Na U ka Kena ka “Monyako o Moholo o Isang Tšebetsong”?
1. Re bulehetsoe ke ‘monyako ofe o moholo o isang tšebetsong’?
1 Ha moapostola Pauluse a ne a buleheloa ke “monyako o moholo o isang tšebetsong,” ka cheseho o ile a sebelisa monyetla oo hore a ntšetse pele mesebetsi e amanang le ’Muso. (1 Bakor. 16:9) Kajeno bahoeletsi ba ’Muso ba ka bang 642 000 lefatšeng lohle, ba kene ka monyako oo oa tšebetso ka hore e be bo-pula-maliboho ba kamehla.
2. Ke hobane’ng ha ho le molemo hore nako le nako re hlahlobe boemo ba rōna?
2 Maemo aa Fetoha: Le hoja maemo a rōna hona joale a ka ’na a khina tšebetso ea rōna, empa maemo aa fetoha. Ka hona, ho molemo hore nako le nako re hlahlobisise boemo ba rōna ’me re se ke ra emela maemo ao re nkang hore a ke ke a re sitisa. (Moek. 11:4) Na u mocha ea mothating oa ho qeta sekolong se phahameng? Na u motsoali eo haufinyane bana ba hao ba tla qala ho ea sekolong? Na u haufi le ho beha meja fatše mosebetsing oa hao oa boipheliso? Liphetoho tse joalo li ka ’na tsa u fa nako e ngata ’me tsa u lumella ho kena tšebeletsong ea bopula-maliboho ba kamehla. Morali e mong oabo rōna ea neng a kile a kula haholo, o ile a etsa qeto ea ho nka bopula-maliboho a le lilemo li 89. Hobane’ng? Kaha ho ne ho se ho fetile selemo a sa ee sepetlele, o ne a nka hore bophelo ba hae bo ka mo lumella hore a bule maliboho.
3. Ba bang ba entse liphetoho life e le hore e be bo-pula-maliboho ba kamehla?
3 Qalong, Pauluse o ne a rerile ho etela barab’abo ba Korinthe. Leha ho le joalo, o ile a fetola seo a neng a rerile ho se etsa ka lebaka la litaba tse molemo. Kajeno ba bangata ba bulang maliboho, ba ile ba lokela ho etsa liphetoho tse ngata e le hore e be bo-pula-maliboho. Ba bang ba nolofalitse bophelo ba bona hoo ba iphelisang ka mosebetsi oa nakoana feela e le hore ba hlokomele litšenyehelo tsa bona tse fokolang tsa ho iphelisa. Ba thabisitsoe haholo ke tokelo eo ba nang le eona ea tšebeletso. (1 Tim. 6:6-8) Banyalani ba bang ba entse liphetoho tse ba lumellang hore ba phele ka moputso oa monna feela, ebe mosali o ba le monyetla oa ho bula maliboho.
4. Re ka etsa’ng haeba re sa lumele hantle hore re ka finyella lihora tse hlokahalang?
4 U se ke ua potlakela ho qhelela thōko maikutlo a hore u ka bula maliboho, hobane u tšaba hore u ke ke ua finyella lihora tse hlokahalang. Ka letsatsi, ho hlokahala lihora tse ka bang peli le halofo feela. Haeba u sa lumele hantle hore u ka atleha, leka ho ba pula-maliboho ea thusang ka khoeli e le ’ngoe kapa tse peli empa sepheo sa hao e le ho finyella lihora tse 70. Sena se tla etsa hore u latsoe thabo e tlisoang ke ho bula maliboho. (Pes. 34:8) Buisana le ba bulang maliboho hona joale. E ka ’na eaba ba hlōtse mathata a tšoanang le a hao. (Liprov. 15:22) Kōpa Jehova hore a hlohonolofatse boiteko ba hao ba ho atolosa tšebeletso ea hao.—1 Joh. 5:14.
5. Ke hobane’ng ha ho ba pula-maliboho oa kamehla e le pakane eo re lokelang ho phehella?
5 Pakane eo re Lokelang ho e Phehella: Ho sebetsa u le pula-maliboho ho u tlisetsa melemo e mangata. Ho etsa hore u be le thabo e khōlō e tlisoang ke ho fana haholo. (Lik. 20:35) Ho bula maliboho ho tla chorisa tsebo ea hao ea ho tšoara Lentsoe la Molimo la ’nete ka nepo. (2 Tim. 2:15) Ho tla u bulela menyetla e mengata ea ho bona kamoo Jehova a tšehetsang mosebetsi oa hao kateng. (Lik. 11:21; Bafil. 4:11-13) Ho bula maliboho ho tla boela ho u thuse hore u be le litšoaneleho tsa moea, tse kang mamello ’me ho tla u atametsa haufi le Jehova. (Jak. 4:8) Na u ka kena ka monyako oo o moholo oa tšebetso ’me u be pula-maliboho oa kamehla?