Pina ea 59
Ho Ananela Likhopotso tsa Molimo
1. Ho thaba ba mamelang khopotso
Hape ba batla Jehova.
Ba boloka likeletso tsohle
Ka pelo tsohle tsa bona.
Mehauhelo ea Molimo Jah,
Ba’e thabela ’me ba’e tsebahatsa.
Ba rata melao le likomelo
Hoba li tlisa ho loka.
2. Mohau oa Jehova o moholo;
O fihla hole holimo!
Kahlolo tsa hae li ea re lōta
Le har’a liketselletso.
Ba utloang ntsoe la hao la ’nete,
Ba thabela khotso ea sebele.
Joaloka ba nang le khapo’e khōlo,
Re ntse re thabela Lentsoe.
3. Jah a utloe likōpo tsa rōna
’Me a re sitse ka kutlo.
Thapelo tsa rōna a li utloe,
A re boloke ka rato.
Re tla tiea joalo ho eena
Ka ho etsa that’ea hae kamehla.
Jehova o ntse a tsepahala;
Re matlafatsoa ke eena.