Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 12/91 leq. 7
  • Litaba Tsa Puso ea Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litaba Tsa Puso ea Molimo
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1991
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Litaba Tsa Puso ea Molimo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
  • Litaba Tsa Puso ea Molimo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1990
  • Litaba Tsa Puso ea Molimo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
  • Litaba Tsa Puso ea Molimo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1991
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1991
km 12/91 leq. 7

Litaba Tsa Puso ea Molimo

Hong Kong: Le hoja ka July ho ne ho chesa haholo ho bile ho le lesoe, baena ba ile ba etsa boiteko bo babatsehang tšebeletsong ea tšimo. Ba bile le tlhōrō e ncha ea bahoeletsi ba 2305, ’me ha kolobetsoa ba 71.

Japane: Tlaleho ea bona ea kopano ea setereke ea 1991 e bontša tlhōrō ea ba bileng teng ba 289 206, ha kolobetsoa ba 4 851. Ba boetse ba finyella tlhōrō e ncha ea bahoeletsi ba 158 627 ka July, e leng keketseho ea 11 lekholong ho feta karolelano ea selemo se fetileng.

Myanmar: Ho sa tsotellehe likhohola tse ileng tsa baka tšenyo ka July, ba ile ba finyella tlhōrō e ncha ea bahoeletsi ba 1810.

Philippines: Nako le nako ho ntse ho fanoa ka liphallelo bakeng sa ho thusa ba hlokofalitsoeng ke ha Thaba ea Pinatubo e foqoha seretse se chesang. Morao tjena, lipula tsa litloebelele le seretse se phallang, kapa metsi a kopaneng le seretse a tsoang thabeng, li ile tsa baka mathata a tebileng ho baena ba neng ba sa angoa ke letho pejana. Baena ba ananela thuso e entsoeng ka liphallelo, joalokaha libakeng tse ling maemo a ne a ile a ba mabe ka September ho feta ha thaba e ne e qala ho foqoha seretse se chesang.

Afrika Boroa: Ho boetse ha neheloa Liholo tse ’nè tsa ’Muso ka October le November. Re thaba le baena ba Mothutlung e haufi le Brits, Umgababa e Lebōpong le ka Boroa ho Natala, Paballelo e haufi le Upington, le Knysna bao joale ba ka thabelang moea oa Liholo tsa bona tsa ’Muso.

◼ Likomiti tsa Kaho tsa Lebatooa li ’nile tsa potlakisa kaho ea Liholo tsa ’Muso Afrika Boroa. Merero e meng ea kaho e phethoa ka khoeli e le ’ngoe. Re thabela ho tlaleha hore ho ile ha phethoa Liholo tsa ’Muso tse 25 ka 1991. Liteboho tsa rōna tse tiileng li ea ho bohle ba ileng ba tela nako ea bona le matlotlo mosebetsing ona o motle o tlotlisang Jehova. Na ba bangata ba rōna re ka nka karolo ka 1992?

◼ Re atlehile ho romela litone tse 19 tsa lingoliloeng, lijo, le liaparo Angola ka teraka bofelong ba August. Thepa ena e ile ea isoa Lubango ho sa tsotellehe maemo a mabe a litsela libakeng tse ling. Re motlotlo ho tlaleha hore hona joale tšimo e ka boroa Angola e amohela limakasine ka mehla.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela