Na U Rata Likhopotso Tsa Jehova ka Mokhoa o Fetisisang?
“Moea oa ka o bolokile likhopotso tsa hao, ke li rata ka mokhoa o fetisisang.”—PESALEME EA 119:167, NW.
1. Ke hokae moo ka ho khetheha ho buuoang khafetsa ka likhopotso tsa Jehova?
EHOVA o batla hore batho ba hae ba thabe. Ha e le hantle, hore re thabe e le kannete, re lokela ho tsamaea molaong oa Molimo le ho boloka litaelo tsa hae. Hore re finyelle seo, o re fa likhopotso. Ho buuoa ka tsona khafetsa ka Mangolong, haholo-holo ho Pesaleme ea 119, eo ho ka etsahalang hore ebe e hlophisitsoe ke Khosana Ezekiase oa Juda e monyenyane. Pina ena e monate e qala ka mantsoe ana: “Ho thaba ba se nang molato litseleng tsa bona, ba tsamaeang molaong oa Jehova. Ho thaba ba bolokang likhopotso tsa hae; ba ntse ba mo batla ka lipelo tsohle.”—Pesaleme ea 119:1, 2, NW.
2. Likhopotso tsa Molimo li amana joang le thabo?
2 Re ‘tsamaea molaong oa Jehova’ ka ho rua tsebo e nepahetseng ea Lentsoe la hae le ka ho e sebelisa bophelong. Leha ho le joalo, kaha ha rea phethahala, re hloka likhopotso. Lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng e le “likhopotso” le bontša hore Molimo o re hopotsa molao oa hae, litsamaiso tsa hae, litaelo tsa hae le melao-taelo ea hae. (Matheu 10:18-20) Re tla lula re thabile hafeela re tsoela pele ho boloka likhopotso tse joalo, hobane li re thusa ho qoba maraba a moea a fellang ka tlokotsi le masoabi.
Khomarela Likhopotso Tsa Jehova
3. Ho ea ka Pesaleme ea 119:60, 61, re kholisehile ka eng?
3 Mopesaleme o ne a rata likhopotso tsa Molimo, ’me o ile a bina a re: “Ke ile ka potlaka, ’me ha kea ka ka lieha ho boloka litaelo tsa hao. Liropo tsa ba khopo li ile tsa nthatela. Ha kea ka ka lebala molao oa hao.” (Pesaleme ea 119:60, 61, NW) Likhopotso tsa Jehova li re thusa ho mamella mahloriso hobane re kholisehile hore Ntate oa rōna oa leholimo a ka khaola liropo tse thibelang tseo lira li re tantellang ka tsona. Ka nako e loketseng, o re lokolla litšitisong tse joalo e le hore re ka etsa mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso.—Mareka 13:10.
4. Re lokela ho arabela joang likhopotsong tsa Molimo?
4 Ka linako tse ling, likhopotso tsa Jehova lia re khalemela. E se eka kamehla re ka ananela khalemelo e joalo, joalokaha mopesaleme a ile a etsa. Ka tieo o ile a re ho Molimo: “Ke rata likhopotso tsa hao . . . Ke ratile likhopotso tsa hao.” (Pesaleme ea 119:24, 119, NW) Re na le likhopotso tsa Molimo tse ngata ho feta tseo mopesaleme a neng a e-na le tsona. Litaba tse ngata tse qotsitsoeng Mangolong a Seheberu tse hlahang Mangolong a Segerike ha li re hopotse feela ka litaelo tsa Jehova ho batho ba hae ba neng ba le tlas’a Molao empa li boetse li re hopotsa ka merero e amanang le phutheho ea Bokreste. Ha Molimo a bona ho loketse hore a re hopotse ka lintho tse amanang le melao ea hae, re leboha tataiso e joalo. Ka ho ‘khomarela likhopotso tsa Jehova,’ re qoba likhoheli tsa boetsalibe tse khopisang ’Mōpi oa rōna le tse re amohang thabo.—Pesaleme ea 119:31, NW.
5. Re ka rata likhopotso tsa Jehova ka mokhoa o fetisisang joang?
5 Re lokela ho rata likhopotso tsa Jehova hakae? Mopesaleme o ile a bina: “Moea oa ka o bolokile likhopotso tsa hao, ke li rata ka mokhoa o fetisisang.” (Pesaleme ea 119:167, NW) Re tla rata likhopotso tsa Jehova ka mokhoa o fetisisang haeba re li talima le ho li amohela e le keletso ea Ntate ea re tsotellang e le kannete. (1 Petrose 5:6, 7) Re hloka likhopotso tsa hae, ’me re tla li rata haholoanyane ha re bona kamoo li re thusang kateng.
Lebaka Leo ka Lona re Hlokang Likhopotso Tsa Molimo
6. Lebaka le leng leo ka lona re hlokang likhopotso tsa Jehova ke lefe, ’me ke eng e tla re thusa ho li hopola?
6 Lebaka le leng leo ka lona re hlokang likhopotso tsa Jehova ke hore rea lebala. The World Book Encyclopedia e re: “Ka kakaretso, batho ba lebala haholoanyane ha nako e ntse e feta. . . . Mohlomong u kile ua lebala lebitso kapa boitsebiso bo itseng boo pele u neng u bo hopola habonolo. . . . Ho lebala hoo ha nakoana, ho tlang khafetsa, ho bitsoa ho hlōleha ho hopola. Bo-rasaense ba ho tšoantša le ho leka ho fumana ntho e lahlehileng ka kamoreng eo ho eona lintho li behiloeng habohlasoa. . . . Tsela e molemo ea ho etsa bonnete ba hore u hopola boitsebiso bo itseng ke ho ithuta bona nako e telele ka mor’a hore u nahane hore u bo tseba ka botlalo.” Ho khothalla ho ithuta le ho ithuta ntho e itseng khafetsa ho tla re thusa ho hopola likhopotso tsa Molimo le ho sebetsa tumellanong le tsona molemong oa rōna.
7. Ke hobane’ng ha kajeno likhopotso tsa Molimo li hlokahala ho feta leha e le neng pele?
7 Re hloka likhopotso tsa Jehova kajeno ho feta leha e le neng pele hobane bokhopo bo haketse bophelong ba batho. Haeba re ela hloko likhopotso tsa Molimo, re ba le temohisiso e hlokahalang bakeng sa ho qoba ho hoheloa ke mekhoa e mebe ea lefatše. Mopesaleme o itse: “Ke na le temohisiso e fetang ea mesuoe eohle ea ka, kahobane ke nahanisisa ka likhopotso tsa hao. Ke itšoara ka kutloisiso ho feta banna ba baholo, kahobane ke bolokile litaelo tsa hao. Ke thibile maoto a ka tseleng e ’ngoe le e ’ngoe e mpe, ka morero oa hore ke boloke lentsoe la hao.” (Pesaleme ea 119:99-101, NW) Ka ho boloka likhopotso tsa Molimo, re tla koekoetla ‘tsela e ’ngoe le e ’ngoe e mpe’ ’me re tla qoba ho tšoana le matšoele a moloko oa batho, a leng “lefifing likelellong, ’me [a] arohile bophelong boo e leng ba Molimo.”—Baefese 4:17-19.
8. Re ka hlomelloa hamolemo joang bakeng sa ho tobana le liteko tsa tumelo ka katleho?
8 Likhopotso tsa Molimo li boetse lia hlokahala hobane li re matlafalletsa ho mamella liteko tsa rōna tse ngata ‘nakong ena ea bofelo.’ (Daniele 12:4) Haeba likhopotso tse joalo li ne li le sieo re ne re tla ba ‘bautloi ba lebalang.’ (Jakobo 1:25) Empa ho khothalla ho ithuta Mangolo boinotšing le phuthehong ka thuso ea lingoliloeng tsa “lekhoba le tšepahalang le le masene” ho tla re thusa ho tobana le liteko tsa tumelo ka katleho. (Matheu 24:45-47) Litokisetso tse joalo tsa moea li re nolofalletsa ho bona seo re lokelang ho se etsa hore re khahlise Jehova ha re iphumana re le maemong a lekang.
Karolo ea Bohlokoahali ea Liboka Tsa Rōna
9. “Limpho tseo e leng banna” ke bo-mang, hona ba thusa balumeli-’moho le bona joang?
9 Likhopotso tsa Molimo tseo re li hlokang re li fumana libokeng tsa Bokreste, moo re rutoang ke barab’abo rōna ba khethiloeng. Moapostola Pauluse ha a ngola o ile a re ha Jesu a ne “a nyolohela holimo o ile a nka baholehuoa; a fana ka limpho tseo e leng banna.” Pauluse o ile a eketsa: “[Kreste] o ile a fana ka ba bang e le baapostola, ba bang e le baprofeta, ba bang e le baevangeli, ba bang e le balisa le mesuoe, ka sepheo sa ho khutlisetsoa tseleng ha bahalaleli, bakeng sa mosebetsi oa bosebeletsi, bakeng sa ho haha ’mele oa Kreste.” (Baefese 4:8, 11, 12) Re ka ba motlotlo hakaakang hore ebe ha re kopana hammoho bakeng sa borapeli “limpho tseo e leng banna”—baholo ba khethiloeng—li lebisa tlhokomelo ea rōna likhopotsong tsa Jehova!
10. Ntlha e ka sehloohong ea Baheberu 10:24, 25 ke efe?
10 Ho ananela litokisetso tsa bomolimo ho tla re susumelletsa hore beke le beke re be teng libokeng tsa rōna tsa phutheho tse hlano. Pauluse o ile a hatisa hore ho hlokahala hore re bokane hammoho kamehla. O ile a ngola: “A re nahanelaneng hore re susumeletsane leratong le mesebetsing e metle, re sa tlohele ho bokana ha rōna hammoho, joalokaha ba bang ba e-na le tloaelo eo, empa re khothatsana, ’me haholoanyane joalo kaha le bona letsatsi le ntse le atamela.”—Baheberu 10:24, 25.
11. Seboka ka seng sa beke le beke se re ruisa molemo joang?
11 Na u utloisisa seo liboka tsa rōna li re etsetsang sona? Thuto ea Molula-Qhooa ea beke le beke e matlafatsa tumelo ea rōna, e re thusa ho iphaphatha ka likhopotso tsa Jehova, ’me e re sireletsa ‘moeeng oa lefatše.’ (1 Bakorinthe 2:12; Liketso 15:31) Sebokeng sa Phatlalatsa, libui li ruta se tsoang Lentsoeng la Molimo, ho akarelletsa le likhopotso tsa Jehova le “lipolelo [tse babatsehang tsa Jesu] tsa bophelo bo sa feleng.” (Johanne 6:68; 7:46; Matheu 5:1–7:29) Tsebo ea rōna ea ho ruta e ntlafatsoa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo. Seboka sa Tšebeletso ke sa bohlokoahali bakeng sa ho re thusa ho ntlafatsa tsela eo re bolelang litaba tse molemo ka eona ka ntlo le ntlo, ha re khutlela ho batho, ha re ithuta Bibele le bona le mefuteng e meng ea bosebeletsi ba rōna. Sehlopha se senyenyane sa Thuto ea Buka ea Phutheho se re fa monyetla o moholoanyane oa ho bua ka lintho tseo hangata li akarelletsang likhopotso tsa Molimo.
12, 13. Batho ba Molimo ba naha e ’ngoe ea Asia ba bontšitse joang hore ba ananela liboka tsa Bokreste?
