Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 12/91 leq. 8
  • Ho Nehelana ka Litaba Tse Molemo-Ha U le Phomolong

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Nehelana ka Litaba Tse Molemo-Ha U le Phomolong
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1991
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1991
km 12/91 leq. 8

Ho Nehelana ka Litaba Tse Molemo-Ha U le Phomolong

1 Hangata ka December le mathoasong a January re ba le nako e eketsehileng bakeng sa mesebetsi ea botho. Re lokela ho lokisetsa esale pele haeba re batla ho sebelisa nako ea rōna hore e re fe boikutlo ba hore re finyelletse ho hong. Re ka lokisetsa eng hona joale ho tiisa hore re tla sebelisa nako ea rōna hamolemo linthong tsa bomolimo?

2 Batho ba bangata ba thahasellang ba thabela melemo ea moea ea tokisetso ea rōna ea thuto ea lehae ea Bibele beke e ’ngoe le e ’ngoe. Hona joale ho khannoa lithuto tsa mahae tsa Bibele tse fetang 50000! Katleho ea lithuto tsena moeeng e itšetlehile haholo ka thuso eo li e fumanang ho rōna. Li tla hlohonolofala ha li ba teng kopanong ea setereke. Re ka li hlokomelisa melemo ea eona e mengata ea moea ’me ra li thusa litokisetsong tsa tsona tsa lipalangoang, mohlomong ra li memela ho tsamaea le rōna kapa le ba bang ba ka ’nang ba ba le sebaka makoloing a bona.

3 Ho ba teng likopanong ho bula menyetla e eketsehileng ea ho etsa bopaki bo sa reroang. Ho lokisetsa esale pele ho lokela ho kopanyelletsa ho nka likhatiso tsa morao-rao, ho kopanyelletsa le Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele. Re ka pakela batho ba sebetsang libakeng tseo ho tšeloang peterole ho tsona, lihoteleng, le matlong a ho jela, haesita le ho ba sebelisang lipalangoang tsa sechaba. Ena ke tsela e ntle ea ho thabela liphihlelo tse ngata.

4 Ka ho fapa-fapana, bacha ba matahanya December le karolo e qalang ea January le nako ea bona ea phomolo. Le hoja boikhathollo bo hahang bo le molemo, na nako ee ea bolokolohi e ka sebelisoa bakeng sa ho kopanela haholoanyane mosebetsing oa bopaki, o kang oa bopula-maliboho bo thusang? Batsoali ba ka qala hona joale ho thusa bana ba bona ho etsa litokisetso. Mohlomong bana ba tsoang malapeng a sa tšoaneng ba ka ngolisa ’me ba sebetsa ’moho joaloka sehlopha. Ba bang ba sa khoneng ho ngolisa ba ka loanela ho etsa ho eketsehileng, haholo-holo tšebeletsong ea har’a beke.

5 Ba bangata ba tla fumana phomolo mesebetsing ea bona ea boipheliso ’me ba tla be ba etela libakeng tse ling. Ho lokisetsa ho ba teng libokeng tsa liphutheho tse libakeng tseo le ho kopanela le tsona tšebeletsong ho ka fella ka ho khothatsana ho molemo. U ka ’na ua ea sebakeng seo ho nang le tšimo e sa sebetsoeng khafetsa, e leng ho tla u nolofaletsa hore u pakele batho ba utloang molaetsa oa ’Muso ka seoelo.

6 Bacha ba bangata ba sa tsoa qeta sekolong. Sena se etsa hore ba amehe ka ho teba ka lipakane tsa bona bophelong. Bacha ba lokisetsang bokamoso ba bona ba ikamahantse le lipakane tsa bomolimo ka sebele ba tla hlohonolofatsoa. (1 Joh. 2:15-17) Qeto ea ho kenela bopula-maliboho ba ka mehla e ka lebisa tseleng e khotsofatsang ea bophelo e akaretsang litokelo tse ngata tse khethehileng. Litokisetso tse re bolokang re tšoarehile tšebeletsong ea Jehova li tla tlisa melemo e tšoarellang ho rōna le ho ba bang.—1 Tim. 4:15, 16.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela