Liboka Tsa Tšebeletso Tsa October
Beke e Qalang ka September 30
12 mets: Litsebiso tsa phutheho le Litsebiso tse loketseng tse tsoang ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso. Kaha October ke khoeli ea ho qetela ea phutuho ea tšimo e sa abuoang, khothalletsa bahoeletsi ba bangata kamoo ho ka khonehang ho kopanela mosebetsing ona. Iketsetseng pakane ea ho akaretsa tšimo ea lōna bofelong ba khoeli. E fanoe ke molebeli oa tšebeletso eo hape a lokelang ho bua ka litokisetso tsa phutheho tsa ho sebetsa tšimo e sa abuoang.
18 mets: “Ho Utloisisa se Boleloang ke Liketsahalo tsa Joale.” Lipotso le likarabo. Ka mor’a ho buisana ka serapa sa 6, etsa pontšo ho sebelisoa Sehlooho sa Puisano se secha. Buella sehlooho se khethehileng ho makasine oa morao-rao oa Tsoha!
15 mets: Kamoo makasine oa Tsoha! o re tsoetseng molemo ka teng ka bomong. Moena ea tšoanelehang o buisana le bahoeletsi ba bararo kapa ba bane. Bonyane kopanyelletsa mocha a le mong ea leng lilemong tsa sekolo.
Pina 174 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka October 7
5 mets: Litsebiso tsa phutheho.
15 mets: “Kopanela ka Pelo Eohle Tšebeletsong ea Tšimo—Karolo 4.” Puo. Khothalletsa lihlooho tsa malapa ho thusa bohle malapeng a tsona hore ba hlophisehe le ho ipehela lipakane tse loketseng tšebeletsong.
15 mets: “Ho Nehelana ka Litaba tse Molemo—Ka ho Sebelisa Likhatiso ka Bohlale.” Lipotso le likarabo. Etsa hore boitsebiso bona bo tšoanele phutheho ea lōna. Hatisa ntlha ea hore bahoeletsi ba se siee limakasine ba sa sebelise temoho tlas’a monyako ha beng ba matlo ba le sieo hae kapa ho fana ka tsona ho batho ba se nang thahasello ea sebele ba bolelang hore ha ba na chelete.
10 mets: “Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Apara Boikokobetso?” Puo e khothatsang e thehiloeng sehloohong sa Molula-Qhooa oa July 15, 1991, maqephe 27-30.
Pina 92 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka October 14
10 mets: Litsebiso tsa phutheho, Litaba tsa Puso ea Molimo, tlaleho ea lichelete, le liteboho tsa menehelo. Tsebisa phutheho ka peho ea tšebeletso ea tšimo ka September.
20 mets: Ho Batla Batho ba Tšoanelehang le ho ba Ruta. Puo le lipuisano. Totobatsa Mattheu 10:11. Ho se fumane batho lapeng ke bothata bo eketsehang ’me bo ka fokotsa tekanyo eo re hlahisang litholoana ka eona le thabo ea rōna. Ke eng seo re ka se etsang? (kmSU 6/85 leq. 4) Atamela batho majareteng a bona. Boloka tlaleho ea ba leng sieo lapeng ’me u khutlele ho bona kapele-pele. Ba bang ba bile le katleho e babatsehang ea ho fumana batho ba joalo lapeng mantsiboea, kahoo kopanela mosebetsing oa ho paka mantsiboea. (kmSU 6/87 leq. 4) Bopaki ba seterateng e ka ba bo atlehileng. Ha u kopana le batho ba thahasellang seterateng, ngola mabitso a bona le aterese. Etsa litokisetso tsa ho ea malapeng a bona. (Ka bokhutšoaane buisana le bahoeletsi ba babeli kapa ba bararo le/kapa bo-pula-maliboho ba ileng ba atleha ho paka mantsiboea kapa seterateng.) Satane o tla sebelisa mekhoa eohle ho re sitisa ho fumana batho ba tšoanelehang. Re tlameha ho ba batla. “Linku” ke tsa Jesu Kreste. O re laetse hore re li batle le ho li fepa. (Joh. 21:15-17) Sena se re thusa ho utloisisa bohlokoa ba ho finyella beng ba matlo ’ohle haeba ho ka etsahala.
