisano le batho ha re le tšimong?
1 Ke mokhoa ofe o atlehang haholo ha re qala lipuisano le batho tšimong? Oa ho tsitlella maikutlong a rōna kapa oa ho thusa mong’a ntlo hore a nahane ’me a etse liqeto tse nepahetseng? Moapostola Pauluse o ile a sebelisa mokhoa oa bobeli ha a le Thesalonika a bua le Bajuda, “ka lebaka leo ba bang ba bona ea e-ba balumeli.” (Lik. 17:2-4) Ke eng seo re ka se etsang ho thusa batho ba bang hore ba nahane?
2. Re ka etsisa mohlala oa Pauluse joang ha re bolela litaba tse molemo?
2 Nahanela Maikutlo le Semelo: E le hore u thuse batho bao u buisanang le bona tšimong hore ba nahane, u lokela ho nahanela maikutlo a bona. Ha Pauluse a qala ho bua le Bagerike ba sa lumelang ba neng ba le Areopago o ile a bua ka lintho tseo ho bonahalang eka ba ne ba li tseba ba bile ba li lumela. (Lik. 17:22-31) Ka lebaka leo, ha u lokisetsa seo u tla se bua tšimong, nahana ka litumelo tse tloaelehileng hammoho le lintho tseo batho ba li nyatsang. (1 Bakor. 9:19-22) Ha mong’a ntlo a hanyetsa, leka ho fumana seo le lumellanang ka sona, ebe u bua ka sona.
3. Ho sebelisa lipotso ka tsela e bohlale ho ka re thusa joang ho behelana mabaka le batho ba bang ka katleho?
3 Botsa Lipotso ka Bohlale: Re ke ke ra fa motsamai tsela e nepahetseng, ntle leha re tseba sebaka seo a leng ho sona. Ka ho tšoanang, re ke ke ra thusa mong’a ntlo hore a fihlele qeto e nepahetseng ntle leha re tseba maikutlo a hae. Pele Jesu a hlalosetsa motho taba, o ne a atisa ho mo botsa lipotso e le hore a tsebe seo a se nahanang. Ka mohlala, motho e mong o ile a botsa Jesu a re: “Ke ka ho etsa’ng ke tlang ho rua bophelo bo sa feleng?” Jesu o ile a batla maikutlo a hae pele a mo araba. (Luka 10:25-28) Ka lekhetlo le leng ha Petrose a ne a fane ka karabo e fosahetseng, Jesu o ile a mo botsa lipotso ka bohlale hore Petrose a hlakeloe ke taba. (Mat. 17:24-26) Kahoo, ha mong’a ntlo a botsa potso kapa a hlahisa maikutlo a fosahetseng, re ka botsa lipotso tse mo thusang hore a nahane.
4. Ke hobane’ng ha re lokela ho leka ho thusa mong’a ntlo hore a nahane?
4 Ha re thusa mong’a ntlo ho nahana, re etsisa Jesu, Mosuoe e Moholo, hammoho le baevangeli ba bang ba lekholong la pele la lilemo ba neng ba e-na le tsebo ea ho ruta. Re siela mong’a ntlo seriti ebile re bontša hore rea mo hlompha. (1 Pet. 3:15) Ka lebaka leo, a ka ’na a rata hore re mo etele hape.