Ke Hobane’ng ha U Batla ho Fana ka Puo ea Bibele?
JESU KRESTE hangata o ne a bua le matšoele-tšoele a batho, ’me ka sebele e ne e le sebui se hloahloa. Ha e le hantle, hoba Jesu a qetelle Thuto ea hae ea Thabeng e tummeng haholo, “matšoele a tsota thuto ea hae.” (Mattheu 7:28) Ha ho pelaelo hore Mora oa Molimo o ne a e-na le boikutlo bo phahameng ka ho fetisisa le hore lipuo tsa hae tsa phatlalatsa li ne li tlotlisa Ntate oa hae oa leholimo.—Bapisa Johanne 12:46-50.
Ho bua phatlalatsa e ne e boetse e le tsela e ’ngoe ea ho hasa litaba tse molemo ho entsoeng ke balateli ba Jesu lekholong la pele la lilemo la Mehla e Tloaelehileng ea rōna. Ka mohlala, Korinthe moapostola Pauluse “ka matsatsi ’ohle a sabbatha, o na a bolela litaba synagogeng, a kholisa ba-Jode le ba-Gerike.” (Liketso 18:1, 4) Ho feta moo, Pauluse o ile a khothatsa mosebetsi-’moho le eena Timothea ka mantsoe ana: “U ineele ho bala, le ho khothatsa, le ho ruta, ke be ke fihle.” (1 Timothea 4:13) Ka hona ho bala phatlalatsa le ho bua phatlalatsa, ka sepheo se hlomphehang, ka sebele li ne li e-na le sebaka sa tsona har’a bahlanka ba tšepahalang ba Jehova ba lekholong la pele la lilemo.
Empa, ho hlokahala masene. Ha Heroda, a apere kobo ea borena, a qala ho bua le sechaba, batho ba bokaneng ba qala ho hoelehetsa: “Lentsoe leo ke la Molimo, e seng la motho.” Hang feela lengeloi la Jehova la otla Heroda. Hobane’ng? “Kahobane ha a ka a busetsa letlōtlo ho Molimo.”—Liketso 12:21-23.
Ho Hlokahala Boikutlo bo Nepahetseng ba Kelello
Kajeno, ho fana ka puo ea Bibele ea phatlalatsa ka sebele ke tokelo e lakatsehang haholo e fuoang banna ba hōlileng tsebong ba Bakreste. Leha ho le joalo, mosebeletsi e mong le e mong o tla etsa hantle ho hlahloba pelo ea hae mabapi le sepheo sa hae. (Genese 8:21; Jeremia 17:9) Na o susumelitsoe ke takatso ea ho tlotlisa Molimo le ho ruisa balumeli hammoho le eena le ba bang molemo? Kapa na o lakatsa ho fana ka lipuo tse joalo tsa Bibele ka baka la botumo bo tsamaeang le ho bua phatlalatsa le takatso ea hae ea ho tuma?
Sepheo se setle se tla iponahatsa ka litsela tse sa tšoaneng. Ka lebaka le le leng, se tla re etsa hore re hlokomele hore ke ka thuso ea moea oa Jehova feela re ka bontšang tlhompho e loketseng ea ho bua ’nete ea Molimo sethalleng. Ka hona, re tla ba le boikutlo bo tšoanang le ba moapostola Petrose, ea itseng: “E mong ha a bua, a ee ka lipolelo tsa Molimo; e mong ha a sebeletsa ba bang, a etse ka matla a hlahisoang ke Molimo, hore Molimo o tlotlisoe nthong tsohle ka Jesu Kreste.”—1 Petrose 4:11.
Lerato e tlameha ho ba lebaka le ka sehloohong bakeng sa ho rata ho fana ka puo ea Bibele. Pele ho tsohle, re tlameha ho rata Jehova Molimo, re lakatse ho mo tlisetsa tlotliso ’me re kopanele ho halaletseng lebitso le halalelang la hae. Hape, sepheo sa rōna se lokela ho akarelletsa lerato ho bamameli ba rōna, takatso ea sebele ea ho ba laea le ho ba susumelletsa “liketsong tse halalelang tsa borapeli.”—2 Petrose 3:11.
Hape takatso e tiileng ea ho haha balumeli ’moho le rōna le ba bang e lokela ho ba sepheo sa rōna bakeng sa ho fana ka puo ea phatlalatsa. Hona ho tla re thibela ho leka ho bolella bamameli ba rōna feela seo ba batlang ho se utloa se “natefelang litsebe tsa bona.” (2 Timothea 4:3, Testamente e Ncha le Lipesalema) Takatso ea ho haha ba bang moeeng e tla boetse e re susumelletsa ho qoba ho bolela metlae kapa ho bua lintho tse ling tse tlang ho tšehisa bamameli ba rōna feela kapa ho ba qabola. Leha e le hore re tla sebelisa lipuo tse monate kapa ho bontša bohlale ba lefatše ka boiteko ba ho khahla bamameli ba rōna. Ho e-na le hoo, haeba re e-na le boikutlo bo nepahetseng ba ho bua phatlalatsa re tla latela mohlala oa moapostola Pauluse, ea ileng a ‘bonahatsa moea le matla; hore tumelo ea bamameli ba hae e se ke ea theoa bohlaleng ba batho empa e theoe matleng a Molimo.’—1 Ba-Korinthe 2:3-5.
Lintlha tse Tharo tsa Motheo
Ho fana ka puo ea phatlalatsa ea Bibele ke taba ea kelello le pelo. Ka hona, libui tsa Bakreste ha lia tlameha ho ba le boikutlo bo nepahetseng feela empa hape li be le ntho e ’ngoe e molemo eo li e buang. Hona ho hloka hore li nahane ka lintlha tse tharo tsa motheo. Tsena ke Mangolo, lintlha, le ho utloahala hoa tsona.
Ea pele, ho tlameha ho hopoloa hore boima ba puo ea phatlalatsa ea Bibele ka ho hlakileng bo tlameha ho jaroa ke mangolo a sebelisoang ke sebui. Haeba u filoe tokelo ea ho fana ka puo e joalo, u lokela ho tseba taba ea hao hantle ’me u khone ho qotsa mangolo, u a bala hantle le ho a sebelisa ka nepo. Ka letsatsi la Pentekonta ea 33 C.E., moapostola Petrose khafetsa o ile a bua ka mangolo a tšehetsang lipolelo tsa hae. (Liketso 2:14-41) Baberea ba ile ba khotsofala hore e be Pauluse o theile lipolelo tsa hae motheong o tiileng oa mangolo. (Liketso 17:10, 11) Le Apollose o ile a “bontša ka Mangolo hore Jesu ke Kreste,” Messia ea neng a lebelletsoe ka nako e telele.—Liketso 18:28.
Ha e le hantle, motheo oa Mangolo bakeng sa puo ea phatlalatsa o fanoa ke kemiso e fanoeng ke Watch Tower Society. Empa leha ho le joalo, sebui se ka sebelisa mangolo a ekelletsang kapa a tšoanang, hafeela a e-na le tšebetso e tšoanang ’me hona ho sa etsoe ka ho feteletseng. Ntlheng ena, mosebeletsi oa Mokreste o tlameha hore ka hloko a tsoele pele le leseli le ntseng le eketseha la moea. Ka mohlala, sebui se ka ’na sa sebelisa 1 Ba-Korinthe 2:9 ka phoso bakeng sa paradeise ea kamoso ea lefatšeng, ha se potolohileng taba (litemana 7 le 10) li bontša hore e sebetsa linthong tse tebileng tsa bohlale ba Molimo.
Ea bobeli, ke taba ea lintlha tse sebelisoang ho tšehetsa lipolelo tse boletsoeng ke sebui sa phatlalatsa. Ho lokela ho hlokomeloe hore lintlha tse beiloeng ha li meme lipotso kapa phephetso e tobileng. Haholo-holo ke hoa bohlokoa ho hlokomela haeba ntlha e bonahala e le e amang maikutlo. Ke bohlale—ebile ke hoa bohlokoa—ho etsa bonnete ba hore seo se boleloang e hlile ke sa ’nete. Ka lebaka lena, kamehla ke ho molemohali ho bua ka mehloli e tšepahalang ea boitsebiso ebang ho ka belaelloa lipolelo tse itseng tse phahamisitsoeng. Ka letsatsi la Pentekonta, Petrose o ile a supa lintlha tse tsebahalang. Le moapostola Pauluse o ile a etsa ka ho tšoanang Areopago, kapa Leralleng la Mars, Athene.—Liketso 2:22; 17:22, 23, 28.
Ea boraro, ha ho na moeli oa ho utloahala hoa puo. Sebui sa Mokreste sa phatlalatsa se hloka ho beelana mabaka le bamameli ba sona. Kahoo re bala hore Pauluse “o na a fetolana synagogeng le ba-Jode le ba tšabang Molimo, a etsa joalo le ka khotla ka matsatsi ’ohle le bao a neng a teana le bona teng.” (Liketso 17:17) Puong ea phatlalatsa ho beelana mabaka ho lokela ho utloahala, ho be bonolo, ho hlake, ho latellehe habonolo. Ntlheng ena ho ka thusang haholo ke ho sebelisa lihokelo tse bontšang ho amana pakeng tsa se builoeng le se tlang ho latela.
Joale, haeba u filoe tokelo ea ho bua phatlalatsa, eba le bonnete ba hore u na le boikutlo bo nepahetseng ba kelello mabapi le ho fana ka puo ea Bibele. U be le lerato pelong ea hao bakeng sa ’Mōpi oa hao le bakeng sa batho ba bang. Bokella le ho fana ka mangolo le lintlha ka mokhoa o utloahalang. Joale maele ana a tla sebetsa ho uena: “Molomo oa ea bohlale oa thoba.” (Liproverbia 12:18) Ho feta moo, ho fana ka lipuo tsa Bibele tse hlomphang Molimo ke tsela e ’ngoe ea ‘ho ipholosa le ho pholosa ba u utloang.’—1 Timothea 4:16.