Litsebiso
◼ Mpho ea buka ka October: Lipeeletso tsa Tsoha! kapa Molula-Qhooa kapa limakasine tsena ka bobeli ka monehelo oa R17,00 bakeng sa likhatiso tse tsoang habeli ka khoeli. Lipeeletso tsa selemo se le seng bakeng sa likhatiso tse tsoang hanngoe ka khoeli le lipeeletso tsa likhoeli tse tšeletseng bakeng sa likhatiso tse tsoang habeli ka khoeli ke R8,50. November: Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho? ka monehelo oa R2,60. December: Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele ka monehelo oa R8,00. January le February: Khotso ea ’Nete le Tšireletseho—U Ka Li Fumana Joang? ka monehelo oa R2,60.
◼ Liphutheho li lokela ho qala ho odora Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—1992 hammoho le odoro ea tsona e tloaelehileng ea libuka ho tloha ka November 1. Libukana li tla fumaneha ka Seafrikaanse, Senyesemane, Sefora, Sejeremane, Segerike, Setaliana, Sepotoketsi, Sepedi, Sesotho, Setsonga, Setswana, Sevenda, Sexhosa le Sezulu. Ho fihlela ha libukana tsena li fumaneha le ho romeloa, ho tla ’ne ho ngoloe “Li tla Romeloa” ho li-invoice tsa phutheho. Libukana tsa Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla ke tsa setoko se laoloang ’me li tla lefisoa molatong oa libuka ka 85c e le ’ngoe, e leng theko ea bahoeletsi. Bo-pula-maliboho ba ka mehla le ba khethehileng ba bileng lenaneng pele ho July 1, 1991, ba ka fumana kopi e le ’ngoe e sa lefelloeng ’me ba ka iphumanela likopi tse eketsehileng ka 55c e le ’ngoe. Liphutheho tse se nang molato ho Mokhatlo kapa tse nang le khaello ea chelete molatong oa tsona oa libuka li lokela ho romela chelete hammoho le odoro ea tsona. Ho lokela ho tlatsoe foromo e ka thōko ea Tefello le Kōpo ea Phokoletso (S-AB-20) e bontšang likopi tse sa lefelloeng tse filoeng bo-pula-maliboho. Re khothalletsa hore setho se seng le se seng sa lelapa se be le kopi ea bukana ena. Libukana tsena li lokela ho odoroa ka phutheho.
◼ Mona ho hopotsoa LIPHUTHEHO TSOHLE hore ka kōpo li odore “Medical Documents” le “Identity Cards” kapele kamoo ho ka etsahalang foromong e tloaelehileng ea “Literature Order” (S-AB-14). Liphutheho tse nang le khaello ea chelete molatong oa tsona oa libuka li lokela ho romela chelete hammoho le odoro ea tsona. Likarete tsena ke 5c e le ’ngoe. Ka kōpo le se abe likarete tsena, empa le li boloke ho fihlela le fumana litaelo tse eketsehileng tse tsoang ho Mokhatlo.