Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 8/94 leq. 7
  • Na U ka Boela Ua ba Maemong Ao?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U ka Boela Ua ba Maemong Ao?
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na U Kile Ua ba Pula-maliboho oa Kamehla?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2011
  • Tšebeletso ea Bopula-maliboho—Na e U Loketse?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
  • Bo-pula-maliboho Ba Fana ka Mahlohonolo Ebile Baa Amohela
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Ho Hlokahala Barab’abo Rōna ba Eketsehileng Tšebeletsong ea Bopula-maliboho
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
km 8/94 leq. 7

Na U ka Boela Ua ba Maemong Ao?

1 Lilemong tse hlano tse fetileng, bo-pula-maliboho ba kamehla ba likete ba ile ba fumana ho hlokahala hore ba tlohele boemo ba bopula-maliboho. Na u e mong ua bona? Haeba ho joalo, ha ho pelaelo hore u na le lebaka la ho tlohela tokelo ena. Mohlomong e ne e le ntho e sa lebelloang ’me u ke ke ua e laola. Na lebaka leo le sa le teng? Haeba bophelo, mathata a lichelete, kapa boikarabelo ba lelapa li ile tsa etsa hore ho hlokahale hore u khaotse, na maemo a hao a ntlafetse? Na u ka etsa liphetoho tse utloahalang tse ka u lumellang hore u thabele litlhohonolofatso tsa bopula-maliboho ba kamehla hape? Na u se u nahanne ho etsa kōpo hape?

2 Joalokaha u tseba, tlhophiso e molemo le ho etsa kemiso ka hloko lia hlokahala e le hore u atlehe joaloka pula-maliboho. Le hoja ka tloaelo pula-maliboho a se na nako e ngata ea boikhathollo, linako tse khutšoaane tsa phomolo hangata li ipaka li khotsofatsa haholoanyane ’me li putsa. (Liprov. 19:17; Lik. 20:35) Ka ho lula u tšoarehile tšebeletsong, u sireletsehile litšusumetsong tsa mokhoa oa bophelo oa ho ipatla, le oa bophelo ba boiketlo bo phehelloang ke lefatše. Jehova o tšepisa hore o tla u entša moeeng haeba u itela ’me u beha lithahasello tsa ’Muso pele. Ka sebele u tla fumana thabo ea ’nete le khotsofalo ka ho ba ka pelo eohle tšebeletsong ea Jehova.—Liprov. 10:22; Ba-Kol. 3:23, 24.

3 Na tšebeletso ea nako e tletseng e lokela ho nkoa e le tokelo e bulehetseng ba ’maloa feela ba khethehileng? Che. Ka lebaka la kano ea boinehelo ba rōna, Mokreste e mong le e mong o lokela ho nahana ka ho teba ka tšebeletso ea nako e tletseng ntle leha maemo a etsa hore e be ntho e ke keng ea etsahala.—Mar. 12:30.

4 Haeba bophelo ba hao le boikarabelo ba hao ba Mangolo ka ho hlakileng li sa u lumelle hore u be pula-maliboho hona joale, u ka kholiseha hore Jehova oa tseba ’me oa utloisisa. O tla u putsetsa botšepehi ba hao ho seo maemo a hao a u lumellang ho se etsa. (1 Ba-Kor. 4:2; 2 Ba-Kor. 8:12) Leha ho le joalo, haeba hona joale ho bonahala ho loketse hore u ka boela ua ba pula-maliboho, ke hobane’ng u sa atamele molebeli ea okamelang ’me u kōpe foromo?

5 Na Lelapa la Hao le ka Thusa? Mohlomong u tlohetse boemo boo hobane ho ne ho hlokahala hore u hlokomele boikarabelo ba lelapa. Na ho ka etsahala hore ebe litho tse ling tsa lelapa hona joale li boemong ba ho fana ka thuso e tla u nolofaletsa ho boela u kenela mosebetsi oa bopula-maliboho? Ho ba bang, ka thuso e nyenyane ea ho hlokomela boikarabelo bo itseng, ba ka boela ba khona ho ba bo-pula-maliboho.

6 Tšebelisano-’moho e ntle le boiteko bo fokolang bo eketsehileng ba litho tse ling tsa lelapa li ka etsa hore sena se etsahale. Thuso e ka fanoa ka tšehetso ea lichelete kapa sepalangoang, haesita le ho behelana linako tsa kamehla tsa ho sebetsa hammoho tšebeletsong. Ho ka etsahala hore ebe ho na le litsela tse ling tseo ba ka thusang ka tsona. Haeba maemo a sa u lumelle hore u boele u kenele tokelo ena ea tšebeletso hape, mohlomong tšehetso e joalo e ka fuoa setho se seng sa lelapa se ka khonang ho etsa joalo.

7 Ke hobane’ng ha le sa buisane ka taba ee le le lelapa? Litebello e ka ba tse ntle haeba le ho etsa morero o kopanetsoeng. Haeba ho ka ekeletsoa ka pula-maliboho e mong maemong ana, ka nepo lelapa lohle le ka ikutloa hore le na le karolo. Moea o joalo oa ho fana ka seatla se bulehileng o tla ekeletsa eseng feela bopaking ba ’Muso tšimong empa hape o tla kopanya lelapa hammoho moeeng.—Luka 6:38; Ba-Fil. 2:2-4.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela