Video ea The Bible—Mankind’s Oldest Modern Book
1 Bibele ke buka e abuoeng ka ho pharalletseng ka ho fetisisa historing eohle. Ha ho buka e ’ngoe e kileng ea fetoleloa ka lipuo tse ngata joaloka eona. Ho phaella moo, ha ho sehlopha sa batho se kileng sa chesehela ho aba Bibele le ho e buella phatlalatsa e le Lentsoe la Molimo joaloka Lipaki tsa Jehova.
2 Kaha ke Lentsoe la Molimo, re ka kholiseha hore e fana ka likarabo tse sebetsang mathateng a kajeno. ’Me mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o fana ka thuso e sebetsang bakeng sa ho fumana likarabo tse joalo ka lingoliloeng hammoho le livideo. Joalokaha ho entsoe tsebiso ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea June 1994, khatiso sa Senyesemane ea The Bible—Mankind’s Oldest Modern Book, ea bobeli ho livideo tse tharo tse bontšang ho bululeloa ha Bibele, joale ea fumaneha ’me e ka odoroa ka phutheho ea habo lōna. E bolelele ba metsotso e 40.
3 Joaloka video ea pele letotong lena, le ena ea bobeli e haha tšepo Bibeleng joaloka tataiso ea bomolimo. E sebelisa lintho tse nkiloeng linaheng tsa Bibele le limusiamong ho potoloha lefatše ho re thusa ho hlokomela kamoo Jehova Molimo a bolokileng Bibele ho theosa le makholo a lilemo ho fihlela mehleng ea rōna. U tla bona kamoo ho nepahala ha Bibele ho bolokiloeng kateng ho sa tsotellehe hore na e ’nile ea kopitsoa le ho fetoleloa ka makhetlo a mangata hakae. U tla bona kamoo buka ena ea bomolimo e bolokiloeng kateng tlas’a khanyetso e matla kabong ea eona. U tla boela u bone bopaki bo phelang ba kamoo Bibele e fetotseng bophelo ba batho kateng ho bo etsa bo molemo haholoanyane.
4 Video ena e tla ba ea bohlokoahali bakeng sa puisano ea lelapa ea Bibele le merero e meng e mengata e sebetsang—joaloka ea pele feela. Re kholisehile hore Jehova o tla hlohonolofatsa tšebetso ea eona. Ba e-song ho e odore ba ka etsa joalo hang-hang ka lefapha la libuka phuthehong. Livideo tsa The Bible—Accurate History, Reliable Prophecy le Jehovah’s Witnesses—The Organization Behind the Name le tsona li sa ntse li fumaneha.