Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w91 7/1 maq. 24-27
  • Ho Haha Botho ba Bokreste ka ho Bana ba Rōna

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Haha Botho ba Bokreste ka ho Bana ba Rōna
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Motheo
  • Mohaho
  • Mosebetsi oa Kaho o Atlehileng
  • Mollo
  • Moputso
  • Ho Haha ka Thepa e sa Cheng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Na Mosebetsi oa Hao o Tla Ema o Tiile Khahlanong le Mollo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Re Mofuta o Nang le Tumelo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Koetlisa Ngoana oa Hao ho Tloha Boseeng
    Lekunutu la Thabo ea Lelapa
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
w91 7/1 maq. 24-27

Ho Haha Botho ba Bokreste ka ho Bana ba Rōna

’MÈ OA Wanda, ea neng a lahliloe ke monna, o ile a sebetsa ka thata ho haha litšoaneleho tsa Bokreste ka ho morali oa hae. Ha Wanda a le lilemo li 12, koetliso ena e ile ea behoa tekong. Ka nako eo, Wanda, hammoho le ngoan’abo e monyenyane oa moshanyana le oa ngoanana, o ile a tlameha ho siea ’mè oa hae ’me a e’o lula le ntate oa hae ka nakoana. Ntate oa hae o ne a sa lumela, kahoo Wanda o ne a tla itšoara joang ha ’mè oa hae a ne a se haufi le eena bakeng sa ho mo hlokomela?

Qetellong batsoali bohle ba Bakreste ba lokela ho talimana le nako eo ka eona bana ba bona ba lokelang ho iketsetsa liqeto, tse lekang tumelo ea bona. Bana ba ka ’na ba arohana le batsoali ba bona ba Bakreste, joaloka Wanda. Ha ba le sekolong ba ka ’na ba talimana le khatello ea lithaka e ba susumelletsang ho etsa se fosahetseng. Kapa ba ka ’na ba tobana le liteko tse matla. Batsoali ba Bakreste baa tšepa ebile ba rapella hore ha nako eo e fihla, bana ba bona ba be ba na le botho ba Bokreste bo matla ka ho lekaneng hore ba se ke ba sisinngoa ke teko.

Ke joang batsoali ba ka hahang litšoaneleho tse matla tsa Bokreste ka ho bana ba bona? Pele re fumana hore na ke’ng se ileng sa etsahalla Wanda, a re boneng hore na Bibele e re thusa joang ho arabela potso eo. Motheo oa karabelo o fumanoa mantsoeng ana a moapostola Pauluse a eang ho Bakreste ba Korinthe: “Ha ho motho ea ka theang motheo osele ho o setseng o theiloe, e leng Jesu Kreste. Ekare ha e mong a haha holim’a motheo oo ka gauda, kapa ka silevera, leha e le ka majoe a bohlokoa, le mahong, le joang le lihlokoa, mosebetsi oa e mong le e mong o tla bonahala; hobane o tla hlahisoa pontšeng ke letsatsi, etsoe o tla bonahatsoa ke mollo, ’me mollo o tla leka mosebetsi oa e mong le e mong hoba o joang.”—1 Ba-Korinthe 3:11-13.

Motheo

Ke hobane’ng ha Pauluse a ile a ngola mantsoe aa? O ne a qalile lenaneo la ho haha botho ba Bokreste Korinthe, empa lenaneo leo le ne le e-na le mathata. Ho hlakile hore lenaneo la Pauluse la ho haha le ne le sa akarelletse bana ba hae ba nama. Le ne le akarelletsa bao e bileng Bakreste ka baka la boboleli ba hae. Empa o ne a ba nka e le bana ba hae ba moea, ’me seo a ileng a se bua ke sa bohlokoa le ho batsoali.—1 Ba-Korinthe 4:15.

Pauluse o ne a ile a tla Korinthe pejana ’me o ne a theile phutheho ea Bokreste moo. Ba ileng ba arabela boboleling ba hae ba ne ba se ba entse liphetoho tse khōlō bothong ba bona. Ba bang pele ba ne ba phela boitšoaro bo bobe, masholu, barapeli ba litšoantšo, le matahoa. (1 Ba-Korinthe 6:9-11) Empa ba ile ba khona ho fetohela monahanong oa Bokreste hobane, kamoo ho ka boleloang ka teng, Pauluse o ne a ralile motheo o motle. Motheo oo ke ofe? “Ha ho motho ea ka theang motheo osele ho o setseng o theiloe, e leng Jesu Kreste.”—1 Ba-Korinthe 3:11.

Pauluse o ile a rala motheo oo joang ha a ntse a ruta balumeli baa ba bacha ba Korinthe? Oa re bolella: “Ha e le ’na, banab’eso, mohla ke fihlang har’a lōna, ha kea ka ka fihla ke le tsebisa bopaki ba Molimo ka lipolelo tse phahamileng, leha e le tsa bohlale. Hobane ke ne ke pheheletse hore ke se ke ka tseba letho le leng har’a lōna ha e se Jesu Kreste, le hona e le ea thakhisitsoeng.” (1 Ba-Korinthe 2:1, 2; Liketso 18:5) Ha aa ka a lebisa tlhokomelo ho eena ka boeena kapa hona ho khabisa ’nete ho e etsa hore e ipiletse ka hore a e tsoake le bohlale ba lefeela. Ho e-na le hoo, o ile a lebisa tlhokomelo ho Jesu Kreste le tsela eo Molimo o ileng oa mo sebelisa ka eona.

Ka sebele, Jesu ke motheo o matla ka mokhoa o tsotehang bakeng sa ho haha Bakreste. O ile a fana ka sehlabelo sa topollo. Hona joale ke Morena oa leholimo ’me a le boemong boo haufinyane o tla felisa lira tsa Molimo ka Harmagedone. Joale o tla sebelisa ho loka ha Molimo nakong ea puso ea lilemo tse sekete, ’me joaloka Moprista ea Phahameng oa Molimo, butle-butle o tla thusa moloko oa batho ho finyella phetheho. Ke motheo ofe o mong oo motho a neng a ka u hloka ntle le oo?

Kahoo, ha re haha botho ba Bokreste ka ho bana ba rōna, re tla be re etsa hantle ha re etsisa Pauluse ’me re kholiseha hore ba ananela linnete tsena tsa bohlokoa. Ho tloha boseeng, re lokela ho ruta bana ba rōna hore ba rate Jesu ka baka la seo a re etselitseng sona le seo a sa ntsaneng a re etsetsa sona.—1 Petrose 1:8.

Mohaho

Leha ho le joalo, le hoja Pauluse a ne a ralile motheo ona o motle, mosebetsi oa ho haha o ile oa ba le litšitiso tse itseng ka mor’a hore a tsamaee. (1 Ba-Korinthe 3:10) Bothata bona ha boa fapana le seo batsoali ba bangata ba tobanang le sona kajeno. Ba hōlisetsa bana ba bona tumelong ea Bokreste ’me ba ikutloa ba kholisehile hore bana ba bona ba utloisisa seo ’nete e leng sona. Empa ha ba hōla, bana ba suthela thōko kapa ba lahla tumelo. Ke hobane’ng ha ba etsa joalo? Hangata ke ka baka la thepa ea mohaho e sebelisitsoeng.

Pauluse o itse botho bo ka hahoa ka thepa ea bohlokoa: gauda, silevera, le majoe a bohlokoa. Kapa bo ka hahoa ka thepa e theko e tlaase: lehong, joang, le litlhaka. (1 Ba-Korinthe 3:12) Joale, haeba sehahi se sebelisa gauda, silevera, le majoe a bohlokoa, se tlameha hore e be se haha mohaho oa boleng bo phahameng ka ho fetisisa, oa bohlokoa bo ikhethang. Empa sehahi se sebelisang lehong, joang, le litlhaka se mpa se haha feela ntho e tla qheqhebisa, ea nakoana, le e theko e tlaase.

Ho bonahala eka thepa ea mohaho oa moea ea boleng bo tlaase e ne e sebelisoa Korinthe. Ba bang ba ileng ba haha holim’a motheo oa moapostola Pauluse ba ne ba haha ka thepa ea theko e tlaase, ba sa hahe mohaho o matla, le o tšoarellang. Bakorinthe ba ne ba qalile ho talima ho batho, ’me ho ne ho e-na le likhaohano, mōna, le likhohlano har’a bona. (1 Ba-Korinthe 1:10-12; 3:1-4) See se ne se ka thibeloa joang? Ka hore ba sebelise thepa ea boleng bo phahameng, e tšoarellang.

Thepa ena e emela litšobotsi tsa bohlokoa tseo e leng karolo e hlokahalang ea botho ba Bokreste. Litšobotsi tseo ke life? Moapostola Petrose o ile a bua ka e ’ngoe ea tsona: “Tšoaneleho ea tumelo ea lōna e lekiloeng, eo e leng ea bohlokoahali ho feta gauda.” (1 Petrose 1:6, 7, NW) Morena Salomone o ile a bua ka tse ling tse peli: bohlale le temoho, tseo ho ba le tsona e leng “tlotlo le fetang khauta.” (Liproverbia 3:13-15, BPN) ’Me Morena Davida o ile a re hopotsa hore tšabo ea Jehova le kananelo ea melao ea hae “li khahleha ho feta khauta.”—Pesaleme 19:10, 11, BPN.

Thepa ena le thepa e ’ngoe ea bohlokoa e ka sebelisoa bakeng sa ho haha botho ba Bokreste bo tlang ho thusa bana ba rōna ho mamella liteko. Leha ho le joalo, re ka kholiseha joang hore re haha ka thepa e joalo? Ka ho hlokomela lipelo tsa bana ba rōna le tsa rōna ka borōna.

Mosebetsi oa Kaho o Atlehileng

Karolo e phethoang ke pelo ea motsoali mosebetsing ona oa kaho e bonoa taelong eo Jehova a e fileng batsoali sechabeng sa Iseraele ea boholo-holo: “Litaelo tseo ke u laelang tsona kajeno, li be pelong ea hao.” Eaba o tsoela pele ho re: “U tlo u li rute bana ba hao.” (Deuteronoma 6:6, 7) Kahoo, pele re ka haha ba bang, re lokela ho ikaha. Bana ba rōna ba lokela ho bona hore botho ba rōna bo hahiloe ka thepa e nepahetseng linthong tseo re li buang le linthong tseo re li etsang.—Ba-Kolosse 3:9, 10.

Joale, thuto ea rōna e lokela ho finyella lipelo tsa bona. Jesu, sehahi se atlehang ka ho fetisisa sa botho ba Bokreste, o ile a finyella lipelo ka ho sebelisa lipapiso le lipotso. (Mattheu 17:24-27; Mareka 13:34) Batsoali ba fumana hore mekhoa eona eo ea ho ruta ke e atlehang ka ho fetisisa. Ba sebelisa lipapiso ho etsa hore linnete tsa Bokreste li ipiletse lipelong tsa bana ba bona, ’me ba sebelisa lipotso tse nahanisisitsoeng hantle hore ba lemohe seo bana ba bona ba baholoanyane ba hlileng ba se nahanang le merero e ka lipelong tsa bona.—Liproverbia 20:5.

Ha Moshe a ne a leka ho haha ka har’a Baiseraele takatso ea ho lula ba tšepahala, o itse: “Bolokang litaelo tsa Jehova le melao ea hae . . . molemong oa lōna.” (Deuteronoma 10:13, NW) Ka ho tšoanang, batsoali ba tla be ba etsa hantle ha ba bontša bana ba bona ka tsela e kholisang hore na ke hobane’ng ha lintho tse joaloka botšepehi, ho hloeka boitšoarong, le litloaelano tse ntle li le molemong oa bona, eseng feela ho ba hlalosetsa ka ho hlaka seo litekanyetso tsa Jehova li leng sona.

Qetellong, Jesu o itse: “Bophelo bo sa feleng ke hore ba u tsebe, uena Molimo o ’notši oa ’nete, le Jesu Kreste eo u mo romileng.” (Johanne 17:3) Ha bana ba tseba botho ba Jehova ba sa le banyenyane, ba ithuta ho bua le eena ka mathata a bona, ’me ba e-ba le phihlelo ea hore a arabele lithapelo tsa bona, ba hōlisa karolo ea bohlokoa ka ho fetisisa ea botho ba Bokreste: kamano ea botho le ’Mōpi oa bona.

Mollo

Pauluse o ile a fumana hore ha mosebetsi oa kaho Korinthe o ne o sa etsoe ka nepo, litšobotsi tsa lefatše, tse kang bokhelohi le likhang, li ile tsa mela ka metso. Joalokaha a ile a hlalosa, sena se ne se le kotsi hobane, “mollo o tla leka mosebetsi oa e mong le e mong hoba o joang.”—1 Ba-Korinthe 3:13.

Mollo ke eng? E ka ’na ea ba teko leha e le efe eo Satane a e tlisetsang Mokreste. E ka ’na ea ba khatello ea lithaka, ho lekoa nameng, lerato la lintho tse bonahalang, mahloriso, esita le tšusumetso e fokolisang ea lipelaelo. Liteko tse joalo li tla fela li tle. “Mosebetsi oa e mong le e mong o tla bonahala; hobane o tla hlahisoa pontšeng ke letsatsi, etsoe o tla bonahatsoa ke mollo.” Batsoali ba bohlale ba haha botho ba Bokreste ka ho bana ba bona ka tebello ea hore hamorao bana ba tla hlaheloa ke liteko. Empa ba kholisehile hore ka thuso ea Jehova, bana ba bona ba ka mamella liteko. Haeba batsoali ba na le boikutlo bona, ba tla hlohonolofatsoa haholo.

Moputso

Pauluse o itse: “Ekare ha mosebetsi oo e mong a o hahileng holim’a motheo o sala, eena o tla putsoa.” (1 Ba-Korinthe 3:14) Moapostola Pauluse o ile a fumana moputso. O ile a ngolla Bakreste ba motseng oa Thessalonika, moo a ileng a boela a etsa mosebetsi oa ho haha, a re: “Hobane tšepo ea rōna ke mang, kapa thabo ea rōna, kapa moqhaka oo re ithorisang ka oona ke’ng? Na hase lōna le tla ba oona pel’a Morena Jesu Kreste, ho tleng ha hae? Efela ke lōna le leng khanya le thabo ea rōna.”—1 Ba-Thessalonika 2:19, 20.

’Mè oa Wanda o ile a fumana moputso ona. Ha Wanda ea lilemo li 12 a iphumana a arohane le ’mè oa hae, qalong o ile a lla hoo a bileng a robala. Eaba o hopola keletso ea ’mè oa hae ea ho buisana le Jehova ka thapelo ka mathata a hae. O ile a rapela ’me kapele a ba le khopolo ea ho sheba bukeng ea lithelefono ho bona hore na ho na le Lipaki tsa Jehova haufinyane. O ile a li letsetsa ’me a hlokomela hore ho na le lelapa le phelang tlaasana tseleng e tlohang ntlong ea ntate oa hae. Wanda o re: “Ke ile ka thaba hakaakang!”

Ka khothatso ea lelapa lena, Wanda o ile a lokisetsa hore ngoan’abo e monyenyane oa moshanyana le oa ngoanana ba khutlele tšebeletsong ea Bokreste. Oa hlalosa. “Ke ne ke ikarabella bakeng sa ho etsa hore re itokisetse ho ea libokeng. Ke ne ke lokela ho hlatsoa liaparo tsa rōna, ho kama moriri oa rōna, le ho kholiseha hore re hloekile ebile re shebahala hantle.” E ne e le mosebetsi o boima bakeng sa ngoanana e monyenyane lilemong, empa o ile a o etsa. Ka lekhetlo le leng ntate oa hae o ile a leka ho ba thibela ho ea libokeng, empa ba ile ba mo phehella, ’me o ile a ba lumella ho tsamaea.

Hamorao, bana bana ba ile ba boela ba lula le ’mè oa bona. Ha Wanda a le lilemo li 15, o ile a fetoha Mokreste ea kolobelitsoeng, ’me qetellong a hlalosa takatso ea hae ea ho ba moromuoa. E, mosebetsi oa ’mè oa Wanda o ile oa feta teko ka katleho. O ile a thabela moputso oa ho bona morali oa hae a ema a tiile bakeng sa ’nete. E se eka batsoali bohle ba Bakreste ba ka ba le katleho e tšoanang ha ba ntse ba sebeletsa ho haha botho ba Bokreste ka ho bana ba bona.

[Lebokose le leqepheng la 27]

Joalokaha sehlooho sena se bontša, le hoja batsoali ba leka ka matla ho haha botho ba Bokreste ka ho bana ba bona, bana le bona ba na le boikarabelo. Joaloka Bakreste bohle, ba tlameha ho etsa mosebetsi oa ho ikaha. (Ba-Efese 4:22-24) Le hoja batsoali ba na le monyetla o babatsehang oa ho thusa tabeng ena, qetellong motho e mong le e mong o lokela ho iketsetsa qeto ea ho sebeletsa Jehova.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela