Na U Kile Ua ba Pula-maliboho oa Kamehla?
1. Ba bangata ba thabetse monyetla ofe o babatsehang, empa ba bang ba ile ba tlameha ho etsa’ng?
1 Ho theosa le lilemo, batho ba likete ba thabetse monyetla o babatsehang oa “ho ruta le ho bolela litaba tse molemo” e le basebeletsi ba nako e tletseng. (Lik. 5:42) Leha ho le joalo, ba bang ba ile ba tlameha ho khaotsa ho bula maliboho ka mabaka a sa tšoaneng. Haeba u kile ua ba pula-maliboho oa kamehla, na u hlahlobile maemo a hao a hona joale ho bona hore na u ka boela ua ba e mong oa bo-pula-maliboho?
2. Ke hobane’ng ha ba kileng ba bula maliboho ba lokela ho hlahloba maemo ao ba leng ho ’ona hona joale?
2 Maemo aa Fetoha: Ho ka etsahala hore ebe maemo a ileng a etsa hore u khaotse ho bula maliboho a fetohile. Ka mohlala, haeba u ile ua khaotsa ho ba pula-maliboho hobane u ne u sitoa ho finyella lihora tse 90 ka khoeli, na u ka boela ua ba pula-maliboho hona joale kaha lihora li se li theoletsoe ho 70? Na mabaka a ileng a etsa hore u khaotse ho bula maliboho a ile ka ’moho, ebang ke a neng a hloka hore u sebetse mosebetsi oa boipheliso kapa hore u phethe boikarabelo ba lelapa? Morali’abo rōna e mong ea ileng a khaotsa ho ba pula-maliboho ka lebaka la ho kula o ile a khona hore e boele e be pula-maliboho ha a le lilemo li 89. Ho ne ho fetile selemo a sa kene sepetlele, ’me a bona hore bophelo ba hae bo tla mo lumella hore a boele a bule maliboho.
3. Litho tsa lelapa li ka sebelisana joang hore li thuse setho se seng hore e be pula-maliboho?
3 Ho ka etsahala hore ebe ha u e-s’o bule maliboho, empa ho na le e mong ka lapeng ea khaolitseng ho bula maliboho e le hore a hlokomele setho se seng sa lelapa, se kang motsoali ea hōlileng. (1 Tim. 5:4, 8) Haeba ho joalo, na uena kapa ba bang ka lapeng, ho na le hoo le ka ho etsang ho mo thusa hore a boele a bule maliboho? Ke hobane’ng ha le sa buisane ka taba ee? (Liprov. 15:22) Ha litho tsa lelapa li sebelisana hore li thuse se seng ho bula maliboho, kaofela ha tsona li ka ba le boikutlo ba hore li kentse letsoho.
4. U ka etsa’ng haeba hona joale u sa khone ho boela u e-ba pula-maliboho?
4 U se ke ua nyahama haeba maemo ao u leng ho ’ona hona joale a sa u lumelle hore u boele u be pula-maliboho. Jehova oa thaba ha a bona hore u ikemiselitse ho ba pula-maliboho ha monyetla o hlaha. (2 Bakor. 8:12) Hona joale ha u phetha tšebeletso ea hao, sebelisa tsebo eo u e fumaneng ha u ne u le pula-maliboho. Rapella takatso eo ea hao ebe u falimehela menyetla ea ho fetola maemo a hao. (1 Joh. 5:14) Mohlomong ha nako e ntse e ea, Jehova o tla u bulela “monyako o moholo o isang tšebetsong” e le hore u ka boela ua thabela ho ba pula-maliboho oa kamehla.—1 Bakor. 16:9.