Baholo—Koetlisang ba Bang Hore ba Jare Moroalo
LIPHUTHEHONG tsa Lipaki tsa Jehova lefatšeng ka bophara, ho na le tlhokahalo e potlakileng ea banna ba ka sebeletsang e le balebeli. Ho na le mabaka a mararo a ka sehloohong a bakang tlhokahalo ena.
La pele, Jehova o phethahatsa tšepiso ea hae ea ho etsa hore “ea fokolang e be sechaba se matla.” (Esaia 60:22) Ka lebaka la mosa oa hae o sa tšoanelang, ho ile ha kolobetsoa barutuoa ba bacha ba ka bang milione hore e be Lipaki tsa Jehova lilemong tse tharo tse fetileng. Ho hlokahala banna ba nang le boikarabelo bakeng sa ho thusa bana ba qetang ho kolobetsoa ho hatela pele hore e be Bakreste ba hōlileng moeeng.—Baheberu 6:1.
La bobeli, ba bang ba sebelelitseng e le baholo ka lilemo tse ngata ba qobeletsoe ke botsofali kapa mathata a bophelo ba ’mele ho fokotsa boikarabelo boo ba nang le bona ka phuthehong.
La boraro, palo e khōlō ea baholo ba Bakreste ba chesehang e se e sebeletsa e le litho tsa Likomiti tsa Bohokahanyi le Lipetlele, Likomiti tsa Kaho ea Libaka kapa Likomiti tsa Liholo tsa Kopano. Mabakeng a mang ba ile ba lokela ho leka-lekanya boikarabelo ba bona ka hore ba tlohele bonyane bo bong ba boikarabelo boo ba neng ba bo jere ka har’a liphutheho tsa habo bona.
Tlhokahalo ee ea bohlokoa e potlakileng ea ho fumana banna ba eketsehileng ba tšoanelehang e ka finyelloa joang? Koetliso ke eona tharollo. Bibele e khothalletsa balebeli ba Bakreste ho koetlisa “banna ba tšepahalang, bao, le bona, e tla ba ba tšoanelehang ka ho lekaneng ho ruta ba bang.” (2 Timothea 2:2) Ho ea ka dikishinari, leetsi “ho koetlisa” le bolela “ho ruta ho fihlela ntho e loketse, e tšoaneleha kapa e e-na le phihlelo.” A re ke re nahaneng kamoo baholo ba ka koetlisang banna ba bang ba tšoanelehang kateng.
Etsisang Mohlala oa Jehova
Ka sebele Jesu Kreste o ne a ‘loketse, a tšoaneleha ebile a e-na le phihlelo’ mosebetsing oa hae—’me seo ha se makatse! O ne a koetlisitsoe ke Jehova Molimo ka boeena. Ke mabaka afe a ileng a etsa hore lenaneo lee la koetliso e be le atlehileng hakaale? Jesu o ile a bolela a mararo, joalokaha a tlalehiloe ho Johanne 5:20: “Ntate [1] o rata Mora ’me [2] o mo bontša lintho tsohle tseo a li etsang, ’me o tla mo bontša [3] mesebetsi e meholo ho ena.” Ho hlahlobisisa mabaka ana ho tla fana ka temohisiso tabeng ea ho koetlisa.
Hlokomela hore qalong Jesu o itse: “Ntate o rata Mora.” Ho tloha tšimolohong ea pōpo, Jehova o ne a atamelane haufi-ufi le Mora oa hae. Liproverbia 8:30 e re hlaha leseling ka botsoalle boo, e re: “Joale [’na Jesu] ke ile ka ba mabapa le eena [Jehova Molimo] ke le mosebetsi ea hloahloa, ’me ka ba eo a neng a mo rata ka ho khethehileng letsatsi le letsatsi, ke ntse ke nyakaletse ka pel’a hae ka nako eohle.” Jesu o ne a sa belaele hore Jehova o ne “a mo rata ka ho khethehileng.” ’Me Jesu ha aa ka a pata thabo eo a neng a e-na le eona ha a sebetsa mabapa le Ntat’ae. Ho hotle hakaakang ha mecha ea puisano e bulehile ebile ho e-na le botsoalle bo mofuthu pakeng tsa baholo ba Bakreste le bao ba ba koetlisang!
Lebaka la bobeli leo Jesu a ileng a le bolela ke hore Ntate “o mo bontša lintho tsohle tseo a li etsang.” Mantsoe ana a tiisa se boletsoeng ho Liproverbia 8:30, e leng hore Jesu o ne a le “mabapa” le Jehova ha ho ne ho bōptjoa bokahohle. (Genese 1:26) Baholo ba ka etsisa mohlala ona o babatsehang ka hore ba sebetse haufi-ufi le bahlanka ba sebeletsang, ba ba bontše kamoo ba ka phethang boikarabelo ba bona ka tsela e molemo kateng. Leha ho le joalo, hase bahlanka ba sebeletsang ba sa tsoa khethoa feela ba hlokang koetliso e tsoelang pele. Ho thoe’ng ka barab’abo rōna ba tšepahalang ba ’nileng ba hahamalla ho ba balebeli ka lilemo tse ngata empa ba e-s’o ka ba khethoa? (1 Timothea 3:1) Baholo ba lokela ho fana ka keletso e tobileng ho banna ba kang bana e le hore ba tle ba tsebe hore na ba lokela ho ntlafatsa hokae.
Ka mohlala, mohlanka ea sebeletsang e ka ’na ea e-ba motho ea tšepahalang, ea bolokang nako le ea phethang boikarabelo ba hae ka kelo-hloko. E ka ’na eaba o boetse o tseba ho ruta. E ka ’na eaba ke motho ea phethang mosebetsi hantle haholo ka har’a phutheho litšobotsing tse ngata. Leha ho le joalo, e ka ’na eaba ha a hlokomele hore ka linako tse ling ha a na kutloelo-bohloko ha a sebelisana le Bakreste-’moho le eena. Baholo ba lokela ho bontša “bonolo bo tsamaisanang le bohlale.” (Jakobo 3:13) Na e ne e ke ke ea e-ba ntho e mosa ha moholo a ne a ka buisana le mohlanka ea sebeletsang, a bolela bothata ka ho toba, a fana ka mehlala e tobileng, ’me a fana ka litlhahiso tse sebetsang bakeng sa ho ntlafatsa? Haeba moholo a fana ka keletso e ‘nōkiloeng ka letsoai’ ka hloko, ha ho pelaelo hore seo a se buang se tla amoheloa hantle. (Bakolose 4:6) Ke ’nete hore mohlanka ea sebeletsang o tla nolofalletsa moholo eo ho thabela mosebetsi oa hae haeba a lokolohile ebile a amohela keletso leha e le efe eo a e fumanang.—Pesaleme ea 141:5
Liphuthehong tse ling, baholo ba fa bahlanka ba sebeletsang koetliso e sebetsang, ea kamehla. Ka mohlala, ba tsamaea hammoho le bahlanka ba sebeletsang ba tšoanelehang ha ba etela ba kulang kapa ba hōlileng. Ka tsela ena, bahlanka ba sebeletsang ba ba le phihlelo mosebetsing oa bolisa. Ke ’nete hore ho na le ho hongata hoo mohlanka ea sebeletsang a ka ho etsang e le hore a ka ntšetsa pele khatelo-pele ea hae ea moea.—Bona lebokose le ka tlaase le nang le sehlooho se reng, “Seo Bahlanka ba Sebeletsang ba ka se Etsang.”
Lebaka la boraro le entseng hore koetliso ea Jesu e be e sebetsang hakana ke hobane Jehova o ile a mo koetlisa a nahanne ka tsoelo-pele ea nako e tlang. Jesu o ile a re Ntate o ne a tla bontša Mora “mesebetsi e meholo ho ena.” Phihlelo eo Jesu a ileng a ba le eona ha a le lefatšeng e ile ea mo nolofalletsa ho hlaolela litšoaneleho tseo a neng a tla li hloka ha a phetha likabelo nakong e tlang. (Baheberu 4:15; 5:8, 9) Ka mohlala, ke kabelo ea bohlokoa hakaakang eo Jesu a tla e fumana haufinyane—ea ho tsosa bafu le ho ahlola likete tsa limilione tsa batho ba shoeleng hona joale!—Johanne 5:21, 22.
Ha ba koetlisa bahlanka ba sebeletsang, baholo kajeno ba lokela ho nahanela litlhoko tsa nako e tlang. Le hoja ho ka bonahala eka ho na le baholo le bahlanka ba sebeletsang ba lekaneng bakeng sa ho hlokomela litlhoko tse teng hona joale, na ho tla lula ho ntse ho le joalo haeba ho ka ba le phutheho e ncha? Haeba ho ka ba le liphutheho tse ’maloa tse ncha? Lilemong tse tharo tse fetileng, ho bile le liphutheho tse ncha tse fetang 6 000 lefatšeng ka bophara. Ho hlokahala baholo le bahlanka ba sebeletsang ba bangata hakaakang bakeng sa ho hlokomela liphutheho tseo tse ncha!
Baholo, na le etsisa mohlala oa Jehova ka ho hlaolela botsoalle bo mofuthu ba motho ka mong le banna bao le ba koetlisang? Na le ba bontša kamoo ba lokelang ho etsa mosebetsi oa bona kateng? Na le ela hloko litlhoko tsa nako e tlang? Ho etsisa mohlala oa Jehova ha a ne a koetlisa Jesu ho tla fella ka litlhohonolofatso tse enneng ho ba bangata.
Le se Tšabe ho Aba Boikarabelo
Baholo ba nang le bokhoni ba tloaetseng ho jara mesebetsi e mengata e boima eo ba e abetsoeng ba ka ’na ba e-ba leqe ho abela ba bang boikarabelo. Mohlomong ba ile ba leka ho etsa joalo nakong e fetileng empa ba se khotsofalle liphello. Kahoo ba ka ba le boikutlo ba ho re, ‘Haeba u batla hore mosebetsi o itseng o etsoe hantle, u lokela ho iketsetsa oona ka bouena.’ Empa na boikutlo bo joalo bo lumellana le thato ea Jehova, joalokaha e hlalositsoe ka Mangolong, ea hore banna ba se nang phihlelo ba koetlisoe ke ba nang le phihlelo?—2 Timothea 2:2.
Moapostola Pauluse o ile a soaba ha e mong oa bo-mphato ba hae ba tsamaeang le eena, Johanne Mareka, a tlohela kabelo ea hae Pamfilia ’me a khutlela hae. (Liketso 15:38, 39) Ho sa tsotellehe seo, Pauluse ha aa ka a lumella bothatanyana boo ho mo nyahamisa hore a se hlole a koetlisa ba bang. O ile a khetha mor’abo e mong e monyenyane, Timothea, ’me a mo koetlisa mosebetsing oa boromuoa.a (Liketso 16:1-3) Ha ba le Berea, baromuoa ba ile ba thulana le khanyetso e bohale bo tšosang hoo Pauluse a ileng a lokela ho tloha sebakeng seo. Kahoo, o ile a tlohela phutheho e ncha matsohong a mor’abo e moholoanyane ea hōlileng moeeng, Silase, le Timothea. (Liketso 17:13-15) Ha ho pelaelo hore Timothea o ile a ithuta ho hongata ho Silase. Hamorao, ha Timothea a ne a se a loketse ho jara boikarabelo bo eketsehileng, Pauluse o ile a mo romela Thesalonika ho ea khothatsa phutheho ea sebakeng seo.—1 Bathesalonika 3:1-3.
Botsoalle bo pakeng tsa Pauluse le Timothea e ne e se bo kang bo bontšoang mosebetsing, bo se nang mofuthu kapa bo se nang kamano ea botho. Ba ne ba e-na le tlamahano e mofuthu. Ha a ngolla phutheho ea Korinthe, Pauluse o ile a bua ka Timothea, eo a neng a rerile ho mo romela sebakeng seo, e le ngoana oa hae “ea ratoang le ea tšepahalang Moreneng.” O ile a phaella ka ho re: “[Timothea] o tla le hopotsa mekhoa ea ka mabapi le Kreste Jesu.” (1 Bakorinthe 4:17) Timothea o ile a amohela koetliso eo Pauluse a ileng a mo fa eona, a tšoaneleha ho phetha likabelo tsa hae. Barab’abo rōna ba bangata ba bacha lilemong e se e le bahlanka ba sebeletsang, baholo esita le balebeli ba tsamaeang ba nang le bokhoni, hobane ba ruile molemo koetlisong eo ba e fumaneng ho baholo ba amehileng ba ileng ba ba thahasella e le kannete, joalokaha Pauluse a ile a etsa tabeng ea Timothea.
Baholo, Koetlisang ba Bang!
Ka ho hlakileng, boprofeta bo ho Esaia 60:22 bo ntse bo phethahala kajeno. Jehova o fetola ‘ea fokolang sechaba se matla.’ E le hore sechaba seo se lule se le “matla,” se lokela ho hlophisoa hantle. Baholo, ke hobane’ng ha le sa nahane ka litsela tseo ka tsona le ka koetlisang banna ba inehetseng, ba tšoanelehang, ka ho eketsehileng? Etsang bonnete ba hore mohlanka e mong le e mong ea sebeletsang o tseba hantle hore na ke hokae moo a lokelang ho ntlafatsa teng e le hore a ka hatela pele. ’Me lōna barab’abo rōna ba kolobelitsoeng, ithueleng molemo ka ho sebelisa monyetla ha le fuoa tlhokomelo leha e le efe ea botho. Sebelisang menyetla eo le e fumanang ea ho eketsa bokhoni ba lōna, tsebo le phihlelo. Ka sebele Jehova o tla hlohonolofatsa lenaneo le joalo la thuso e fanoang ka lerato.—Esaia 61:5.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Hamorao, Pauluse o ile a boela a sebetsa le Johanne Mareka.—Bakolose 4:10.
[Lebokose se leqepheng la 30]
Seo Bahlanka ba Sebeletsang ba ka se Etsang
Le hoja baholo ba lokela ho koetlisa bahlanka ba sebeletsang, ho na le ho hongata hoo bahlanka ba sebeletsang ba ka ho etsang ho eketsa khatelo-pele ea bona ea moea.
—Bahlanka ba sebeletsang ba lokela ho ba mafolofolo le ho tšepahala ha ba hlokomela likabelo tsa bona. Ba boetse ba lokela ho ba le mekhoa e metle ea ho ithuta. Ho isa tekanyong e khōlō, tsoelo-pele e itšetlehile ka ho ithuta le ho sebelisa lintho tseo motho a ithutileng tsona.
—Haeba mohlanka ea sebeletsang a lokisetsa ho fana ka puo sebokeng sa Bokreste, ha aa lokela ho tsilatsila ho kōpa moholo ea nang le bokhoni hore a mo fe litlhahiso mabapi le hore na a ka fana ka puo eo joang.
—Mohlanka ea sebeletsang a ka boela a kōpa moholo e mong ho ela hloko tsela eo a fanang ka puo ea Bibele ka eona le ho fana ka keletso moo ho hlokahalang hore a ntlafatse teng.
Bahlanka ba sebeletsang ba lokela ho batla keletso ho baholo, ho e amohela le ho e sebelisa. Ka tsela ena, tsoelo-pele ea bona e tla “bonahala ho batho bohle.”—1 Timothea 4:15.