12 Ho ba teng kamehla libokeng tsa phutheho ho re hopotsa litaelo tsa Molimo ’me ho re thusa hore re lule re le matla moeeng har’a lintoa, ha re hula ka thata licheleteng le ha re talimane le liteko tse ling tsa tumelo. Bohlokoa ba liboka bo ile ba ananeloa ka ho hlaka ke Bakreste ba bang ba 70 ba naheng e ’ngoe ea Asia ba ileng ba lelekoa malapeng a bona ’me ba qobelloa ho lula ka hare-hare ho moru. Kaha ba ne ba ikemiselitse ho tsoela pele ho bokana hammoho kamehla, ba ile ba khutlela motseng oa habo bona o tsekolotsoeng ke ntoa, ba qhaqha mesaletsa ea Holo ea ’Muso, ’me ba e haha hape ka morung.
13 Batho ba Jehova ba ntse ba sebeletsa ka cheseho ka mor’a ho mamella ntoa ka lilemo tse ngata karolong e ’ngoe ea naha eona eo. E mong oa baholo ba sebaka seo o ile a botsoa: “Ke’ng se thusitseng ka ho fetisisa ho boloka barab’abo rōna ba le hammoho?” O ile a araba ka ho re’ng? Ka ho re: “Ka lilemo tse 19, ha re e-s’o fosoe ke seboka le se seng. Ka linako tse ling ka lebaka la ho qhomisoa ha libomo kapa mathata a mang, barab’abo rōna ba bang ba ne ba sitoa ho finyella libokeng, empa ha ho mohla seboka se sa kang sa tšoaroa.” Ka sebele bara le barali bana babo rōna ba ratehang ba ananela bohlokoa ba ‘ho se tlohele ho bokana ha bona hammoho.’
14. Re ka ithuta’ng tloaelong ea Anna ea tsofetseng?
14 Mohlolohali e mong ea lilemo li 84 ea bitsoang Anna ‘le ka mohla o ne a sa hlokoe tempeleng.’ Ka lebaka leo, o ne a le teng ha ngoana Jesu a ne a tlisoa moo kapele ka mor’a hore a hlahe. (Luka 2:36-38) Na u ikemiselitse ho se fosoe ke liboka? Na u etsa sohle seo u ka se khonang ho ba teng lenaneong lohle la likopano tse khōlō le tse nyenyane? Thuto e molemo moeeng e fumanoang lipokanong tsena e re bontša ka ho hlaka hore Ntate oa rōna oa leholimo o tsotella batho ba hae. (Esaia 40:11) Liketsahalo tse joalo le tsona li khothalletsa thabo ’me ho ba teng ha rōna ho bontša hore re ananela likhopotso tsa Jehova.—Nehemia 8:5-8, 12.
Likhopotso Tsa Jehova Lia re Khetholla
15, 16. Ho boloka likhopotso tsa Jehova ho ama boitšoaro ba rōna joang?
15 Ho boloka likhopotso tsa Molimo ho re thusa ho ba ba khethollehileng lefatšeng lena le khopo. Ka mohlala, ho ela hloko likhopotso tsa Molimo ho re thibela ho kopanela boitšoarong bo bobe ba botona le botšehali. (Deuteronoma 5:18; Liproverbia 6:29-35; Baheberu 13:4) Ha re iphaphatha ka likhopotso tsa Molimo re ka atleha ho thibela moleko oa ho bua leshano, ho se tšepahale kapa ho utsoa. (Exoda 20:15, 16; Levitike 19:11; Liproverbia 30:7-9; Baefese 4:25, 28; Baheberu 13:18) Ho boloka likhopotso tsa Jehova ho boetse ho re thibela ho iphetetsa, ho koetla lehloeo, kapa ho senya mang kapa mang lebitso.—Levitike 19:16, 18; Pesaleme ea 15:1, 3.
16 Ha re ela hloko likhopotso tsa Molimo, re lula re hloekile, kapa re khethetsoe ho etsa tšebeletso ea hae. Ke habohlokoa hakaakang ho aroha lefatšeng lee! Ha a rapela Jehova bosiung ba ho qetela ba bophelo ba hae ba lefatšeng, Jesu o ile a etsa boipiletso bona bakeng sa balateli ba hae: “Ke ba file lentsoe la hao, empa lefatše le ba hloile, hobane hase karolo ea lefatše, feela joalokaha ke se karolo ea lefatše. Kea u kōpa, eseng hore u ba ntše lefatšeng, empa hore u ba lebele ka lebaka la ea khopo. Hase karolo ea lefatše, feela joalokaha ke se karolo ea lefatše. Ba halaletse ka ’nete; lentsoe la hao ke ’nete.” (Johanne 17:14-17) A re tsoeleng pele ho rata Lentsoe la Molimo, le re khethelang ho etsa tšebeletso ea hae e halalelang.
17. Ho ne ho ka etsahala eng haeba re ne re ka hlokomoloha likhopotso tsa Molimo, ka hona re lokela ho etsa’ng?
17 Kaha re bahlanka ba Jehova, re batla ho lula re amoheleha bakeng sa ho etsa tšebeletso ea hae. Leha ho le joalo, haeba re ne re ka hlokomoloha likhopotso tsa Molimo, re ne re ka hlōloa ke moea oa lefatše lena, o khothalletsoang karolong e khōlō ea puo ea lona, ea lingoliloeng tsa lona, ea boithabiso ba lona le ea boitšoaro ba lona. Ka sebele ha re batle ho ba ba ratang chelete, ba ikhopolang ho tlōla, ba ikhohomosang, ba se nang teboho, ba sa tšepahaleng, ba bohale bo tšosang, ba hlooho li thata, ba ikhohomosang ka boikakaso, ba ratang menyaka ho e-na le ho rata Molimo—ha re bolela litšobotsi tse seng kae tse bonahatsoang ke ba furaletseng Molimo. (2 Timothea 3:1-5) Kaha re phela hare-hare matsatsing a ho qetela a tsamaiso ena e khopo ea lintho, a re tsoeleng pele ho rapella thuso ea Molimo e le hore re ka tsoela pele ho boloka likhopotso tsa Jehova kahoo ‘re itebele ho ea ka lentsoe la hae.’—Pesaleme ea 119:9.
18. Ho boloka likhopotso tsa Molimo ho tla etsa hore re nke mehato efe e nepahetseng?
18 Likhopotso tsa Jehova ha li re hlokomelise feela lintho tseo re sa lokelang ho li etsa. Ho boloka likhopotso tsa hae ho tla etsa hore re nke bohato bo nepahetseng, bo re susumelletsang ho tšepa Jehova ka ho feletseng le ho mo rata ka lipelo tsohle tsa rōna, moea, kelello le matla. (Deuteronoma 6:5; Pesaleme ea 4:5; Liproverbia 3:5, 6; Matheu 22:37; Mareka 12:30) Likhopotso tsa Molimo li boetse li re khothalletsa ho rata moahelani oa rōna. (Levitike 19:18; Matheu 22:39) Re bontša lerato la Molimo le la moahelani ka ho khetheha ka ho etsa thato ea Molimo le ka ho abela ba bang “tsebo ea Molimo” e phelisang.—Liproverbia 2:1-5.
Ho Boloka Likhopotso Tsa Jehova ho Bolela Bophelo!
19. Re ka bontša ba bang joang hore ho ela hloko likhopotso tsa Jehova hoa sebetsa ebile ho molemo?
19 Haeba re boloka likhopotso tsa Jehova ’me re thusa ba bang ho etsa joalo, re tla ipholosa re be re pholose ba re utloang. (1 Timothea 4:16) Re ka bontša ba bang joang hore ho ela hloko likhopotso tsa Jehova ka sebele hoa sebetsa ebile ho molemo? Ka ho sebelisa melao-motheo ea Bibele bophelong ba rōna. Kahoo, ba ‘nang le tšekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng’ ba tla kholiseha hore tsela e bontšitsoeng ka Lentsoeng la Molimo ka sebele ke e molemohali e ka phehelloang. (Liketso 13:48) Ba tla boela ba bone hore ‘ka sebele Molimo o har’a rōna’ ’me ba tla susumelletseha hore ba ikopanye le rōna borapeling ba ’Musi Morena Jehova.—1 Bakorinthe 14:24, 25.
20, 21. Likhopotso tsa Molimo le moea oa hae li tla re nolofalletsa ho etsa eng?
20 Ha re tsoela pele ho ithuta Mangolo, re sebelisa seo re ithutang sona, ’me re rua molemo o feletseng ka litokisetso tsa Jehova tsa moea, re tla rata likhopotso tsa hae ka mokhoa o fetisisang. Haeba re ela hloko likhopotso tsena, li tla re thusa ho apara “botho bo bocha bo ileng ba bōptjoa ho ea ka thato ea Molimo ho lokeng ha ’nete le botšepehing bo sa sekisetseng.” (Baefese 4:20-24) Likhopotso tsa Jehova le moea oa hae o halalelang li tla re nolofalletsa ho ba le lerato, thabo, khotso, tiisetso, mosa, molemo, tumelo, bonolo, boitšoaro—e leng litšoaneleho tse fapaneng le tsa lefatše le rapaletseng matleng a Satane! (Bagalata 5:22, 23; 1 Johanne 5:19) Ka lebaka leo, re ka ananela ha re hopotsoa ka seo Jehova a se hlokang nakong ea ha re ithuta Bibele boinotšing, ha re hopotsoa ke baholo ba khethiloeng, le libokeng le likopanong tsa rōna tse nyenyane le tse khōlō.
21 Kaha re boloka likhopotso tsa Jehova, re khona ho thaba leha re utloisoa bohloko ka lebaka la ho loka. (Luka 6:22, 23) Re itšetlehile ka Molimo hore a re pholose maemong a tšosang ka ho fetisisa. Hoo ke habohlokoa ka ho khethehileng hona joale ha lichaba li bokelleloa “ntoeng ea letsatsi le leholo la Molimo ea Matla ’Ohle” Har–Magedone.—Tšenolo 16:14-16.
22. Re lokela ho ikemisetsa ho etsa eng mabapi le likhopotso tsa Jehova?
22 E le hore re amohele mpho e sa re tšoanelang ea bophelo bo sa feleng, re lokela ho rata likhopotso tsa Jehova ka mokhoa o fetisisang ’me re li boloke ka pelo eohle. Ka lebaka leo, e se eka re ka ba le moea oa mopesaleme ea ileng a bina a re: “Ho loka ha likhopotso tsa hao ho teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang. Etsa hore ke utloisise, e le hore nka lula ke phela.” (Pesaleme ea 119:144) ’Me e se eka re ka ba le boikemisetso bo totobalang mantsoeng ana a mopesaleme: “Ke ipilelitse ho uena [Jehova]. Ak’u mpholose! Ke tla boloka likhopotso tsa hao.” (Pesaleme ea 119:146) E, ka mantsoe le ka liketso, a re bontšeng hore ka sebele re rata likhopotso tsa Jehova ka mokhoa o fetisisang.
U ne U Tla Araba Joang?
• Mopesaleme o ne a talima likhopotso tsa Jehova joang?
• Ke hobane’ng ha re hloka likhopotso tsa Molimo?
• Liboka tsa rōna li phetha karolo efe mabapi le likhopotso tsa Molimo?
• Likhopotso tsa Jehova li re khetholla joang lefatšeng lee?
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Mopesaleme o ne a rata likhopotso tsa Jehova ka mokhoa o fetisisang
[Litšoantšo tse leqepheng la 16, 17]
Ho latela mohlala oa Anna, na u ikemiselitse ho se fosoe ke liboka?
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Ho ela hloko likhopotso tsa Jehova ho re khetholla re le ba hloekileng le ba amohelehang bakeng sa ho etsa tšebeletso ea hae