Litsebiso
◼ Lingoliloeng tse tla sebelisoa ka August: Leha e le efe ea libukana tse latelang tse lekanang le makasine tse maqephe a 32 e ka sebelisoa ka monehelo oa lisente tse 90 e le ’ngoe: “Bonang, Ntho Tsohle ke li Etsa tse Ncha,” Lebitso la Molimo Le tla ’Ne le be Teng Ka ho sa Feleng, Morero oa Bophelo ke Eng—U ka U Fumana Joang?, ’Muso O Tla Tlisa Paradeise, Na Ruri Molimo oa re Tsotella?, Na u Lokela ho Lumela Boraro-bo-Bong?, le Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng! September: U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng ka monehelo oa R9,00. Libuka tse nyenyane ke R4,50. October: Lipeeletso tsa Molula-Qhooa kapa Tsoha! ka poso ka monehelo oa R30,00 bakeng sa likhatiso tse tsoang habeli ka khoeli. Peeletso ea selemo se le seng bakeng sa likhatiso tse tsoang hanngoe ka khoeli kapa peeletso ea likhoeli tse tšeletseng bakeng sa likhatiso tse tsoang habeli ka khoeli ke R15,00. Lipeeletso tsa Club ke R19,00 le R9,50 ka ho latellana. November: Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho? ka monehelo oa R3,00.
◼ Phutheho ka ’ngoe e tla amohela liforomo tse tharo tsa Leqephe la ho Tlatsa Manane a Libuka (S-AB-18). Mongoli oa phutheho o lokela ho teana le mohlanka oa libuka mathoasong a August ’me a behe letsatsi la ho tlatsa lenane la lingoliloeng tsa phutheho tse leng setokong bofelong ba khoeli. Ho lokela ho baloe ka ho toba lenane la lingoliloeng tsohle tse leng setokong, ’me kakaretso e tlatsoe foromong ea Leqephe la ho Tlatsa Manane a Libuka. Kakaretso ea limakasine tse leng teng e ka fumanoa ho mohlanka oa limakasine. Ka kōpo romelang leqephe la “original” ho Mokhatlo pele ho la 6 September. Ipolokeleng kopi ea carbon lifaeleng tsa lōna. Le ka sebelisa kopi ea boraro e le eo le sebeletsang ho eona. Leqephe lena la ho tlatsa manane le lokela ho tlatsoa tlas’a bolebeli ba mongoli, ’me foromo e tlatsitsoeng e lokela ho hlahlojoa ke molebeli ea okamelang. Mongoli le molebeli ea okamelang ba tla tlatsa foromo eo.
◼ Bahoeletsi ba rerileng ho qala tšebeletso ea bopula-maliboho ba kamehla ka la 1 September, 1994, ba lokela ho etsa kōpo hang-hang.
◼ Mongoli oa phutheho o tla bokella litlaleho tsa tšebeletso bakeng sa ho tlatsa foromo ea Tlhahlobo ea Peho ea Phutheho (S-10). O tla boetse a fana ka litaelo ka hloko ho moholo leha e le ofe kapa mohlanka ea sebeletsang ea tla beng a mo thusa ho bokella tlaleho eo. Sena se tla tiisa hore ho entsoe lethathamo le nepahetseng la boitsebiso bo hlokahalang likareteng tsa Tlaleho ea Mohoeletsi ea Phutheho (S-21). Foromo ea Tlhahlobo ea Peho ea Phutheho (S-10) e lokela ho tlatsoa ka nepo le ka makhethe ’me e hlahlojoe ka hloko ke komiti ea tšebeletso.
◼ Libeche tsa kopano ea setereke ea 1994 li lokela ho odoroa ’me li tla lefisoa molatong oa phutheho oa libuka ka lisente tse supileng e le ’ngoe. Liphutheho tse se nang molato le Mokhatlo, kapa tse nang le khaello ea chelete molatong oa tsona li lokela ho romella chelete hammoho le odoro ea tsona. Ka kōpo odorang ka lihlopha tsa libeche tse 20 haeba ho khoneha. Libeche li fumaneha ka Seafrikanse, Senyesemane, Sepotoketsi, Sesotho, Sexhosa, le Sezulu. Ka kōpo romellang odoro ea lōna le sebelisa foromo e tloaelehileng ea Literature Order (S-AB-14). Liodoro tsena li lokela ho fihla ho Mokhatlo pele ho la 1 November, 1994. Ka mor’a mona re ke ke ra romella liodoro bakeng sa libeche.
◼ Liphutheho li hopotsoa ho odora liforomo tse lekaneng bakeng sa selemo sa tšebeletso sa 1995. Liforomo tsena ha lia lokela ho sebelisoa hampe; li lokela ho sebelisetsoa morero oo li o etselitsoeng feela.
◼ Ka la 26 le la 27 August Mokhatlo o tla hlahloba manane a libuka tsohle tse Bethele. Ka lebaka la ho hlahlobjoa hona ha manane, ha ho likōpo tsa libuka tsa phutheho tse tla romeloa kapa tse tla tla li latoa matsatsing ana.
◼ Lik’hasete tse Ncha tsa Audio tse Fumanehang:
Senyesemane: The Greatest Man Who Ever Lived (sete ea lik’hasete tse robeli tsa audio ka albamong; phutheho le batho bohle: R57,00; bo-pula-maliboho: R47,00). Sesotho: Kingdom Songs No. 2 (phutheho le batho bohle: R7,50; bo-pula-maliboho: R6,50).