15 mets: Ho Rua Molemo Lipaleng tsa Bophelo ba Lipaki tsa Jehova. Puisano ea baena ba babeli. Nako le nako lipale tsa bophelo ba bahlanka ba kajeno ba Molimo li hlaha ho Molula-Qhooa le Tsoha! Li ngotsoe ho Watch Tower Publications Index ka mabitso le sehlooho. (Bontša kamoo ho ka fumanoang lihlooho tse tobileng.) Ke habohlokoa hore re bale lihlooho tsena ka hloko hore re fumane matla le khothatso ho tsona. Sebelisa boitsebiso bona ho khothatsa baena ba rōna le liithuti tsa Bibele. Ka bokhutšoaane bua ka sehlooho “Ho Lula Tafoleng ea Jehova ho Thabisa Hakaakang!” se tsoang ho Molula-Qhooa oa August 1, 1991, maqephe 25-9. Totobatsa lintlha tse khethehileng sehloohong seo tse ka re thusang (a) tšebeletsong ea rōna ea tšimo, (b) ho mamella liteko, (c) ho ananela Jehova le mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng hamolemonyana, le (d) ho ananela boena ba lefatše lohle. Re rua molemo o moholo ka ho ba “baetsisi ba bao ka tumelo le mamello ba ruang tseo ba li tšepisitsoeng.”—Ba-Heb. 6:11, 12, NW.
Pina 18 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka October 21
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Ka bokhutšoaane bua ka lintlha tse thahasellisang tse tsoang limakasineng tse ka sebelisoang mosebetsing oa ho paka bekeng ena.
20 mets: “Tokisetso ea Thuto ea Buka ea Phutheho—Karolo 4.” Lipotso le likarabo. Totobatsa bohlokoa ba hore e mong le e mong a bontše thahasello ea botho ho e mong le e mong sehlopheng sa thuto ea buka.
15 mets: “Ho Haha Botho ba Bokreste ka ho Bana ba Rōna.” Puisano ka baena ba babeli sehloohong sa Molula-Qhooa oa July 1, 1991, maqephe 24-7. Totobatsa bohlokoa ba boiteko bo matla boo batsoali ba lokelang ho bo etsa. Etsa hore boitsebiso bona bo tšoanele litlhoko tsa phutheho ea lōna.
Pina 116 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka October 28
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Ka bokhutšoaane hlahloba mpho ea khoeli ea November.
12 mets: Bohlokoa ba bukana e lekanang le makasine Sekolo le Lipaki tsa Jehova. Puo, ho khothalletsoa hore e fanoe ke moholo eo e leng motsoali. Totobatsa bohlokoa ba bukana e lekanang le makasine ho tloaetsa batsamaisi ba sekolo litumelo tsa Lipaki tsa Jehova le ho thusa batsoali ba Bakreste le bacha ka litaba tse amang mesebetsi ea sekolo. Nako le nako bacha ba lokela ho hopotsoa boitsebiso bo bukeng ena. Ha ho hlaha mathata kapa lipotso, hlahloba bukana e lekanang le makasine bakeng sa tataiso. Mathata a mangata a ileng a hlaha mahareng a batsamaisi ba sekolo a bakiloe ke ho hlōleha ha batsoali ho buisana le matichere nako e sa le teng. Ha ho lateloa tataiso e bukaneng e lekanang le makasine ho ka qojoa mathata. Hlokomelisa ka boitsebiso bo khethehileng tlas’a “Metheo ea Boitšoaro” le “Matsatsi a Khethehileng le Mekete.” (Maq. 9-11, 17-21) Liphutheho li lokela ho ba le libuka tse lekaneng hore batsoali ba ka fumana likopi tseo ba ka li sielang matichere. Qetellong, totobatsa bohlokoa ba hore batsoali ba thahaselle thuto ea bana ba bona ea sekolo ’me ba sebelisane le tsamaiso ea sekolo.—Maq. 30-1.
15 mets: “Bacha ba Bakreste—Tieang Tumelong.” Puisano ea lelapa e thehiloeng sehloohong sa Molula-Qhooa oa July 15, 1991, maqephe 23-6. Ntate o etella pele puisanong, o kopanyelletsa mosali le bana. Bontša litsela tseo bacha ba ka li sebelisang ka katleho ho tobana le liteko tse fapa-fapaneng tsa tumelo sekolong.
8 mets: Puisano ka Lebokose la Lipotso. Puo. Bala le ho bua ka boitsebiso ha nako e lumela.
Pina 183 le thapelo e koalang.