Ho Boloka Kutloano Pakeng tsa Baholo le Bahlanka ba Sebeletsang
KAPELE ka mor’a Pentekonta ea 33 C.E., ho ile ha hlaha boemo ba tšohanyetso phuthehong ea Bokreste e sa tsoa thehoa. Ho ne ho entsoe tokisetso ea ho hlokomela bahlolohali ba hlokang. Empa ka mor’a nakoana “ba-Juda ba ba-Gerike ba korotla ka ba-Juda ba ba-Heberu, ka ho re, basali ba bahlolohali ba bona ha ba hlokomeloe phepong ea letsatsi le leng le le leng.”—Liketso 6:1.
Lipelaelo tsena li ile tsa fihla litsebeng tsa baapostola. “Eaba ba leshome le metso e ’meli ba bitsa barutuoa bohle, ba re: Ha hoa tšoanela hore re lese ho bolela lentsoe la Molimo ka baka la ho aba lijo litafoleng. Ha ho le joalo, lōna banab’abo rōna, a le ke le khetheng banna ba supileng har’a lōna, e leng ba tšepjoang, ba tletseng Moea o Halalelang le hlalefo, bao re ka ba beang tšebeletsong eo.”—Liketso 6:2, 3.
Sena se totobatsa molao-motheo oa bohlokoa oa ho ba le tlhophiso ka hare ho phutheho ea Bokreste. Banna ba itseng ba nang le boikarabelo baa sebelisoa ho hlokomela litaba tse tloaelehileng tsa kamehla, ha ba bang ba hlokomela litaba tsa moea tse tebileng haholoanyane. Ho na le mohlala mabapi le sena. Iseraeleng ea boholo-holo, Aarone le litloholo tsa hae ba ne ba khethetsoe ho sebeletsa e le baprista bakeng sa ho etsa mahlabelo ho Molimo. Leha ho le joalo, Jehova o ile a laela hore Balevi ba ba thuse ka ho “boloka mesebetsi eohle ea tente ea pokano.” (Numere 3:5-10) Ka ho tšoanang, kajeno balebeli ba thusoa ke bahlanka ba sebeletsang.
Karolo ea Baholo le Bahlanka ba Sebeletsang
Mangolo a lokolisa litšoaneleho tse phahameng bakeng sa baholo hammoho le bahlanka ba sebeletsang. (1 Timothea 3:1-10, 12, 13; Tite 1:6-9) Ha ba hlōlisane empa ba sebeletsa pakane e tšoanang—ho hahuoa ha phutheho. (Bapisa le Ba-Efese 4:11-13.) Leha ho le joalo, ho na le phapang e itseng mesebetsing eo ba e etsang ka phuthehong. Ho 1 Petrose 5:2, balebeli baa bolelloa: “Alosang mohlape oa Molimo o ho lōna, le o lebele, e seng ka ho qophelloa, e mpe a be ka ho rata; e seng ka baka la moruo o mobe, e mpe e be ka ho rata.” Ba ikarabella ho Molimo bakeng sa kamoo ba tšoarang mosebetsi ona oa boikarabelo o halalelang.—Ba-Heberu 13:17.
Ho thoe’ng ka bahlanka ba sebeletsang? Mangolo haa hloke hore e be ba tšoanelehang bokhoning ba bona ba ho ruta. Mesebetsi ea bona e batla e fapane le ea baholo. Lekholong la pele la lilemo C.E., ha ho pelaelo hore ho ne ho e-na le lintho tse ngata tse bonahalang, tsa kamehla, kapa tse etsoang ka tloaelo feela tse neng li hlokoa ho eloa hloko, mohlomong ho akarelletsa le ho reka lintho tse hlokahalang bakeng sa ho kopitsa Mangolo kapa esita le ho kopitsa ka bohona.
Kajeno, bahlanka ba sebeletsang ba tsoela pele ho phethahatsa mesebetsi ea bohlokoa e sa tšoaneng ka hare ho phutheho, e kang ho hlokomela litlaleho tsa lichelete tsa phutheho le masimo, ho aba limakasine le libuka, le ho boloka Holo ea ’Muso e le boemong bo botle. Bahlanka ba sebeletsang ba bang ba nang le bokhoni ba ka ’na ba sebelisoa esita le ho ruteng, ka linako tse ling ho khanna Thuto ea Buka ea Phutheho, ho fana ka lipuo Libokeng tsa Tšebeletso, le ho fana ka lipuo tsa phatlalatsa.
Ha baholo le bahlanka ba sebeletsang ba sebetsa hammoho ka kutloano, litlhoko tsa phutheho—tsa moea hammoho le tsa tlhophiso—li hlokomeloa ka tsela e leka-lekaneng. Ka hona litho tsa phutheho lia thaba, li ba matla, le ho beha moeeng. Hopola seo Pauluse a ileng a se ngolla batlotsuoa Efese: “O bōpehileng hantle, o kopantsoeng hammoho [kutloanong, NW], ka likopano tsohle tse fepang litho tsohle, o nkang khōlo ho eena, ka matla a abeloang se seng le se seng sa tsona, o tle o hahuoe leratong.”—Ba-Efese 4:16.
Baholo le bahlanka ba sebeletsang ba tlameha ho phehella ho ntšetsa pele kutloano e tšoanang, e leng, ho lumellana, ho utloana, tšebelisano-’moho, le bonngoe. Leha ho le joalo, kutloano e joalo ha e itlise feela tjee. E tlameha ho hlaoleloa ’me e sireletsoe ka hloko.
Seo Baholo ba ka se Etsang
Mohato oa bohlokoa ke ho hlokomela hore kamano ea moholo le mohlanka ea sebeletsang ha e tšoane le ea monghali le lekhoba kapa mohiri le mohiruoa. Moo ho nang le kutloano ea ’nete, baholo ba talima bahlanka ba sebeletsang e le bahlanka ba Molimo hammoho le bona. (Bapisa le 1 Ba-Korinthe 3:6-9.) Ba-Roma 12:10 e re: “Le ’ne le beane pele ka hlomphano.” Ka hona baholo ba qoba ho tšoara bahlanka ba sebeletsang ka litsela tse ka ’nang tsa bonahala e le tse theolang boemong kapa tse nyenyefatsang. Ba ba khothaletsa ho nka bohato ba pele ka tsela e hlomphehang, ho e-na le ho ba hatella. Ho tšoara bahlanka ba sebeletsang ka tlhompho ho ba khothaletsa ho hlahisa litšoaneleho tse molemohali ka ho bona ’me ho ba thusa ho thabela mosebetsi oa bona phuthehong.
Baholo ba lokela ho hopola hore thomo ea bona ea ho lisa mohlape oa Molimo o tlhokomelong ea bona e akarelletsa le baena ba sebeletsang e le bahlanka ba sebeletsang. Ke ’nete hore banna ba nang le boikarabelo bo joalo ba lebeletsoe hore e be Bakreste ba hōlileng tsebong. Leha ho le joalo, joaloka mohlape oohle, ba hloka tlhokomelo ea botho nako le nako. Baholo ba lokela ho thahasella haholo khatelo-pele ea bona moeeng.
Ka mohlala, ha moapostola Pauluse a kopana le mohlankana Timothea, hang-hang o ile a lemoha tsebo eo Timothea a neng a ka e hōlisa ’me “a rata hoba a tsamaee le eena, a ba a mo nka.” (Liketso 16:3) Timothea o ile a sebeletsa e le motsoalle ea tsamaeang le Pauluse, ka hona a fumana koetliso ea bohlokoa ka ho fetisisa. Lilemo hamorao Pauluse o ne a ka ngolla Bakreste ba Korinthe hore: “Ke ka baka leo ke le rometseng Timothea, e leng mora oa ka ea ratoang, ea tšepehang Moreneng, hore a le hopotse lika tsa ka, ho Kreste”!—1 Ba-Korinthe 4:17.
Baholo, na le se le qalile ho sebelisa ka botlalo tsebo eo bahlanka ba sebeletsang ba ka e hōlisang phuthehong ea lōna? Na le ba thusa hore ba hatele pele ka ho ba neha koetliso ea botho bakeng sa ho bua phatlalatsa le ho etsa lipatlisiso tsa Bibele? Na le memetse ba tšoanelehang hore ba tsamaee le lōna ha le etsa maeto a bolisa? Na le sebetsa le bona tšebeletsong ea tšimo? Setšoantšong sa Jesu sa litalenta, monghali o ile a bolella bahlanka ba hae ba tšepahalang: “Ke hantle, mohlanka ea molemo, ea khabane.” (Mattheu 25:23) Na le lōna ka ho tšoanang ka bolokolohi le fana ka thoriso le pabatso ho bahlanka ba sebeletsang bao ka boikokobetso ba phethang likabelo tsa bona ka tsela e molemo? (Bapisa le Liproverbia 3:27.) Haeba ho se joalo, na ba ke ke ba ikutloa eka mosebetsi oa bona ha o ananeloe?
Ka ho tšoanang puisano ke ea bohlokoahali bakeng sa kamano ea ho sebetsa hammoho ka kutloano. (Bapisa le Liproverbia 15:22.) Mesebetsi ha ea lokela ho abjoa kapa ho tlosoa ho motho e mong ho itšetlehiloe ka khetho ea botho kapa hore ho etsoe ka tšohanyetso feela tjee. Ka thapelo baholo ba lokela ho buisana ka hore na ke joang bokhoni ba moena bo ka sebelisoang hamolemo ka phuthehong. (Bapisa le Mattheu 25:15.) Ha ho fanoa ka kabelo, moena o tlameha ho rupeloa hantle mabapi le hore na ho lebeletsoe eng ho eena. Liproverbia 11:14 ea lemosa: “Sechaba se lihuoa ke ho hloka likeletso.”
Hase bohlale ho bolella moena feela hore a nke lefapha la ho hlokomela lichelete, limakasine, kapa libuka ho mohlanka e mong. Ka linako tse ling mohlanka ea sa tsoa fuoa kabelo o ba le litlaleho tse ngata tse fosahetseng kapa tse sa fellang. Ke ho nyahamisang hakaakang! Ba-Korinthe ba Pele 14:40 e-ea laela: “Tsohle li etsoe ka tšoanelo le ka molao.” Baholo ba lokela ho nka bohato ba pele ba ho koetlisa baena, ba ba tloaetse mekhoa ea phutheho ea ho tsamaisa litaba ’me ba behe mohlala ka bobona ka ho latela mekhoa e joalo. Ka mohlala, baholo ba lokela ho lokisetsa hore kamehla ho hlahlojoe lichelete tsa phutheho ka mor’a likhoeli tse tharo. Ho hlokomoloha tokisetso ea bohlokoa joalo ho ka lebisa mathateng ’me ha fokolisa tlhompho eo bahlanka ba sebeletsang ba nang le eona bakeng sa litaelo tsa tlhophiso.
Empa ha re re mohlomong moena o bonahala a sa tsotelle ho hlokomela kabelo e itseng? Ho e-na le hore kapele-pele a tlosoe kabelong ea hae, baholo ba lokela ho buisana le eena ka taba eo. Mohlomong bothata ke ho haella ha koetliso. Haeba moena a ntse a e-na le mathata ka ho hlokomela kabelo ea hae, mohlomong o tla etsa hamolemo kabelong e ’ngoe.
Baholo ba ka boetse ba hōlisa kutloano ka ho bontša boikokobetso. Ba-Filippi 2:3 e khothaletsa Bakreste hore ‘ba se ke ba etsa letho ka khang, leha e le ka boithoriso ba lefeela, empa e mong le e mong, ka boikokobetso, a lekanye hobane ba bang ba mo fetisa.’ Ka hona moholo o lokela ho leka ho ba le tšebelisano-’moho haeba mohlokomeli a mo supisa ho lula sebakeng se itseng ka holong, a se behe lebaka la hore kaha ke moholo, ha ho hlokahale hore a mamele. Mohlomong mohlokomeli o mpa feela a latela tlhahiso ea hore motho a lule libakeng tse fapaneng tsa holo, le hoja a lokela ho hopola hore ha ho na molao oa hore bohle ba lokela ho etsa joalo.a Moholo o tla qoba hore ho sa hlokahale a hlokomolohe liqeto linthong tse abetsoeng mohlanka ea sebeletsang.
Bahlanka ba Sebeletsang ba Sebeletsa Kutloano
Moapostola Pauluse o hlokometse: “Ka ho tšoanang bahlanka ba sebeletsang ba lokela ho ba ba nkang litaba ka ho teba.” (1 Timothea 3:8, NW) Ha ba talima likabelo tsa bona ka ho teba—e le karolo ea tšebeletso ea bona e halalelang—ba tla thusa haholo ho thibela hore khohlano e be teng. Haeba u mohlanka ea sebeletsang, na u phetha mesebetsi ea hao ka cheseho? (Ba-Roma 12:7, 8) Na u ikitlaelitse e le hore u ka ba le tsebo ea ho hlokomela mesebetsi ea hao? Na u motho ea ka tšeptjoang le eo ho ka itšetlehoang ka eena? Na u bontša moea oa boithatelo mabapi le likabelo? Mohlanka ea sebeletsang naheng e ’ngoe ea Afrika o hlokomela likabelo tse tharo tse fapaneng ka phuthehong. Boikutlo ba hae ke bofe? O re: “Ho mpa ho bolela feela mosebetsi o mongata, ’me mosebetsi o mongata ha o u bolaee.” Ka sebele, ba itelang joalo ba nyakallela thabo e khōlō ka ho fetisisa.—Liketso 20:35.
Le uena ka ho tšoanang u ka etsa ho hongata ho hōlisa kutloano ka ho sebelisana ka botlalo le baholo. Ba-Heberu 13:17 e re: “Utloang balisa ba lona, ’me le ipee ka tlase ho bona, hobane bona ba falimehela meea ea lōna, etsoe ba tla e botsoa; ba utloeng, hore ba etse hona ka thabo, e seng ka hlomoho; hobane hoo ho ke ke ha le hlahisetsa molemo.” Ke ’nete hore baholo ke batho ba sa phethahalang, ’me ho ka ’na ha e-ba bonolo ho ba tšoaea liphoso. Empa ho ba le maikutlo a nyatsa-nyatsang ho tsoala lipelaelo. Ho ka u amoha thabo ea hao ’me ha ama ba bang hampe ka phuthehong. Ka hona moapostola Petrose o fane ka keletso ena: “Lōna ba bacha, ipeeng ka tlase ho ba baholo, ’me le apare boikokobetso, le ntse le ipea ka tlase ho e mong . . . Ka baka leo, le ke le ikokobetse ka tlas’a letsoho le matla la Molimo, o tle o le phahamise nakong e tšoanelang.”—1 Petrose 5:5, 6.
Ka ho khethehileng keletso e joalo ke e loketseng haeba u ikutloa hore ua hlokomolohuoa bakeng sa litokelo tsa tšebeletso. Mohlomong u ’nile ua “hahamalla tšebeletso ea molebeli‚” empa ha ua ka ua khethoa. (1 Timothea 3:1, NW) Boikokobetso bo ka u thusa ho ba le “boikutlo ba ho leta.” (Lillo tsa Jeremia 3:24, NW) Ho e-na le ho koetla lehloeo khahlanong le baholo—e leng hoo joang kapa joang ho tlang ho fokolisa likamano tse ntle tsa tšebetso ea hao—ba botse hore na ho na le libaka tseo u ka ’nang ua ntlafatsa ho tsona. Ntle ho pelaelo, boikemisetso ba hao ba sebele ba ho amohela keletso bo tla bonoa e le bopaki ba ho hōla ha hao moeeng.
Boikokobetso ba bomolimo le boinyenyefatso li ka thusa mohlanka ea sebeletsang ho boloka ho leka-lekana ha hae haeba a e-na le bokhoni bo ikhethang kapa menyetla ea thuto le maemo a bophelo. E ka ’na ea e-ba ho lekang hakaakang ho eena ho leka ho iphahamisetsa baholo kapa ho lebisa tlhokomelo bokhoning ba hae! Liproverbia 11:2 ea re hopotsa hore “bohlale bo ho ba ikokobelitseng.” Moena ea ikokobelitseng o hlokomela meeli ea hae. O ikemiselitse ho sebelisa phihlelo le bokhoni ba hae ka boikokobetso ho tšehetsa baholo. Boikokobetso le bona bo ka ’na ba mo thusa ho hlokomela hore le hoja a ka ba le tsebo e ngata ka tsela ea lefatše, o ntse a ka ’na a haelloa libakeng tsa bohlokoa tsa bohlale ba moea le temoho—e leng litšoaneleho tseo e ka ’nang eaba baholo ba etsa hantle ho tsona.—1 Ba-Korinthe 1:26–2:13; Ba-Filippi 1:9.
Ka ho hlakileng, baholo le bahlanka ba sebeletsang ba phetha likarolo tsa bohlokoahali. Ba le hammoho ba ka etsa ho hongata ho haha bohle ka phuthehong. Empa hore ba etse joalo, ba tlameha ho sebetsa hammoho ka kutloano, ‘ka boikokobetso bohle, le ka mosa, le ka sebete, ba ntse ba mamellana ka lerato. Ba tiee matla ho boloka bonngoe ba moea ka tlamo ea khotso.’—Ba-Efese 4:2, 3.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
[Litšoantšo tse leqepheng la 27]
Baholo ba talima bahlanka ba sebeletsang, e se batho ba sebetsang ka tlas’a bona, empa e le basebeletsi ba Molimo hammoho le bona