Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 9/94 leq. 2
  • Liboka tsa Tšebeletso tsa September

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Liboka tsa Tšebeletso tsa September
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
  • Lihloohoana
  • Beke e Qalang ka la 5 September
  • Beke e Qalang ka la 12 September
  • Beke e Qalang ka la 19 September
  • Beke e Qalang ka la 26 September
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
km 9/94 leq. 2

Liboka tsa Tšebeletso tsa September

Beke e Qalang ka la 5 September

Pina 5

10 mets: Litsebiso tsa phutheho le Litsebiso tse loketseng tse tsoang ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso.

20 mets: “Atolosa Letlotlo la Hao la Tšebeletso ea ’Muso.” Molebeli oa tšebeletso le moholo e mong ba buisana ka lintlha tse khōlō sehloohong sena. Hlahlobang mosebetsi oa phutheho oa selemo se fetileng, le fane ka pabatso hammoho le litlhahiso bakeng sa ho ntlafatsa. Hatisang pakane ea ho eketsa karolo ea botho eo re bang le eona tšebeletsong.

15 mets: “Hlaolela Thahasello Bukeng ea Phela ka ho sa Feleng.” Bahoeletsi ba bararo kapa ba bane, ho kopanyelletsa le mocha, ba tšohla sehlooho ebe joale ba ba le lenaneo la ho ikoetlisa. Ba etsa pontšo ka linehelano tse peli kapa tse tharo ebe baa li hlahloba, ba fana ka litlhahiso tse sebetsang le pabatso.

Pina 32 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 12 September

Pina 54

7 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litaba tsa Puso ea Molimo.

20 mets: Boitšoaro ba Bokreste Sekolong. Puisano e etsoang ke moholo le bacha ba ka tlaase ho lilemo tse 20 ba bararo kapa ba bane. Sekolong, bacha ba rōna ba tlas’a likhatello tse sa tšoaneng hore ba sekisetse ho hlompha ha bona melao-motheo ea Bibele. Boholo ba tsona bo tsoa mesebetsing e sa amaneng ka ho toba le se etsoang ka tlelaseng. Lipapali, ho laetsana, le ’moka ea boithabiso li baka kotsi. Moholo o buisana le bacha bana ba ka tlaase ho lilemo tse 20 ka “Mesebetsi e Etsuoang Kamor’a Linako tsa Lithuto tsa Sekolo,” a sebelisa bukana e lekanang le makasine Sekolo, maqepheng a 22-5. Bacha ba fana ka litlhaloso tse bontšang hore ba tobana le khatello ea ho kopanela linthong tsena ’me kahoo ba ananela keletso e fanoeng.

18 mets: “Ha Baa ka ba Phetsa ho Paka.” Lipotso le likarabo. Totobatsa hore le hoja kaofela ha rōna re ke ke ra qeta nako e tšoanang tšebeletsong, re lokela ho thaba le ho loanela ho ba ho eona ka sephefumolohi sohle.

Pina 60 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 19 September

Pina 36

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Bala tlaleho ea lichelete le liteboho leha e le life bakeng sa monehelo.

10 mets: Lebokose la Lipotso. Puisano ea lipotso le likarabo.

10 mets: “Video ea The Bible—Mankind’s Oldest Modern Book.” Se koaheloe ka lipotso le likarabo.

15 mets: “Ho Qalisa Lithuto tsa Bibele ka Buka Phela ka ho sa Feleng.” Buisana le bamameli. Lokisetsa hore ho be le lipontšo tse peli ho sebelisoa linehelano tse hlahisitsoeng.

Pina 67 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 26 September

Pina 44

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Lokolisa litokisetso tse entsoeng ’me u khothalletse hore ba tšehetse ka botlalo khoeli ea ho qetela ea phutuho ea tšimo e sa abuoang. Mema bamameli hore ba phete liphihlelo tse khutšoanyane tseo ba li thabetseng tšimong e sa abuoang, ha ba tsamaisa buka Phela ka ho sa Feleng kapa ba qalisa lithuto ka eona.

20 mets: “Katoloso Bethele e Tsoela Pele.” Puisano ea lipotso le likarabo ea kenyelletso e etsoe ke moholo ea nang le phihlelo. Bontša litšobotsi tse thahasellisang tsa litšoantšo tse leng maqepheng a bohareng. Tsebisa bamameli seo phutheho ea sebakeng sa lōna e se etsang ho tšehetsa lenaneo la katoloso Bethele.

15 mets: Ho nehelana ka Molula-Qhooa le Tsoha! ka October. Limakasine tsa rōna li phetha karolo e khōlō mosebetsing oa boboleli ba lefatšeng ka bophara; ena e bile tsela eo ka eona ba limilione ba utloileng ’nete ka lekhetlo la pele. Hatisa bohlokoa ba ho li sebelisa ka ho tsoelang pele le ho nehelana ka tsona mosebetsing oa ntlo le ntlo esita leha ho buelloa sengoliloeng se seng. Bolela melemo ea Letsatsi la Limakasine la beke le beke. Tšohla kamoo mosebetsi oa seterateng le ho paka ka ho etela mabenkele ho bulang menyetla e mengata ea ho tsamaisa limakasine. Hopotsa baena ho boloka tlaleho ea limakasine tse tsamaisitsoeng, pakane e le ho qalisa tselana ea limakasine. Buellang lipeeletso ka linako tsohle. Hopotsa baena ka litheko tse peli, e ’ngoe bakeng sa tse tsamaisoang ka poso le e ’ngoe bakeng sa tsamaiso ea Club. Hatisa bohlokoa ba ho lokisetsa hantle pele re ea tšimong. E re bahoeletsi ba bararo, e mong oa bona e le mocha, ba etse pontšo ka linehelano tse khutšoanyane tsa limakasine.

Pina 76 le thapelo e koalang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela