Likhopotso le Litaelo tsa Molimo oa Tsamaiso e Ncha
“Ke ntse ke etsa ka litemoso le ka likeletso tsa hao, hobane metsamao ea ka kaofela e pel’a mahlo a hao.”—PESALEME EA 119:168.
1. Likhopotso li sebeletsa ho thabisa batho ba Jehova ka litsela life?
TSAMAISO e ncha ea ho loka ea Molimo e haufi! Lipaki tsa Jehova, tse ratang molao oa oona o lokileng, ho hlokahala li fumane likhopotso tse tsoang Lentsoeng la oona le ka phutheho ea oona. Kaha li boloka likhopotso tse joalo tsa Molimo, li thabile. Likhopotso tse joalo li li susumelletsa ho mo batla, ’me sena se fella ka thabo. Lentsoe la Seheberu ‘edothʹ le fetoletsoeng ka Sesotho e le “likhopotso,” le na le matla a maholo le morero o moholoanyane ho feta ha le fetoletsoe e le “bopaki” (martyriʹa, phetolelong ea Septuagint Version ea Segerike). Le bontša hore Jehova, ha ho hlokahala, o re hopotsa se boleloang ke molao oa hae, litaelo tsa hae, litemoso tsa hae, likomelo tsa hae le melaoana. Kahoo o etsa hore re se ke ra li lebala ho hang. Ha re sa khopisoe ke likhopotso tse joalo, rea thaba hobane rea li boloka.
2. Mongoli oa Pesaleme ea 119 o ne a e-na le motheo ofe oa ho phahamisa likhopotso tse ngata hakaale?
2 Haeba mopesaleme a ne a ngotse qetellong ea lekholo la bohlano la lilemo pele ho Mehla e Tloaelehileng ea rōna, a ka be a bile le Mangolo kaofela a Seheberu ho tloha ho Genese ho fihla ho Malakia. Buka ea bohlano e bitsoa Deuteronoma (Septuagint Version ea Segerike, joalokaha e bonoa ka holimo), e leng lebitso le bolelang “Molao oa Bobeli.” Ho totobetse hore boholo ba se ka bukeng ena, bo ne bo nkoa e le tlhaloso ea Molao (oa selekane) oo Jehova a neng a o neile Baiseraele ka ho buelloa ke moprofeta Moshe. Kahoo Deuteronoma e lokela ho ba le likhopotso, empa libuka tse ling tsohle tsa Bibele le tsona li na le likhopotso tsa Molimo bakeng sa rōna.
3. (a) Se qotsitsoeng Mangolong a Seheberu se re hopotsa eng? (b) Thabo ea rōna e ka ba ea feta ea mopesaleme joang?
3 Hore ka Mangolong a Segerike a Bakreste ho qotsoe ka makhetlo a makholo-kholo ka Mangolong a Seheberu ha ho sebeletse e le likhopotso feela tsa seo Jehova a se rutileng batho ba hae tlas’a Molao empa hape ke likhopotso tsa merero ea hae e babatsehang mabapi le phutheho ea Bokreste le moloko o lopolotsoeng oa batho. Barutuoa ba Jesu Kreste, Moshe e Moholo, kajeno ba na le likhopotso tse ngatanyana tse tsoang ho Jehova Molimo ho feta mopesaleme, ’me ka ho li boloka ka botšepehi ba lokela ho ba le thabo e fetang ea mopesaleme. Ha ba batla likhopotso tsa Oona ka ho ithuta Bibele, ba hlile ba batla Jehova ka lipelo tsohle tsa bona.
4. Ho e-na le ho khopisoa ke likhopotso tsa Molimo, re ka ba le boikutlo bofe bo nepahetseng ha re etsisa mopesaleme?
4 Ntho e re fang likeletso tse ntle le e re thibelang ho kopanela tšenyehong ea ba khopo ke ntho e ka ananeloang. Mopesaleme o ile a ikutloa ka tsela eo ka likhopotso tsa Molimo. (Pesaleme ea 119:24, 119, 167) Lipaki tsa Jehova tsa kajeno ka ho tšoanang ha li khopisoe ke hobane Molimo o bona ho lokile ho li hopotsa lintho tse amanang le molao oa oona e-bang ke boithutong ba tsona ba Bibele kapa ka phutheho ea oona. Li ikhethela ho khomarela likhopotso tsa oona ka botšepehi. “Ke khomaretse likhopotso tsa hao. Jehova, u se ke ua ntšoabisa.”—Pesaleme ea 119:31.
5. (a) Likhopotso tse tsoang Lentsoeng la Molimo le phuthehong ea oona li sebeletsa morero ofe? (b) Re ka bontša hlompho e phahameng joang bakeng sa likhopotso tsa Jehova joaloka mopesaleme?
5 Molimo ha o fane ka likhopotso tsa oona ho soabisa Lipaki tsa oona, empa o li alosa ka tsona hore li se oele tseleng e soabisang. Li batla lerato la tsona le sekamele linthong tse molemo ka sebele ka mehla le mehla; kahoo li ikopanya le mopesaleme ka thapelo: “Sekamisetsa pelo ea ka likhopotsong tsa hao, e seng leruong.” (Pesaleme ea 119:36) Hase mohlolo ha re sa rate ho lahleheloa ke letlotlo la lintho tsena tsa molemo o sa feleng ka ho tlohela ho ithuta Bibele kapa ho kopana kamehla le batho ba ineetseng ba Jehova. (Pesaleme ea 119:111) Lipaki li susumelletsoa tseleng ena ke ho rata Molimo oa tsona ka moea ’ohle oa tsona. Le hoja ho ka ’na ha bolela khalemelo e matla ho tsona, Lipaki tsa Jehova li thabela hore e be Jehova o li tsamaisa tseleng ea likhopotso tsa hae, e le hore li se khelohe ’me tsa lahleha ka ho sa feleng: “Ke ithabela tseleng ea likhopotso tsa hao, joalokaha ke etsa ka lintho tse ling tsohle tsa bohlokoa.”—Pesaleme ea 119:14.
6. Lipaki tsa Jehova li lekile ho tšepahala joang ho Molimo oa tsona?
6 Le hoja ba bangata ba ’nile ba li nyatsa ka matla le hona ho ikarohanya le tsona ka hore li fositse, Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa tšepahala ho Molimo oa tsona. Li batla ho ea ka tsela e suptjoang ke buka ena ea likhopotso. Histori ea tsona ea kajeno e bontša hore li etsisitse mopesaleme oa boholo-holo: “Ke nahana metsamao ea ka, ke tle ke khutlisetse maoto a ka likhopotsong tsa hao.” (Pesaleme ea 119:59) Ke ka ho etsa joalo feela li ka rapelang Molimo hore o li boloke li phela hore li ’ne li etse mosebetsi o khethehileng oa Molimo ho sa tsotellehe lira tsa tsona tse nyoretsoeng mali. (Pesaleme ea 119:88) Li ipolela hore ke bahlanka ba Molimo ka lebaka la ho ineela bobona ho oona ka Kreste le hore li hloka ho utloisisa hantle seo o se ngotseng ka Lentsoeng la oona, li re: “Ke mohlanka oa hao. Mphe kutloisiso, ke tle ke tsebe likhopotso tsa hao.”—Pesaleme ea 119:125.
7. Ke mabaka afe a etsang hore li lebohe, ’me li rapelletse eng?
7 Lintho tseo Molimo o li senotseng ka Lentsoe la oona ho tloha bofelong ba Ntoa ea I ea Lefatše ka 1918 lia babatseha ho tsona, hoo li batlang ho etsa se suptjoang ke litšenolo tsena. (Pesaleme ea 119:129) Jehova o lokile ka ho feletseng ka ho re hlokomelisa ka likhopotso tsa hae le ka ho re beela tsona e le likomelo. Re nyakallela ho lumela sena ka thapelo ka mantsoe a mopesaleme: “U laetse likhopotso tsa hao ka ho loka le ka botšepehi bo fetisisang.” (Pesaleme ea 119:138) Re leboha Molimo o tšepahalang joalo!
8. Ke ka tsela efe bophelo bo sa feleng bo itšetlehileng ka kutloisiso le ho boloka likhopotso tsa Molimo?
8 Kajeno Lipaki tsa Jehova li utloisisa hantle hore ho fumana bophelo bo sa feleng tsamaisong e ncha ea lintho ea ho loka ea Molimo ho itšetlehile ka hore li utloisise hantle seo o li hlokomelisang sona le hore ka masene li utloe. (Pesaleme ea 119:144) Li ile tsa tlameha ho rapela Mohalaleli Ea utloang merapelo hore a li pholose maemong a kotsi lefatšeng le befileng, haholoholo mehleng ena ea ha lichaba kaofela li bokelloa ‘ntoeng ea letsatsi le leholo la Molimo o matla ’ohle’ Harmagedone. (Tšenolo 16:13-16) Thapelo e loketseng ka ho fetisisa ke e reng: “Ke bitsa ho uena. Mpholose! ’Me ke tla boloka likhopotso tsa hao.”—Pesaleme ea 119:146.
9. Ke tiiso efe eo re nang le eona ea hore likhopotso tsa Molimo re tla ’ne re li fumane?
9 Le hoja likhopotso tsohle tse ngotsoeng tsa Jehova Molimo li theiloe lilemong tse fetileng tse 1 900 ka ho phethoa ha libuka tse 66 tsa Bibele, lia fumaneha kajeno ’me li tla ’ne li fumanehe ho isa ka ho sa eeng kae. Pesaleme ea 119:152, joalokaha e tobisitsoe ho Molimo, e ipakile e le ’nete: “Khale ke tsebile likhopotso tse ling tsa hao, hobane ke khale u li theile nakong e sa tsejoeng.” Ka lebaka la ho tseba likhopotso tse ling tsa Jehova, makasine ea Zion’s Watch Tower and Herald of Christ’s Presence e ile ea qala ho hatisoa ka Phupu 1879. Kajeno, kamorao ho lilemo tse 105 e hatisoa, makasine ena e ntse e tsamaisoa, le hona e le lefatšeng lohle ka lipuo tse 102. Le haeba lira tsa Lipaki tsa Jehova li ka lumelloa ho emisa makasine, li ke ke tsa tseba ho emisa Bibele e Halalelang e nang le likhopotso tsa Jehova tse theiloeng motheong oa ka ho sa feleng, kapa oa ka ho sa eeng kae.
Ho Phethahatsa Litaelo tsa Mookameli oa Rōna
10. Pesaleme ea 119 e phahamisa “litaelo” tsa Molimo joang?
10 Hoba mopesaleme a rorise ba tsamaeang molaong oa Jehova le ba bolokang likhopotso tsa hae litemaneng tse peli tse qalang, o tsoela pele, a re: “Ruri ha baa itloaetsa bokhopo. Ba tsamaea litseleng tsa hae. Ke uena ea faneng ka litaelo tsa hao hore li bolokoe ka hloko.” (Pesaleme ea 119:3, 4) Pesalemeng ena seqapi se sebelisa lentsoe “litaelo” ka makhetlo a 21, kahoo a li boloka mohopolong.
11. (a) Mopesaleme o ne a le hlokolosi ka eng boitšoarong ba hae joalokaha ho bontša Pesaleme ea 119:168? (b) Lentsoe “litaelo” le na le matla afe?
11 Mopesaleme o re bolella hore na o ne a ikutloa joang le hore na o ile a etsa joang ka “litaelo” tse halalelang. Ka tsela ena o sebelelitse e le mohlala o tšepahalang oa rōna kajeno. O ne a ananela hore tsela ena ea bophelo e alositsoe ke Molimo le hore o tlameha ho ba seli hore na u itšoara joang tlas’a selekane sa Molao sa Jehova. Ka lebaka le utloahalang a re: “Ke bolokile litaelo tsa hao le likhopotso tsa hao, hobane metsamao ea ka kaofela e pel’a mahlo a hao.” (Pesaleme ea 119:168) Likhopotso li susumetsa mohopolo, empa litaelo ke melao eo mookameli a e lebisang ho ha tlas’a hae. Litaelo li thathamisa se lokeloang ho etsoa le hore na se etsoa joang ke mohlanka, lekhoba, mosebeletsi kapa lesole. Litaelo li matlanyana ho feta tsamaiso; ’me lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng ka tsela eo, e leng piqudimʹ, le bolela “ho khetheloa libaka tsa mosebetsi, ho abeloa boikarabelo.” Na litaelo tsee tsa Molimo li ile tsa bonahala e le moroalo ho mopesaleme, haholo haeba ho li boloka ho entse hore motho a nģosoe ka bohata kapa a etselletsoe? A re ke re mo mameleng: “Elelloa hoba ke rata litaelo tsa hao. Oho Jehova, u mphelise ka mosa o lerato oa hao.”—Pesaleme ea 119:159, 169.
