Bopula-maliboho—Tšebeletso e Tlisang Meputso e Enneng
1 Jehova o batla hore re thabe ’me re rue molemo mosebetsing ’ohle o boima oo re o etsang. (Moek. 5:18, NW) Mosebetsi oa bohlokoa ka ho fetisisa oo re ka kopanelang ho ’ona ke mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso le ho etsa barutuoa. Pauluse o ile a khothatsa Timothea: “U etse mosebetsi oa ’moleli oa Evangeli, u phethisise tšebetso ea hao.” (2 Tim. 4:5) O ile a khothatsa Timothea, ’me mantsoe a Pauluse a re khothalletsa kaofela kajeno hore re kopanele ka sephefumolohi sohle tšebeletsong ea rōna. Ho ba bang, tšebeletso ea sephefumolohi sohle e ka ’na ea akarelletsa ho sebeletsa joaloka pula-maliboho ea ka mehla. Ke hobane’ng ha u sa nahanisise ka thapelo ho bona haeba maemo a hao a ka u lumella ho kenela tšebeletso ea nako e tletseng?
2 Ho Hlokahala Khato e Tiileng: Ho kenela mosebetsi oa bopula-maliboho ho re hloka hore re nke mehato e tiileng e tumellanong le lithapelo tsa rōna. Hlaolela takatso e tiileng tšebeletsong ea Jehova, hammoho le ho rata batho. Atolosa tšebetso ea hao tšimong, u eketse maeto a ho boela le lithuto tsa Bibele. Sebeletsa ho ba le kemiso e sebetsang; e-ba le pono ea sebele. Batla litlhahiso ho baholo le ho bo-pula-maliboho. Khomarela kemisong e reriloeng hantle bakeng sa ho kopanela mosebetsing oa ho bolela. Ho hlokahala boitšoaro, boikemisetso le boikitlaetso. (1 Ba-Kor. 9:23, 25, 27) Tsena li har’a mehato e tiileng e nkiloeng ke ba ka holimo ho 528 ba ileng ba ngolisetsa bopula-maliboho selemong se fetileng sa tšebeletso.
3 Ho ipehela lipakane tse tsitsitseng le ho hahamalla ho li finyella ho tla re thusa ho hatela pele boboleling ba rōna ha re ntse re ntlafatsa katleho ea rōna. Na re ka ntlafatsa likenyelletso tsa rōna ha re le matlung kapa ra ntlafatsa tsela eo re sebetsanang le likhanyetso ka eona? Na re sebelisa ka botlalo lingoliloeng tsohle tse teng? Na re khanna thuto ea Bibele e hatelang pele? Na hona joale re ka qalisa bopula-maliboho bo thusang ka morero oa ho nka bopula-maliboho ba ka mehla hamorao? Re tlameha ho ipehela lipakane tse sebetsang re itšetlehile ka seo re ka khonang ho se finyella. Ho finyella lipakane tse joalo ho tla ntlafatsa katleho ea rōna ’me ho re tlisetse khotsofalo e khōlō.—1 Tim. 4:15, 16.
4 Tsela e Putsang ea Bophelo: Ho kenela bopula-maliboho ka sepheo se setle le ka takatso ea ho hatela pele moeeng ho tlisa melemo e mengata. Re itšetleha ka Jehova haholoanyane. Tsebo e eketsehileng ea ho sebelisa Lentsoe la Molimo e tlisoa ke ho le sebelisa ka mehla tšebeletsong. Ho fanoa ka tšusumetso e hahang ka phuthehong, ’me ba bang ba ka ’na ba susumelletseha ho ba le karolo e khōloanyane tšebeletsong ka baka la mohlala oa rōna o bontšang cheseho. Bopula-maliboho bo ka re thusa ho fumana pono e khōloanyane ea moea bophelong ’me bo ka re sireletsa lipakaneng, litakatsong le setsoalleng sa lefatše.
5 Jesu o ile a bolella balateli ba hae: “Kotulo e kholo ruri, empa basebetsi ha ba bakae. Rapelang ke hona Morena oa kotulo, hore a romele basebetsi kotulong ea hae.” (Matt. 9:37, 38) Hona joale tlhokahalo ea basebetsi e khōloanyane ho feta mehleng ea Jesu. Bopula-maliboho bo re fa monyetla oa ho kopanela ka botlalo mosebetsing ona o potlakileng, o pholosang bophelo. Ha ho letho le ka bapisoang le khotsofalo e tlisoang ke ho sebelisa bophelo ba rōna tšebeletsong ea nako e tletseng ho ’Mōpi oa rōna e Moholo.—Liprov. 10:22.