Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 8/94 leq. 5
  • Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
km 8/94 leq. 5

Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo

Tlhahlobo ea buka e koetsoeng boitsebisong bo akarelitsoeng likabelong tsa Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo bakeng sa libeke tsa May 2 ho ea ho August 22,1994. Sebelisa pampiri e ka thōko bakeng sa ho ngola likarabo tsa lipotso tse ngata kamoo u ka khonang ka nako e fanoeng.

[Tlhokomeliso: Nakong ea tlhahlobo, ho ka sebelisoa Bibele feela ho araba potso leha e le efe. Litšupiso tse latelang lipotso ke tsa hore u iketsetse lipatlisiso. Linomoro tsa leqephe le serapa li ke ke tsa hlahella litšupisong tsohle tsa Molula-Qhooa.]

Araba polelo ka ’ngoe ho tse latelang ka ’Nete kapa Bohata:

1. Lentsoe “Seʹlah,” le hlahang ka makhetlo a 71 bukeng ea Lipesaleme, ha ho hlokahale hore le bitsoe ha ho baloa. [siSU leq. 101 ser. 5]

2. Ho latela Pesaleme ea 15:4, haeba Mokreste a fumana hore o tšepisitse ho etsa ntho e sa lumellaneng le mangolo, o ntse a lokela ho e etsa. [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w89-SU 9/15 maq. 28-9.]

3. Buka ea Jobo e paka hore hase Molimo ea etsang hore batho ba utloe bohloko, ba kule, ’me ba shoe. [si-SU leq. 100 ser. 42]

4. Mokhoa oa Jesu oa bophelo o pakile hore Adama a ka be a bolokile botšepehi bo phethahetseng haeba a ne a batla le hore ho ne ho se phoso mosebetsing oa Molimo oa pōpo. [uw-SU leq. 52 ser. 11]

5. Mohlanka ea hlalositsoeng ho Luka 19: 20-24, ea ileng a fuoa mina e le ’ngoe ’me a e pata a e phuthetse ka lesela, o ne a le molato oa sebe sa ho se tsotelle. [gt-SU khao. 100]

6. Ka ho sebetsa ka thata le ho inehela ka ho feletseng ho Molimo, Mokreste oa ’nete a ka iphumanela tokelo ea bophelo bo sa feleng. [uw-SU leq. 36 ser. 13]

7. Ba-Korinthe ba Pele 2:9 e bua ka Paradeise e tlang ea lefatšeng. [uw-SU leq. 26 ser. 12 (3); bona w85-SU 9/15 leq. 30.]

8. Re ke ke ra nka boitšoaro bo bontšang ho hloka botšepehi e se ntho ea bohlokoa, esita le hoja bo tloaelehile lefatšeng. [uw-SU leq. 53 ser. 13]

9. Pesaleme ea 49:15 ke pontšo ea tumelo tšepong ea tsoho. [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w89-SU 3/1 leq. 22 ser. 13.]

10. Ka linako tse ling khoheli ea ho kopanela boitšoarong ba lefatše e hlaha ho motho e mong ea ipolelang hore o sebeletsa Jehova. [uw-SU leq. 43 ser. 11]

Araba lipotso tse latelang:

11. Pesaleme ke eng? [si-SU leq. 101 ser. 2]

12. Pesaleme ea 27:10 e re fa tiiso efe e hlollang? [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w92-SU 3/15 leq. 22 ser. 17.]

13. Pesaleme ea 10:13 e senola pono efe e fosahetseng eo bafosi ba sa bontšeng pako ba nang le eona? [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w91-SU 11/1 leq. 6.]

14. Ho latela Exoda 9:15, 16, ke eng se ileng sa finyelloa ke tsela eo Jehova a ileng a sebelisana le Faro ka eona? [uw-SU leq. 57 lir. 6, 7]

15. Bolela lintlha tse peli tseo ka tsona re ka hlahlobang ka tsela e molemo seo re se balang Bibeleng. [uw-SU leq. 27]

16. Taelo e reng “akang Mora” e bolela’ng joalokaha e boletsoe ho Pesaleme ea 2:12? [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w86-SU 8/15 leq. 20.]

17. Ke tokoloho ea mofuta ofe eo Jesu a neng a bua ka eona ho Johanne 8:32? [uw-SU leq. 40 ser. 6]

18. Ke mang ea tšoantšetsoang ke “mosali” ho Genese 3:15? [uw-SU leq. 30 ser. 3]

19. Ke hobane’ng ha Davida ho Pesaleme ea 51:4 a ka re ho Jehova, “Ke sitetsoe uena, uena u inotši,” empa a ne a tseba hore liketso tsa hae tsa boetsalibe e ne e le litlōlo khahlanong le batho ba bang? [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w93-SU 3/15 leq. 11 ser. 13.]

20. “Manyala a bofeliso” e ne e le eng lekholong la pele la lilemo, hona ke eng kajeno? (Matt. 24:15) [gt-SU khao. 111]

Fana ka lentsoe kapa poleloana e hlokahalang ho qetela polelo ka ’ngoe ho tse latelang:

21. Ho Jobo 40:15, ka ho hlakileng “Behemothe“ e bolela __, ’me ho Jobo 41:1, “Leviathane” ka nepo e tšoanela ․․․․․․․ [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona it-1 leq. 280 le it-2 leq. 240.]

22. Lentsoe la Jehova le ile la utloahala ka ho toba ha Jesu a__, nakong ea ․․․․․․․, le ka Nisane 10, 33 C.E., ha a rapela Ntate oa hae__ e Jerusalema. [gt-SU khao. 104]

23. Bafarisi ba ne ba okola ․․․․․․․ veineng ea bona hobane e ne e sa hloeka ho latela litšebeletso, leha ho le joalo ba ne ba hlokomoloha toka, mohau, le botšepehi, e leng se neng se tšoana le ho metsa ․․․․․․․, eo le eona e leng phoofolo e neng e sa hloeka litšebeletsong. [gt-SU khao. 109]

24. Kaha Satane o ile a sebelisa leshano ho isa batsoali ba rōna ba pele sebeng, Jesu o ile a mo bitsa “․․․․․․․” [uw-SU leq. 53 ser. 13 (1)]

25. Jesu ke Mora ․․․․․․․ oa Molimo hobane ke eena feela ea ileng a bōptjoa ke Jehova feela. [uw-SU leq. 29 ser. 1]

Khetha karabo e nepahetseng polelong ka ’ngoe ho tse latelang:

26. Jobo o ile a bona Molimo, joalokaha ho tlalehiloe ho Jobo 42:5, ka moelelo oa hore (o bile le pono ea Molimo a le sefefong; o bone lengeloi le hlaha ka pel’a hae; o tsebile Jehova haufi-ufi). [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w88-SU 8/15 leq. 12 ser. 11.]

27. Mosali eo Jesu a buileng ka eena ho Mattheu 26:13 e ne e le (Maria, khaitseli ea Lazaro; Maria, mosali oa Kleopa; Maria Magdalena). [gt-SU khao. 101]

28. Metheo e helehileng, joalokaha ho tlalehiloe ho Pesaleme ea 11:3, e bolela (metheo ea tempele e Jerusalema; Jesu Kreste e le Lejoe la Motheo; metheo eo mokhatlo oa batho o itšetlehileng ka eona, joaloka toka, molao, le taolo). [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w86-SU 8/15 leq. 20.]

29. Jesu o ile a bitsa baapostola (Petrose le Andrease; Filippi le Bartholome; Jakobo le Johanne) “Bara ba Sealuma” ka lebaka la boikutlo ba bona bo chesang joaloka mollo. [gt-SU khao. 98]

30. Tseko e khōlō eo Satane a ileng a e phahamisa ha a ne a phephetsa tokelo ea Molimo ea ho busa le tsela ea Hae ea ho busa ha e le hantle e ne e ama (litokelo tsa botho; taba ea hore na ke mang ea matla ka ho fetisisa; bobusi ba Molimo ba bokahohle). [uw-SU leq. 46 ser. 1]

Bapisa mangolo a latelang le lipolelo tse thathamisitsoeng ka tlaase:

Gen. 3:1-5; Pes. 24:1; Lik. 8:32-38; Ba-Heb. 10:26, 27; 1 Pet. 4:3, 4

31. Ho hlokomela hore motho le lefatše ke pōpo ea Molimo le hore tsohle ke tsa Jehova ho lokela ho re thusa hore re ikokobetse ’me re bontše kutlo. [uw-SU leq. 39 ser. 4]

32. Re lokela ho ba seli haholo hore re qobe ho ba le mokhoa oa ho etsa ntho leha e le efe e sa thabiseng Jehova. [uw-SU leq. 33 ser. 8(3) le 8(4)]

33. Tsebo e nepahetseng ea Bibele le kananelo bakeng sa molaetsa oa eona e susumetsa batho ba kang linku hore ba kolobetsoe. [uw-SU leq. 32 ser. 7]

34. Esita leha u ka sebetsa le ba sa lumelang kapa ua kena sekolo le bona, u bontša hore ha u ba khethe e le metsoalle ka ho qoba botsoalle bohle bo sa hlokahaleng le bona. [uw-SU leq. 44 ser. 13]

35. Ke habohlokoa hore re qobe mokhoa oa ho nahana oa lefatše o susumelletsang batho hore ba lumele hore ba amohuoa ntho e ’ngoe haeba ba ke ke ba ipehela litekanyetso bophelong. [uw-SU leq. 46 ser. 1]

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela