Sekolo sa Tšebeletso sa ’muso se Fana ka Thuto ea Bomolimo
Baholo ba na le mojaro o boima oa boikarabelo. Ho tloha ka 1959, ho ile ha etsoa litokisetso tsa “thupelo e khethehileng ea koetliso mosebetsing oa balebeli” e le ho ba thusa ho hlokomela kabelo ena e boima. (jp maq. 292-3; yb77 leq. 14) Bahlanka ba sebeletsang ba ile ba mengoa ho ba teng ka lekhetlo la pele ka 1984. Sekolo sa ho qetela sa Tšebeletso sa ’Muso se ile sa tšoaroa selemong sa tšebeletso sa 1988, ’me ba mashome a likete ba ile ba rua molemo.
Ho tloha ka nako eo, ho thehiloe liphutheho tse makholo ’me baena ba likete ba khethuoe joaloka baholo le bahlanka ba sebeletsang. Hape, ho ’nile ha etsoa liphetoho tabeng ea tlhophiso. Ka hona, Sehlopha se Busang se lokiselitse hore baholo bohle ba phutheho le bahlanka ba sebeletsang ba be teng Sekolong sa Tšebeletso sa ’Muso selemong sena sa tšebeletso. Thupelo ena e ncha e lokiselitsoe ho finyella litlhoko tse teng hona joale tšimong. Baemeli ba Bethele le balebeli ba bang ba tsamaeang ba tla etella pele ho ruteng sekolong. Ho tla hlokomeloa melemo liphuthehong tsohle ha baholo le bahlanka ba sebeletsang ba sebelisa seo ba ithutileng sona sekolong.