Lebokose la Lipotso
◼ Ke eng se lokelang ho hopoloa ha ho etsoa bopaki ka thelefono kapa ka ho ngola mangolo?
Re khetha ho bolela litaba tse molemo ho batho re shebane le bona mahlong, empa maemo a ka ’na a etsa hore ho paka ka thelefono kapa ho ngola mangolo e be mokhoa o mong o ka sebelisoang. Bahoeletsi bao ka nakoana kapa ka mehla ba lulang matlung a bona ka baka la ho kula kapa ba holofetse ’meleng ba ka sebelisa mekhoa ena ea ho paka. Ba ka atleha ho ikopanya le batho ba lulang libakeng tseo motho a ke keng a lumelloa ho kena ho tsona ha a sa mengoa esale pele.
Ho hlokahala lentsoe le mofuthu le le bonolo bakeng sa ho paka ka thelefono ka ho atlehileng. Qoba ho letsa hoseng haholo, bosiu haholo kapa linakong tsa lijo. U se lumelle thelefono ho lla ka makhetlo a mangata. Etsa hore mong’a ntlo a ikutloe hore u hlile ua mo thahasella ka ho mo kopanyelletsa puisanong. Sebelisa lebitso la hao la pele le sefane kenyelletsong ea hao, ’me u buisane le eena joalokaha eka le shebane mahlong. Sebelisa lebitso la mong’a ntlo ka linako tsohle puisanong.
Pele u ngolla batho ba thahasellang kapa ba bang ba neng ba le sieo lapeng ha u ne u etile, hlahloba Thuto 17 ea Buka ea Tataiso ea Sekolo. Etsa bonnete ba hore u ngola lebitso la hao le aterese. Maemong a mangata moo bahoeletsi ba sa kang ba etsa sena mangolo ana a ile a khutlisetsoa ho Mokhatlo. Ha u romela limakasine ka poso lebitso la hao le aterese le tsona li lokela ho ngoloa pampiring ea sekoahelo. Ka tloaelo batho ha ba ananele ho amohela mangolo ao ba sa tsebeng hore na a tsoa ho mang. Ka mehla ngola lengolo le lekhutšoaane la botsoalle joaloka hoja u buisana le motho eo le shebane mahlong.