12, 13. (a) Tekanyetso e beiloeng ke mopesaleme e ile ea nolofaletsa bahlanka ba Molimo ho mamella liteko joang nakong ea Ntoa ea I ea Lefatše le kamorao ho eona? (b) Le hoja ba ile ba ‘etselletsoa ka mashano,’ masala a ile a utloa litaelo tsa mang?
12 Mopesaleme o beetse Bakreste ba kopanelang le phutheho e bonahalang ea Jehova tekanyetso e ntle hakaakang har’a lefatše lena le se nang molao, le se nang lerato! Ho e phelela ho bonahetse ho putsa. Tikolohong ea bona e tletseng lira tsa Molimo oa bona, ba ikutloa hantle joaloka mopesaleme, ba ikutloa e le ‘basele.’ (Pesaleme ea 119:19, 54) Empa ba ikutloa hore ha ho letho le tšoanang le litemoso tsa Molimo hore motho a phele hantle. Li tsoile ka soba-la-mohasoa Ntoeng ea I ea Lefatše ea 1914-1918. Lilemong tseo tsa bohlanya ba ntoa lira tsa fihla ka holimo-limo ho basebeletsi ba phutheho e bonahalang ea Jehova ho potlakisa thipitlo ea batho ba hae, hoo li bileng tsa kenya ka phoso litlamong mookameli le banna ba bang ba jereng boikarabelo bo boima ntlo-kholo ea Watch Tower Bible and Tract Society. Phihlelo ea tšoana le e hlalosoang ke Pesaleme ea 119:69: “Baikhohomosi ba nketselelitse ka mashano. Ha e le ’na, ke tla boloka litaelo tsa hao ka pelo eohle ea ka.” Molimo o Holimo-limo, Mookameli oa bona, o lokeloa ke ho utluoa ho e-na le ho utloa batho ba mona bonamelong ba maoto a Molimo.
13 E, sehlohlolong sa Ntoa ea I ea Lefatše, ha ho ne ho bonahala hore tlhaselo e etsetsoang baboloki ba litaelo tsa Molimo e atlehile, lira tsa ikutloa hore li haufi le ho felisa batho ba oona ba utloang, ba ineetseng. Kahoo ba ne ba ka re: “Ba batlile ba ntimetsa kapele lefatšeng; empa ha nka ka tlohela litaelo tsa hao.” (Pesaleme ea 119:87) Ea Holimo-limo oa bokahohle a tšoephola leano le bomene-mene la lira tse ikhohomosang.
14. Ke ka kutloisiso efe masala a neng a ka bua mantsoe a Pesaleme ea 119:45?
14 Hoba ba lopolloe kamorao ho ntoa, ba ikutloa hore hoa hlokahala ho batla litaelo tsa Molimo ho feta neng kapa neng e le hore ba ka ithuta hore na o ba reretse eng nakong ena ea khotso e sa lebelloang. Ba ne ba ka bua mantsoe a Pesaleme ea 119:45: “Ke tla tsamaea tseleng e ahlameng, hobane ke batlile litaelo tsa hao.”
Hona Joale le ho Fihlela Kamoso
15. (a) Ke maikutlo afe a boletsoeng ho Pesaleme ea 119 ao batho ba Molimo ba a fetotseng a bona? (b) Ba etsa eng ho tloha ka 1919?
15 Ka ho atolosetsoa ha mosebetsi oa bona oa ’Muso ho isa lipheletsong tsa lefatše, lira tsa bona li ngatafetse. Empa hona ha ho ba tšose hore ba lebale litaelo tsa Molimo. Ba tsoela pele ka boikemisetso. (Pesaleme ea 119:93, 94) Kahobane e se bautloi ba lebalang ba lentsoe la Molimo, le litaelo tsa oona tse lokileng, empa ba fetohile baetsi ba mosebetsi oa hae, ke eng seo ba ka se bolelang ntle ho boithoriso, ba tlotlisa Jehova? Sena: “Ke itšoara ka kutloisiso le ho feta ba hōlileng, hobane ke bolokile litaelo tsa hao.” (Pesaleme ea 119:100, 104) Ka hoo, ho tloha ka selemo sa pele sa kamorao ho ntoa sa 1919 ho ea pele, ha baa itšoenya ka litokisetso le lipakane tsa lichaba. Ba boletse ’Muso oa Molimo ka Kreste ba sa khelohe hore ke oona tšepo feela bakeng sa batho, ho e-na le Selekane sa Lichaba le mohlahlami oa sona oa hona joale, Machaba a Kopaneng. Ke “kutloisiso” e kaakang!
16. Le hoja re hatelloa ho etsa bobe, re kholisehile ka eng?
16 Ha Lentsoe la Molimo le re bolella rōna ba phelang mehleng ena ea Machaba a Kopaneng hore re se ke ra rata lefatše lena le lintho tsa Iona, le re bolella litaelo tse halalelang tse re tobileng. Re tlameha ho li nahana e le tse nepahetseng; ’me li nepahetse! Re ema le Pesaleme ea 119:128: “Ka baka leo ke ntse ke nka hore litaelo tsohle tse mabapi le lintho tsohle li lokile; ke hloile litsela tsohle tsa bohata.” Batho ba lefatše ba ka ’na ba re khesa ka lebaka la boemo ba rōna bo sa sekisetseng, empa hoo e leng taba ke hore na Molimo o re nka joang, ’me kahoo ha re batle ha litaelo tsa hae li ka phonyoha likelello tsa rōna.—Pesaleme ea 119:141.
17. Ke litebello life tse leng ka pel’a rōna, ’me tšireletso ea Molimo e tla fumaneha joang ha bahanyetsi ba kopela batho ba Jehova?
17 Ho sa tsotellehe hore ’Muso oa Molimo ka Kreste o boletsoe ka matla e le oona tšepo feela bakeng sa lefatše la batho ka lilemo tse fetang 60 joale, bareri le balokisetsi ba litaba tsa lefatše ha ba ele seli ka letho. Hona joale ho na le kotsi ea hore lelapa lohle la motho le ka ’na la felisoa ka lihlomo tsa “nuclear.” Hase hona feela, empa lehloeo la bolumeli le baba ho feta eng kapa eng lipelong tsa batho ba bangata. Ha ho se ho sentsoe bolumeli ba bohata ka mefuta eohle ea bona, lira tsa Molimo li tla tobana le Lipaki tsa Jehova. Ha bahanyetsi ba ’Muso oa Molimo bao e seng balumeli ba kopela baphonyohi ba Lipaki tsa Jehova, li tla hloka thuso e phahametseng motho ho feta neng kapa neng. Ho tla hlokahala hore li sireletsoe ka moriti oa letsoho le matla ’ohle, letsoho la Molimo. Li tla ba le motheo oa ho ipiletsa bakeng sa letsoho la Molimo hore le li phallele, joalokaha ho boletsoe ho Pesaleme ea 119:173: “Letsoho la hao le ke le sebeletse ho nthusa, hobane ke ikhethetse litaelo tsa hao.” Tlas’a maemo ao a lekang ka ho fetisisa, letsoho la Jehova le ke ke la ipaka le khutsufetse haholo hore le ka ba matla ho pholosa baboloki ba tšabang Molimo ba litaelo tsa oona.—Esaia 50:2.
18. (a) Ho ba ha motho har’a metsoalle e nepahetseng ho tla ama joang le ho pholoha bofelo ba tsamaiso ee ea lintho? (b) Re tseba se tla hlahela ba tšabang Jehova, re tla ameha ka eng kamehla?
18 Ha re atamela koluoa ea bofelo ea tsamaiso ena ea lintho e se nang molao le e se nang lerato le bofelo ba ho aroloa ha batho ba lichaba, joalokaha molisa a arola linku tsa hae ho lipōli, re batla ho fumanoa har’a bafe? Har’a ba kang lipōli ba tla felisoa ka ho sa feleng kapa har’a barati ba Jehova Molimo ba kang linku? (Mattheu 25:31-46) Ho potlakile ho khetha metsoalle e nepahetseng. Hona joale ke nako ea ho khetha joaloka mopesaleme, ea ileng a re ka Ea Phahameng: “Ke tloaelane le bohle ba u tšabang, le ba bolokang litaelo tsa hao.” (Pesaleme ea 119:63) Re tseba se tla hlahela ba tšabang Jehova Molimo, ’me re batla ho kopanela le bona kabelong ena e khotsofatsang moea, ho thabisa Jehova. Kaha rea mo rata, ka botebo le ka mehla re amehile ka ho mo khahlisa ka ho etsa seo a re hlokang sona. Mopesaleme o hlalosa boikemisetso ba rōna hantle, a re: “Ke tla nahana ka litaelo tsa hao, ’me ka tla qamaka litsela tsa hao.”—Pesaleme ea 119:15.
19. Ke mosebetsi ofe o babatsehang o etsoang hona joale?
19 Ho tloha ka 1918 qetellong ea ntoa ea pele ea lefatše, Molimo Ea Holimo-limo o entse mosebetsi o babatsehang har’a lefatše le hanyetsang. Ke mosebetsi oa hore Lipaki tsa oona li bolele “evangeli ena ea ’muso . . . lefatšeng lohle, e tle e be bopaki ho lichaba tsohle,” ka lebaka la “bofelo” bo atamelang ba tsamaiso ena ea lintho e bileng teng ka likete tsa lilemo. (Mattheu 24:14) Re batla ho kopanela le eena mesebetsing ena ea hae. Re batla ho etsa thato ea hae, ’me kahoo re mo kōpa hore a re etse hore re thuse ho etsa thato ea hae. Thapelo ea rōna e tlohang botebong ba pelo e ntse e le ea Pesaleme ea 119:27: “U nketse hore ke utloisise litaelo tsa hao, hore ke nahane ka mesebetsi e babatsehang ea hao.”
20. Ke mosebetsi ofe o babatsehang oa Molimo o sa ntsaneng o tla etsoa, ’me ba tla bolokoa hore ba phele ba tla re’ng ka litaelo tsa Molimo?
20 O mong oa mesebetsi e babatsehang haholo ea Molimo, o sa ntsaneng o tla etsoa, e tla ba oa ho boloka lipaki tsa oona tse khabane le tse tšepahalang bofelong bo tlang ba tsamaiso ena ea lintho hore li kene Tsamaisong e Ncha. (2 Petrose 3:13) O tla be a bontša ho loka ho li sireletsa hore li fete lefu la tsamaiso ena ea lintho e kulelang lefu. O tla arabela thapelo ena e bululetsoeng lebitsong la tsona: “Bona! ke hlolohetsoe litaelo tsa hao. U mphelise ka ho loka ha hao.” (Pesaleme ea 119:40) Eo e ke e be thapelo ea hao. Joale, ha ho se ho fetile mahlomola a maholo historing eohle ea lefatše ’me u bolokehile meeling ea tsamaiso e ncha le e lokileng ea lintho, ka ’nete u tla susumeletseha hore u re: “Nke ke ka lebala litaelo tsa hao ka ho sa eeng kae, hobane u mphelisitse ka tsona.”—Pesaleme ea 119:93.
Thuso ea ho Hopola
◻ U na le “likhopotso” life tse tsoang ho Molimo?
◻ U ka rua molemo joang ka likhopotso tsa Molimo?
◻ “Litaelo” tsa Jehova ke eng?
◻ Ke hobane’ng ha u lokela ho rata ho li phethahatsa?
[Litšoantšo tse leqepheng la 28]
Kajeno bahlanka ba Molimo ba na le “likhopotso” tse ngata ho ba ruisa molemo
[Setšoantšo se leqepheng la 30]
Na u ikhethetse ho ba ‘motsoalle oa “linku” tse bolokang litaelo tsa Molimo’?