Kopanela ka Pelo Eohle Tšebeletsong ea Tšimo
Karolo 4: Ho Hlophisetsoa Ho Phetha Tšebeletso ea Rōna ka Katleho
1 Tšebeletso ea phatlalatsa e etsoang ka pelo eohle e hloka tlhophiso e ntle ea botho. Jesu o behile mohlala o khethehileng bakeng sa tšebeletso ea rōna kajeno. (Luka 10:1, 2; Lik. 1:8, NW) Re ka boela ra ithuta ka tsela eo barutuoa ba lekholo la pele la lilemo ba ileng ba phethahatsa tšebeletso ea bona ka teng. (Lik. 5:42, NW; 2 Tim. 4:5) Empa ke joang u ka bang ea hlophisehileng haholoanyane le ho thabela liphello tse molemo joalo kajeno?
2 Behella Nako ka Thōko Bakeng sa Tšebeletso ea Tšimo: Tšebeletso ea rōna hase tšobotsi ea bophelo e etsoang ka ho se tsotelle kapa ka tšohanyetso. Nako eo re e sebelisang ho phethahatsa tšebeletso ea rōna hase karolo e phethoang ha monyetla o hlaha. Hore re hlophise tšebeletso ea rōna ka katleho, re lokela ho behella nako ka thōko bakeng sa litšobotsi tsa eona tse fapa-fapaneng. (Ba-Ef. 5:15, 16) Bahoeletsi ba bangata ba ho fumane ho thusa ho ipehela pakane ea hore na ba tla sebetsa lihora tse kae tšebeletsong khoeli le khoeli. Hangata sena se hloka hore ba hlophise litaba tsa bona hore ba kopanele tšebeletsong ea tšimo beke le beke. Batsoali ba Bakreste ba lokela ho thusa bana ba bona ho behella nako ka thōko ea kopanela litšobotsing tse fapa-fapaneng tsa tšebeletso ea tšimo ka mehla.—Deut. 6:7; Liprov. 22:6.
3 Ipehele Lipakane tse Nang le Morero: Lipakane tsa sebele li tla u neha ntho eo u ka hahamallang ho eona. Ha u finyelletse pakane ea hao, u tla latsoa thabo ea ho finyella ho itseng. (Liprov. 13:12) Moapostola Pauluse o phehelletse: “Leha ho le joalo, ho latela hore na re hatetse pele ho isa bohōleng bofe, a re tsoeleng pele re tsamaea ka tlhophiso ka mokhoa ona o tšoanang.” (Ba-Fil. 3:16, NW) Joaloka litšobotsing tsohle tsa khatelo-pele ea hao ea moea, mosebetsi oa hao oa tšimo o lokela ho fana ka bopaki ba mokhoa o hlophisehileng.
4 Ka mohlala, na u na le lipampitšana le limemo tse lekaneng? Na u na le limakasine tsa morao-rao tse lekaneng, hona na li boemong bo botle? Na u sebelisa litlaleho tsa ntlo le ntlo hamolemo, u sebelisa e ’ngoe ho ngola ba bontšitseng thahasello ’me e ’ngoe bakeng sa ba sieo hae?
5 Pele u kopanela tšebeletsong, iphe nako ea ho hlahloba Sehlooho sa Puisano sa morao-rao. Khetha lintlha tse thahasellisang khatisong eo u fanang ka eona, ’me u ikemisetse ho li sebelisa ka katleho ho tsosa thahasello. Hape, itokisetse ho sebelisa buka ea tšebeletso ea tšimo ea Ho Bea Mabaka ka Mangolo e nang le litšupiso tse fumanehang habonolo. Esita leha u tloha ntlong e ’ngoe u ea ho e ’ngoe, kapele feela u ka hlahloba tse ling tsa litlhahiso tsa eona tse ngata. Ho sebelisa lintlha tsena tse sebetsang ho tla ntlafatsa katleho ea hao tšebeletsong.
6 Ho kopanela ka botlalo “mosebetsing o halalelang oa litaba tse molemo” mehleng ena ea bofelo ke tokelo e hlohonolofalitsoeng. (Ba-Roma 15:16, NW) Re lokela ho ikitlaetsa ho phethahatsa tšebeletso ea rōna ka ho fana ka bopaki bo molemo e leng, “tholoana ea melomo.” (Ba-Heb. 13:15; bapisa le Hosea 14:2.) Hore re finyelle sena, ha re behelleng ka thōko nako ea ho kopanela ka mehla tšebeletsong ea tšimo le ho ipehela lipakane tse loketseng tse tla re nolofalletsa ho phethahatsa tšebeletso ea rōna tlotlisong ea Jehova.